Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/95 leq. 8
  • Khutlela ho ba Bontšitseng Thahasello

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Khutlela ho ba Bontšitseng Thahasello
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsebo e Tsoang ho Molimo e Araba Lipotso Tse Ngata
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Ho Hasa Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • “Sena se Bolela Bophelo bo sa Feleng”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • “Tumelo e Latela Ntho e Utloiloeng”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
km 12/95 leq. 8

Khutlela ho ba Bontšitseng Thahasello

1 Ho 1 Ba-Korinthe 3:6, Pauluse o ile a ngola: “’Na, ke hlomile, Apollose eena o noselitse, empa Molimo ke oona o melisitseng.” Pauluse o ile a sebelisa lebaka le tšoanang ho thusa baena ba hae ho bona bohlokoa ba ho sebetsa ba kopane tlas’a bohlooho ba Kreste. Ka tsela ena o boetse a ba thusa ho ananela karolo ea bohlokoa eo ba neng ba e phethahatsa mosebetsing oa ho jala le ho nosetsa.

2 Mosebetsi ona o bolokang bophelo o tla fihla bofelong ba oona mehleng ena. Joaloka Bakreste ba inehetseng, re na le boikarabelo bo tebileng ba ho thusa ba bang ho ba balateli ba Jesu. (Lik. 13:48) U tla latella joang thahasello eo u ileng ua khona ho e hōlisa ka ho sebelisa buka ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela?

3 Haeba u khutlela ho motho ea ileng a amohela buka, u ka ’na ua re:

◼ “Nakong e fetileng ha re ne re bua, re buisane ka seo Jesu Kreste a neng a le sona joaloka motho. Ke ile ka thabela ho u siela buka ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. Ke eng se u khahlileng ka ho fetisisa ka mokhoa oa Jesu oa ho ruta le botho ba hae?” Emela karabo. Phetla khaolo ea 113, ’me u tšohle mohlala o phahameng ka ho fetisisa oa boikokobetso ba Jesu. Bala Ba-Filippi 2:8 ho bontša kamoo moapostola Pauluse a neng a talima boikutlo ba Jesu ba boikokobetso kateng. Joale u ka hlalosa kamoo ho ka ithutoang se eketsehileng ka thuto ea kamehla ea Bibele.

4 Mohlomong u ka rata ho sebelisa kenyelletso ena:

◼ “Re buile ka lintho tseo Jesu a li entseng ha a le lefatšeng tse bontšang hore ka sebele o ne a re tsotella. U nahana hore ke eng seo a tla qetella a se entse ho imolla ba ’nileng ba hlokofatsoa hakaale?” Emela karabo. Phetla khaolo ea 133, ’me u hlahlobe litlhaloso tse serapeng sa bohlano. Phetla setšoantšo se leqepheng le latelang ’me u hlalose kamoo ho tla ba kateng ha thato ea Molimo e etsoa lefatšeng joalokaha e etsoa leholimong. Bontša melemo e fumanoang ka ho ithuta ho eketsehileng.

5 Haeba ho bile le thahasello e fokolang ha u tsamaisa buka ka lekhetlo la pele; mohlomong u ka qalisa puisano ea hao ka tsela ena:

◼ “Ke nahana hore ka bobeli rea lumellana hore kajeno batho ba bangata ba etsa hore bophelo ba bona bo tšoane le ba motho eo ba mo nkang e le mohlala. Jesu Kreste ke mohlala o motle oo e mong le e mong a ka o latelang. Ke lakatsa ho kopanela le uena thuto ea bohlokoa haholo eo ke ithutileng eona mohlaleng o behiloeng ke Jesu. [Phetla khaolo ea 40 bukeng ea Motho e Moholo ’me u lebise tlhokomelo thutong e mosa ea Jesu ka mohau.] Ka matla sena se ile sa nkhopotsa seo ho hlokahalang hore ke se etse ho bontša tšobotsi ena ho ba bang.” Bala Mattheu 5:7. Haeba joale ho bonahala ho e-na le thahasello e khōloanyane, nehelana ka buka kapa bukana ea Na Ruri Molimo oa re Tsotella?

6 Kapa mohlomong u ka rata ho leka katamelo ena e tobileng:

◼ “Nakong e fetileng ha ke le mona re buile ka bohlokoa ba ho fumana tsebo ka Jesu. Johanne 17:3 e re ho ‘bolela bophelo bo sa feleng.’ Re ka etsa seo joang?” Emela karabo. Tsoela pele ho hlalosa ka tokisetso ea rōna ea lenaneo la thuto ea Bibele le kamoo le sebelisoang kateng.

7 Pauluse o bolela hore mosebetsi kotulong o tla “amohela moputso oo e leng oa hae, ka tekanyo ea mosebetsi oo e leng oa hae.” (1 Ba-Kor. 3:8) Haeba re ikitlaetsa ka matla ho thusa ba bang ho ba balateli ba Jesu, ka sebele moputso oa rōna o tla ba moholo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela