Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 5/96 leq. 3
  • Lebokose la Lipotso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebokose la Lipotso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mokhoa oa ho Etsa Barutuoa ka Buka ea Tsebo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Lebokose la Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Moloko oa Batho o Hloka Tsebo ea Molimo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Pono e Tsoelang Pele ka Mosebetsi o Potlakileng oa ho Etsa Barutuoa
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
km 5/96 leq. 3

Lebokose la Lipotso

◼ Kaha joale re na le buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, thuto ea lehae ea Bibele e lokela ho khannoa nako e telele hakae?

Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea September 1993 e ile ea buella hore thuto ea lehae ea Bibele e tsoele pele le batho ba thahasellang ho fihlela ho ithutiloe libuka tse peli. Kaha joale re na le buka ea Tsebo, ho bonahala e le bohlale ho etsa liphetoho mokhoeng ona, joalokaha ho lokolisitsoe leqepheng la 13 le 14 la tokollo ea Molula-Qhooa oa January 15, 1996.

Buka ea Tsebo e reretsoe ho thusa ba nang le “tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng” hore ba ithute seo ba hlokang ho se tseba e le hore ba ka inehela ho Jehova ’me ba kolobetsoa. (Lik. 13:48) Ka hona, ka mor’a ho qeta buka ena e ncha, ho ke ke ha hlokahala ho ithuta buka ea bobeli le seithuti se tšoanang. Ha liithuti tsa hao tsa Bibele li qala ho amohela ’nete, butle-butle u ka li khothaletsa ho tlatselletsa tsebo ea tsona ka ho ba teng libokeng tsa Lipaki tsa Jehova hammoho le ho bala Bibele le libuka tse sa tšoaneng tsa Bokreste.

Haeba u tloaelane hantle le lipotso tse maqepheng a 175 ho ea ho 218 a buka Ho Hlophisetsoa ho Phetha Tšebeletso ea Rōna, hona e ka ba thuso. Le hoja u sa lokela ho bua ka lipotso tsena kapa ho li hlahloba le seithuti sa Bibele, ho ka ’na ba e-ba hotle ho hatisa lintlha tse bukeng ea Tsebo tse tla nolofalletsa seithuti ho bontša kutloisiso e nepahetseng ea linnete tsa motheo tsa Bibele ha baholo ba hlahloba lipotso le ba eang kolobetsong.

Ha ho hlokahale hore u tlatselletse boitsebiso bo bukeng ea Tsebo, ho tlisa boitsebiso bo tsoang kantle kapa likhang tse eketsehileng ho tšehetsa lithuto tsa Bibele kapa ho shanofatsa lithuto tsa bohata. Hona ho tla sebeletsa feela ho lelefatsa nako ea thuto. Ho e-na le hoo, ho tšeptjoa hore buka ena e ka akaretsoa kapele, mohlomong ka likhoeli tse ka bang tse tšeletseng. Hona ho hatisa hore hoa hlokahala hore re ithute boitsebiso boo hantle esale pele e le hore re ka bo hlahisa ka ho hlakileng le ka nepo. Ka ho tšoanang seithuti se lokela ho khothaletsoa ho ithuta esale pele, se shebe mangolo a boletsoeng, ’me se ikemisetse ho lemoha ka ho hlakileng seo buka ena e se rutang khaolong e ’ngoe le e ’ngoe.

Molula-Qhooa o ile oa hatisa hore hoa hlokahala hore Lipaki tsa Jehova li khanne palo e khōloanyane ea lithuto tse atlehang tsa Bibele ka nako e khutšoanyane. (Bona Esaia 60:22.) Tšebeliso e atlehang ea buka ea Tsebo e ka thusa ba bacha ’neteng ho fumana tsebo e isang bophelong bo sa feleng le ho nka bohato ka eona.—Joh. 17:3.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela