Bolela Litaba Tse Molemo Hohle
1 Bakreste ba pele ba ile ba bolela litaba tse molemo hohle. Ba ne ba cheseha hoo ka lilemo tse 30 hoba Jesu Kreste a tsosoe, molaetsa oa ’Muso o neng o ‘boletsoe pōpong eohle e tlas’a leholimo.’—Bakol. 1:23.
2 Bahlanka ba Jehova ba chesehang ba kajeno ba na le sepheo se tšoanang—ho finyella e mong le e mong ha ho khoneha ka litaba tse molemo tsa ’Muso. Ke eng e ka re thusang ho finyella pakane ee? Likarolong tse ngata tsa tšimo ea rōna, haholo-holo libakeng tsa mahaeng, re sa ntse re fumana batho ba le teng hae ha re e-ea ka ntlo le ntlo. Le hoja se hlahisitsoeng kenyelletsong ena se sa nkele tšebeletso ea ntlo le ntlo sebaka, batho ba eketsehileng ba sebetsa ka nako e tletseng ’me hangata ha ba eo hae ha re ba etela. Ha ba sa sebetse, e ka ’na eaba ba leetong, ba mabenkeleng, kapa ba hahamalla mofuta o mong oa boikhathollo. Ba tšoanelehang ba har’a bona ba finyelloa joang ka molaetsa oa ’Muso?—Mat. 10:11.
3 Ba bang ho kopanoa le bona moo ba sebetsang. Esita le litorotsoana li na le likarolo tsa khoebo moo batho ba bangata ba qetang boholo ba letsatsi ba le hona teng. Metseng e meholo, batho ba sebetsang libakeng tsa liindasteri kapa mehahong e melelele ea liofisi le ba phelang lifoleteng tsa tšireletso e phahameng ba fumana bopaki—ba bangata e le ka lekhetlo la pele. Mafelong a beke, ba bang bao ho kopanoeng le bona ha ba iphomoletse lirapeng tsa boikhathollo, litšeng tsa boithabiso, mabaleng a ho etsa likampo kapa matlong a manyenyane a phomolo kapa ha ba letile moo ho pakoang makoloi kapa ba le litsing tsa mabenkele ba ’nile ba fumanoa ba sekametse ho amoheleng litaba tse molemo.
4 Palo e eketsehang ea bahoeletsi e etsa boiteko bo khethehileng ho paka libakeng tsa sechaba, hohle moo batho ba ka fumanoang teng. Pele, Lipaki tsena li ne li ikutloa li le leqe li bile li hloka botsitso ka lebaka la ho tloaela ho bolela maemong a hlophisitsoeng, joaloka ho ea ka ntlo le ntlo. Li ikutloa joang hona joale?
5 Mor’abo rōna e mong ea nang le phihlelo o re: “Ho matlafalitse tšebeletso ea ka!” E mong oa phaella: “Ho mpoloka ke tsepamisitse mohopolo.” Pula-maliboho e mong ea hōlileng oa hlokomela: “E bile ho matlafatsang kelellong, ’meleng le moeeng, . . . ’me ke ntse ke hōla.” Mohoeletsi e mong oa hlokomela hore hona joale o finyella batho ba bangata bao ho seng mohla ba kileng ba bua le Lipaki tsa Jehova pele. Batho ba bacha le bona ba kena moeeng oa mosebetsi ona o thabisang. Mocha e mong o itlhalosa tjena: “Ho monate hobane u khona ho bua le batho ba bangata haholo.” E mong o re: “Ke tsamaisa lingoliloeng tse ngata ho feta pele!” Sena sohle se etsahala tšimong e sebetsoang khafetsa.
