Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/95 leq. 3
  • E-ba ea Hahang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • E-ba ea Hahang
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Meqoqo e Likolohang Linthong Tsa Moea ea Haha
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • E-ba ea Hahang le ea Khothatsang
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Ho Hahana ha re le Tšimong
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Ke Joang Re ka Ekeletsang Bokhabane Tumelong ea Rōna?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
km 7/95 leq. 3

E-ba ea Hahang

1 Kaha re phela “linakong tse bohloko,” kaofela ha rōna re hloka khothatso. (2 Tim. 3:1) Kaha Pauluse o ne a hlokometse sena esita le mehleng ea hae, o ne a laba-labela ho sebelisa linako tsa ho ba le baena e le menyetla ea “ho fapanyetsana khothatso.” O ile a khothalletsa baena ba hae hore ba ‘batle litaba tseo ba ka hahisanang hammoho ka tsona.’ (Ba-Roma 1:11, 12, NW; 14:19) Boiteko bona bo ile ba atleha ho “tiisa lipelo tsa barutuoa, ba ba khothatsa ho tiea tumelong.” (Lik. 14:22) Kajeno re hloka mofuta ona oa khothatso haholo.

2 Re ka haha ba bang ka seo re se buang. Ha mantsoe a rōna a sebelisoa ka ho loketseng, a ka ba “joalo ka liapole tsa khauta pitsaneng ea silefera.” (Liprov. 25:11) Ka ho ba le karolo libokeng, rea ‘khothatsana.’ (Ba-Heb. 10:25) Leleme la rōna le ka sebelisoa ka tsela e hahang ha re arolelana liphihlelo, re fana ka pabatso, kapa re bua ka lintho tsa moea. Tšebeliso e joalo e molemo ea leleme ‘e lokela khahiso, e hlahisetsa ba e utloang molemo.’—Ba-Ef. 4:29.

3 Bua ka Lintho Tse Hahang: Ho Ba-Filippi 4:8, Pauluse o fane ka tataiso e thusang bakeng sa puo ea rōna. O boletse hore re tlameha ho nahana ka lintho tsa ’nete, tse hlomphehang, tse lokileng, tse hloekileng, tse ratehang, tse botumo bo botle, tse nang le bokhabane le poko. Ka linako tsohle re ka kholiseha hore seo re se bolelang ke ’nete ’me se tla tsoela ba bang molemo haeba se thehiloe Lentsoeng la Molimo. (Joh. 17:17) Boinehelo ba rōna ba Bokreste, seo re ithutang sona libokeng tsa phutheho, tsela eo ka eona re phethang tšebeletso ea rōna ka botlalo, le lintho tse ling tse joalo lia hlompheha. Meqoqo e hahang mabapi le litekanyetso le melao-motheo ea Lentsoe la Molimo joang kapa joang e tla re thusa ho re “hlalefisetsa ho bolokeha.” (2 Tim. 3:15) Re ka bua ka kananelo eo re nang le eona bakeng sa boitšoaro bo hloekileng ba batho ba leng mokhatlong o hlophisitsoeng o hloekileng oa Jehova. Re ka rorisa liketso tse ratehang tsa mosa tsa baena ba rōna. (Joh. 13:34, 35) Lintho tse botumo bo botle li akarelletsa litšoaneleho tsa Bokreste tsa tumelo, thabo, khotso le mamello tseo re li hlokomelang ho baena ba rōna. Ho qoqa ka lintho tse joalo tse nang le bokhabane le poko ‘ho haha’ ba bang.—Ba-Roma 15:2.

4 Letsatsi le leng le le leng, re tobana le matšoenyeho a nyahamisang a lefatše. Ho khatholla hakaakang ho a behella ka thōko le ho kopanela botsoalleng bo lerato ba baena ba rōna! Nako ea bohlokoa eo re khonang ho e qeta re le hammoho ke letlotlo leo re tlamehang ho le hlokomela haholo. Haeba ka linako tsohle re fana ka khothatso ’me re haha ba bang, ka ’nete ba tla re ka rōna: “Ba khatholotse pelo ea ka.”—1 Ba-Kor. 16:18.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela