Na U Tšoarehile Haholo?
1 Pauluse o ile a khothatsa hore ‘ka mehla re na le ho hongata hoo re ka ho etsang mosebetsing oa Morena.’ (1 Bakor. 15:58) Re khothaletsoa ho boloka kemiso ea letsatsi le letsatsi bakeng sa thuto ea botho, ho kopanela kamehla tšebeletsong, ho ba teng libokeng ka botšepehi, le ho hlokomela likabelo tsa phutheho ka mafolo-folo. Ho phaella moo, re tlameha ho thusa ba bang ba hlokang thuso ea rōna. Kaha re na le ho hongata hoo re lokelang ho ho etsa, ka linako tse ling re ka ’na ra ikutloa re selebaletsoe, re nahana hore re tlameha ho sheba litsela tsa ho fokotsa mosebetsi oa rōna.
2 Ho na le maemo a ka ’nang a etsa hore e be ho bohlale le ho utloahalang ho tlosa mesebetsi e meng kapa ho e fokotsa. Batho ba bang ba ikutloa hore ba lebelletsoe ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e kōptjoang ke ba bang. Ho haelloa ke ho leka-lekana tabeng ena ho hlahisa khatello le ho sithabela tseo qetellong e ka bang tse senyang.
3 E-ba ea Leka-lekaneng: Senotlolo sa ho leka-lekana se itšetlehile ka ho sebelisa keletso ea Pauluse ea ho “nepisisa lintho tsa bohlokoa haholoanyane.” (Bafil. 1:10) Hoo ho mpa ho bolela ho tsepamisa mohopolo linthong tseo e hlileng e leng tsa bohlokoa, ’me haeba nako le maemo li lumela, ho hlokomela lintho tseo e seng tsa bohlokoa bo boholo. Litlamo tsa lelapa ka sebele li boemong ba pele har’a lintho tseo e leng tsa bohlokoa. Boikarabelo bo itseng ba boipheliso bo tlameha ho etsoa. Leha ho le joalo, Jesu o ile a ruta hore lintho tse tlang pele ho rōna li lokela ho thehoa molao-motheong oa hore re batla ’Muso pele. Pele re tlameha ho etsa lintho tse tla re lumella ho phethahatsa boinehelo ba rōna ho Jehova.—Mat. 5:3; 6:33.
4 Re hopotse sena, re tla etsa bonnete ba hore kemisong ea rōna e phathahaneng re fokotsa lintho tsa botho tseo re li hahamallang tse sa hlokahaleng, mesebetsi e feteletseng ea boikhathollo, le lintho tse sa hlokahaleng tseo re itlammeng ho ba bang ka tsona. Mabapi le ho rera mosebetsi oa rōna bakeng sa beke e ’ngoe le e ’ngoe, re tla behella nako ka thōko bakeng sa thuto ea botho e lekaneng, ho kopanela hantle tšebeletsong, ho ba teng libokeng, le lintho leha e le life tse ling tse amanang haufi le borapeli ba rōna. Nako e setseng e ka aro-aroloa har’a lintho tse ling tse hahamalloang, ho itšetlehile ka hore na li tlatsetsa hakae ho finyelleng pakane ea rōna ea sehlooho ea ho ba Bakreste ba leka-lekaneng ba lulang ba behile ’Muso pele.
5 Leha ho le joalo, re ka ’na ra utloa eka mojaro oa rōna oa hatella. Haeba ho joalo, ho hlokahala re arabele memong ea Jesu: “Tloong ho ’na, lōna bohle ba sehlang le ba imetsoeng, ’me ka sebele ke tla le khatholla.” (Mat. 11:28) Hape, talima ho Jehova, “o jara boima ba rōna ka matsatsi ’ohle” ’me o fa ea khathetseng matla. O tšepisa hore le ka mohla a ke ke a lumella hore ea lokileng a sisinngoe. (Pes. 55:22; 68:19; Esa. 40:29) Re ka kholiseha hore lithapelo tsa rōna li tla arabeloa, li re nolofalletsa ho tiisetsa bophelong bo mafolo-folo ba tšebeletso ea puso ea Molimo.
6 Ha ka nako e tšoanang re kholisehile hore re tla bolokoa re tšoarehile ho hahamalla lithahasello tsa bohlokoa tsa ’Muso, re ka thabela ho tseba hore mosebetsi oa rōna e ke ke ea e-ba oa lefeela mabapi le Morena.—1 Bakor. 15:58.