6 Balebeli ba Tsamaeang ba Etella Pele: Ka ho hlokomela hore “pono ea lefatše lena ea fetoha,” morao tjena Mokhatlo o ile oa etsa tlhahiso ea hore balebeli ba tsamaeang ba fetole kemiso ea bona ea tšebeletso ea tšimo beke le beke e le hore ho ka finyelloa batho ba bangata ka litaba tse molemo ka hohle kamoo ho ka khonehang. (1 Bakor. 7:31) Ka lilemo, balebeli ba potoloho ba ne ba behella hoseng ha matsatsi a har’a beke ka thōko hore ba tšoarehe mosebetsing oa ntlo le ntlo, ha thapama e ne e neheloa ho etseng maeto a ho boela le ho khanna lithuto tsa Bibele. Libakeng tse ling, kemiso eo e ntse e ka sebetsa. Ho tse ling, ho ka finyelloa ho honyenyane ka ho sebetsa ka ntlo le ntlo hoseng ka matsatsi a mang a itseng har’a beke. Mabakeng a joalo, molebeli ea tsamaeang a ka ’na a etsa qeto ea hore hoseng ho tla ba molemo ho tšoareha mosebetsing oa mabenkele kapa ho paka seterateng. Kapa a ka ’na a lokisetsa lihlopha tse nyenyane hore li pake mehahong e melelele ea liofisi, libakeng tsa mabenkele, moo ho pakoang makoloi, kapa libakeng tse ling tsa sechaba. Ha bahoeletsi ba sebelisa nako e teng ka tsela e behang litholoana haholoanyane bakeng sa tšebeletso ea tšimo, ho tla kopanoa le batho ba bangata ba eketsehileng.
7 Litlaleho li bontša hore phetoho ena e amohetsoe hantle haholo ke balebeli ba tsamaeang le bahoeletsi ka ho tšoanang. Lihlopha tsa baholo tse ’maloa li ile tsa mema molebeli oa potoloho hore a koetlise bahoeletsi ba seng bakae litšobotsing tsa mosebetsi tse hlokang tlhokomelo sebakeng seo. E bile thuso ho bahoeletsi bana hore ba tsamaee le molebeli ea tsamaeang ha a tšoarehile ho e meng ea mesebetsi ena. ’Me bona, ba ile ba khona ho koetlisa ba bang. (2 Tim. 2:2) Ka lebaka leo, hona joale ho finyelloa batho ba eketsehileng ka litaba tse molemo.
8 Ho hlakile hore ha lea lokela ho emela molebeli oa potoloho hore a le etele hore le leke tse ling tsa litsela tsena tsa ho bolela. Mekhoa e meng ke ena eo le ka e fumanang e sebetsa tšimong ea lōna:
9 Bopaki ba Seterateng: ‘Batho kaofela ba ile kae?’ ka linako tse ling rea ipotsa ha re etela sebaka sa bolulo seo ho se nang batho ho sona hoseng ha letsatsi la har’a beke. Ba bang ba ka ’na ba fumanoa ba ea mona le mane kapa ba le mabenkeleng. Na u kile ua leka ho ba finyella ka bopaki ba seterateng? Ha e etsoa hantle, tšobotsi ena ea tšebeletso e ka ba e behang haholo. Ho e-na le ho ema sebakeng se le seng ka limakasine, ho molemo ho atamela batho ’me u qale moqoqo oa botsoalle. Ha ho hlokahale hore u fane ka bopaki ho e mong le e mong ea fetang ka tsela. Bua le ba sa potlakang, ba kang ba shebang lintho tse rekisoang lifensetereng tsa mabenkele, ba ka likoloing tse pakiloeng, kapa batho ba emetseng sepalangoang sa sechaba. Ka lekhetlo la pele, ka bonolo u ka ’na ua lumelisa ka botsoalle ’me u letele karabelo. Haeba motho a rata ho bua, mo botse maikutlo a hae tabeng eo u ikutloang hore o tla e thahasella.
10 Molebeli e mong ea tsamaeang o ile a mema bahoeletsi ba tšeletseng hore ba kopanele le eena le mosali oa hae bopaking ba seterateng. Ka phello efe? Oa tlaleha: “Re bile le nako e babatsehang hoseng hoo! Ha rea ba le bothata ba hore ha ho na batho hae. Ho ile ha tsamaisoa limakasine tse 80 le lipampitšana tse ngata. Re bile le meqoqo e ’maloa e susumetsang. E mong oa bahoeletsi, ea neng a le mosebetsing oa seterateng ka lekhetlo la pele, o ile a khotsa: ‘Ke bile ’neteng ka lilemo ’me ha kea ka ka hlokomela hore na ke ne ke ntse ke fetoa ke eng!’ Qetellong ea beke eo, limakasine tse bokellaneng tsa phutheho li ile tsa qetoa.”
