Likhopotso Tsa Sehopotso
Lintlha tse latelang li hloka ho eloa hloko pele ho ketekoa mokete oa Sehopotso ka Labobeli, la 2 April:
◼ E mong le e mong, ho akareletsa le sebui, ba lokela ho tsebisoa ka nako e nepahetseng hammoho le sebaka sa mokete.
◼ Mofuta o loketseng oa bohobe le veine li lokela ho fumanoa le ho lokisoa.—Bona Molula-Qhooa oa February 15, 1985, leqepheng la 17.
◼ Tafole, lesela la tafole, lipoleiti le likhalase tse loketseng li lokela ho tlisoa holong esale pele le ho hlophisoa ka tsela e loketseng.
◼ Holo ea ’Muso kapa sebaka se seng moo ho tšoareloang liboka se lokela ho hloekisoa hantle esale pele.
◼ Bahlokomeli le ba fetisang litšoantšetso sehopotsong ba lokela ho khethoa le ho fuoa litaelo esale pele mabapi le mokhoa o nepahetseng o tla lateloa hammoho le mesebetsi ea bona.
◼ Ho lokela hore ho etsoe litokisetso tsa ho isetsa batlotsuoa feela bohobe le veine, e seng ba linku tse ling, ba kulang le ba ke keng ba khona ho ba teng.
◼ Haeba ho tla tšoaroa mokete o fetang o le mong Holong e tšoanang ea ’Muso, ho lokela hore ho be le tšebelisano-’moho e ntle mahareng a liphutheho e le hore ho ka qojoa tšubuhlellano e sa hlokahaleng liphasejeng, menyakong, litselaneng tsa maoto tsa sechaba le moo ho emisoang makoloi.