Le Itšoare ka Mokhoa o Tšoanelang Litaba Tse Molemo
1 Joaloka Lipaki tsa Jehova, re lakatsa ho isa tlotla lebitsong la Jehova. Rea tseba hore boitšoaro ba rōna, puo ea rōna, ho itlhopha ha rōna le moaparo oa rōna li ka susumetsa tsela eo ba bang ba talimang borapeli ba ’nete ka eona. Sena ke ’nete haholo-holo ha re le libokeng tsa rōna. Re batla ho etsa bonnete ba hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e buuoang le e etsuoang libokeng e be e tšoanelang litaba tse molemo le e isang tlotla ho Jehova.—Ba-Fil. 2:4.
2 Litekanyetso tse ngata tsa lefatše tsa moaparo le boitlhopho ha li amohelehe ho Bakreste. Ena ke taba eo basebeletsi ba litaba tse molemo ba lokeng ho e ela hloko haholo. Molula-Qhooa oa June 1, 1989, leqepheng la 20 o ile oa re: “Ha ho hlokahale hore liaparo tsa rōna e be tse theko e boima, empa li lokela ho hloeka, e be tse khahlehang, le tse itekanetseng. Lieta tsa rōna le tsona li lokela ho lokisoa hantle ’me li shebahale hantle. Ka ho tšoanang, libokeng tsohle, ho akarelletsa sa Thuto ea Buka ea Phutheho, ’mele ea rōna e lokela ho hloeka, ’me re lokela ho apara ka makhethe le ka tsela e tšoanelehang.”
3 Ho fihla ka nako ke letšoao la ho hopolela le ho nahanela ho lerato. Ka linako tse ling, maemo a ke keng a qojoa a ka ’na a re thibela ho fihla ka nako sebokeng. Empa tloaelo ea ho fihla ka mor’a nako e ka ’na ea bontša ho haelloa ke tlhompho bakeng sa morero o halalelang oa liboka le ho hlōleha ho ananela boikarabelo ba rōna ba hore re qobe ho sitisa ba bang. Ba fihlang ka mor’a nako hangata ba ferekanya ba bang ’me ba ba thibela ho rua molemo o feletseng lenaneong. Ho fihla ka nako ho bontša tlhompho bakeng sa maikutlo le thahasello ea bohle ba teng.
4 Ho rata baahelani ba rōna ho lokela ho re etsa hore re be hlokolosi ho qoba ho baka pherekano nakong ea liboka. Ho hoeshetsa, ho ja, ho hlafuna chunkama, ho soahlatsa lipampiri le ho ea ntloaneng ho sa hlokahale ho ka ’na ha sitisa ba bang ho tsepamisa mehopolo tabeng le ho tlosa seriti se lokelang sebaka sa Jehova sa borapeli. Ha hoa lokela hore mang kapa mang a sebetsane le litaba tsa phutheho kapa a qoqe le ba bang ntle le haeba ho e-na le maemo a tšohanyetso a hlokang hore baena ba be sieo litulong tsa bona. Ho seng joalo, bohle ba lokela ba be ba lutse fatše ’me ba mametse lenaneo e le hore ba tle ba rue molemo bona le malapa a bona. Mekhoa e mebe ha e na sebaka Holong ea ’Muso hobane “lerato . . . ha le etse ho soabisang.”—1 Ba-Kor. 13:4, 5; Ba-Gal. 6:10.
5 Boitšoaro bo botle ba bana ba rōna libokeng le bona bo isa thoriso le tlotla lebitsong la Jehova. Ke habohlokoa ha batsoali ba ba behile leihlo. Bana ba lokela ho khothaletsoa ho mamela le ho kopanela. Batsoali ba bangata ba nang le bana ba banyenyane ba khetha ho lula sebakeng seo ba ka tsoang habonolo ’me ba ea hlokomela se hlokoang ke bana ba bona ka ntle le hore ba ferekanye ba bang ho sa hlokahale.
6 Pauluse o ile a eletsa: “Le itšoare ka mokhoa o tšoanelang litaba tse molemo.” (Ba-Fil. 1:27, NW) Ka hona, a re loaneleng ho itšoara hantle ’me re nahanele ba bang ha re e-ea libokeng. Ho sebelisana hammoho ha bohle ho tla tiisa hore ho ba le ‘ho tšelisana ka tumelo.’—Ba-Roma 1:12.