11 Ha a ne a sebeletsa phutheho e latelang, molebeli eena eo ea tsamaeang o ile a ithuta hore bahoeletsi ba ’maloa ba ne ba ile ba kopanela bopaking ba seterateng hoseng ho hong empa ba e-ba le katleho e fokolang feela. Morali e mong oabo rōna o ne a buile le batho ba babeli feela nakong eohle ea ho paka, kaha e mong le e mong eo a neng a kopana le eena o ne a potlaketse mosebetsing. Molebeli ea tsamaeang o ile a etsa tlhahiso ea hore kaofela ba khutlele seterateng sona seo hamoraonyana hoseng hona hoo. Ba ile ba ea, ’me ba e-ba moo ho fihlela motšehare o moholo. Morali’abo rōna ea neng a ile a buisana le batho ba babeli feela hoseng hoo o ile a sebetsa hantle haholo ha a khutlela. O ile a tsamaisa limakasine tse 31 le libukana tse 15, a fumana mabitso le liaterese tsa batho ba supileng, ’me a qala lithuto tsa lehae tsa Bibele tse peli! Ba bang hona sehlopheng seo le bona ba ile ba e-ba le liphello tse khothatsang ka ho tšoanang.
12 Ha u fumana motho ea thahasellang, leka ho fumana lebitso la hae, aterese le nomoro ea thelefono. Ho e-na le ho kōpa boitsebiso ka ho toba, u ka ’na ua re: “Ke thabetse moqoqo ona. Na ho na le tsela leha e le efe eo re ka o ntšetsang pele ka eona ka nako e ’ngoe?” Kapa ua botsa: “Na ho na le tsela eo nka fihlang ho uena ka eona hae?” Ba bangata bao ho kopanoeng le bona ka tsela ena ba lumetse leeto la ho boela. Etsa bonnete ba hore u na le limemo tse lekaneng bakeng sa ho li sebelisa ho mema ba ka batlang ho ea libokeng tsa rōna.
13 Haeba u bua le motho ea thahasellang ea lulang tšimong e abetsoeng phutheho e ’ngoe, u lokela ho fetisa boitsebiso boo e le hore barab’abo rōna ba sebaka seo ba ka latella thahasello eo. Na bopaki ba seterateng e ka ba tsela e atlehang ea ho hasa litaba tse molemo sebakeng sa lōna? Haeba ho joalo, hlahloba sehlooho “Ho Fumana ba Thahasellang ka Bopaki bo Atlehang ba Seterateng” tokollong ea July 1994 ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Joale lokisetsa ho ba bopaking ba seterateng nakong e loketseng ea letsatsi e tla u nolofalletsa ho finyella batho ba bangata kamoo ho ka khonehang.
14 Ho Paka Lipalangoeng Tsa Sechaba: Hoseng ho hong bo-pula-maliboho ba ’maloa ba ile ba etsa qeto ea ho pakela batho ba neng ba emetse bese haufi le koleche ea sebaka seo. Ha ba ne ba sa tšoere moqoqo o monate, ho ne ho e-ba le bothata. Nakong eo puisano e tsoelang pele hantle, bese e ne e fihla, e felisa moqoqo hampe feela. Bo-pula-maliboho ba ile ba rarolla bothata boo ka ho palama bese ’me ba tsoele pele ho pakela bapalami ha ba tsamaea ho haola le toropo. Qetellong ea leeto lena, bo-pula-maliboho ba ne ba ee ba khutle le bese, ba paka ha e ntse e tsamaea. Ka mor’a maeto a ’maloa a ho ea le ho khutla, ba ile ba kopanya kakaretso ea liphello tsa boiteko ba bona: Limakasine tse fetang 200 li ile tsa tsamaisoa ’me ha qalisoa lithuto tsa Bibele tse tšeletseng. Baeti ba bang ka boithaopo ba ile ba fana ka liaterese tsa bona le linomoro tsa thelefono e le hore ba ka eteloa mahaeng. Bekeng e latelang, bo-pula-maliboho ba ile ba khutlela seemelong sa libese ’me ba latela mokhoa o tšoanang joaloka pele. Ba ile ba tsamaisa limakasine tse 164 ’me ba qala thuto e ’ngoe hape ea Bibele. Setopong se seng moeti e mong o ile a kena beseng ’me a lula setulong se setseng se le seng feela—pel’a pula-maliboho. O ile a sheba mor’abo rōna ’me a re ka ho bososela: “Kea tseba hore u ntšoaretse Molula-Qhooa.”
15 Bahoeletsi ba bangata ba fana ka bopaki bo atlehang ha ba tsamaea ka bese, terene kapa sefofane. U ka qala moqoqo joang le moeti ea lutseng pel’a hao? Mohoeletsi e mong ea lilemo li 12 o ile a qala feela ka ho bala kopi ea Tsoha! a le beseng, a e-na le tšepo ea ho tsosa taba-tabelo ea ngoanana e mocha ea neng a lutse pel’a hae. Ho ile ha sebetsa. Ngoanana eo o ile a mo botsa hore na o bala eng, ’me mocha o ile a arabela ka hore o ne a bala ka tharollo mathateng ao batho ba bacha ba tlamehang ho tobana le ’ona. A phaella ka hore o ruile molemo haholo sehloohong seo le hore le eena se ka mo thusa. O ile a amohela limakasine tseo ka thabo. Moqoqo oa bona o ile oa utluoa ke bacha ba bang ba babeli bao le bona ba ileng ba kōpa likopi tsa limakasine tseo. Eaba mokhanni oa bese o emisa ka thōko ho tsela ’me o botsa hore na ke hobane’ng ha ba thahasella limakasine tseo hakaalo. Ha a fumana lebaka, le eena o ile a amohela likopi. Ho hlakile hore ha ho letho le neng le tla etsahala hoja mohoeletsi enoa e monyenyane o ne a se na limakasine tse lekaneng hore a li arolelane le mang kapa mang ea bontšang thahasello!
16 Ho Paka Lirapeng Tsa Boikhathollo le Moo ho Pakoang Makoloi: Ho paka lirapeng tsa boikhathollo le moo ho pakoang makoloi ke tsela e babatsehang ea ho finyella batho. Na u kile ua leka ho paka sebakeng seo ho pakoang makoloi setsing sa mabenkele? Kamehla nka metsotso e seng mekae u hlahloba tikoloho ea hao. Sheba motho e mong ea sa potlakang kapa ea letileng ka koloing e pakiloeng ’me u leke ho qala moqoqo oa botsoalle le eena. Haeba moqoqo o tsoela pele, kenyelletsa molaetsa oa ’Muso. Lekang ho sebetsa le arohane empa mohoeletsi e mong a le tikolohong eo. Qoba ho nka mokotlana o moholo, o tletseng kapa hore ka litsela tse ling u hulele tlhokomelo mosebetsing oa hao. E-ba bohlale. Ho ka ’na ha e-ba molemo hore u qete nako e khutšoanyane sebakeng se le seng moo ho pakoang makoloi ebe joale u fetela ho se seng. Haeba motho e mong a sa batle ho qoqa le uena, ka mokhoa o motle tsoela pele ’me u shebe motho e mong eo u ka mo atamelang. Ka ho sebelisa mekhoa ena, mor’abo rōna e mong o ile a tsamaisa limakasine tse 90 ka khoeli ha a ntse a paka moo ho pakoang makoloi.
17 Batho ba bang ba ea serapeng sa boikhathollo ho ea phomola; ba bang ba ea moo ho ea bapala papali kapa ho qeta nako le bana ba bona. Ka ntle le ho kena-kenana le mesebetsi ea bona, sheba monyetla oa ho fana ka bopaki. Mor’abo rōna e mong o ile a qala moqoqo le mohlokomeli oa mabala a serapa sa boikhathollo ’me a fumana hore o ne a amehile ka lithethefatsi le bokamoso ba bana ba hae. Ho ile ha qaloa thuto ea Bibele ’me kamehla e ne e khanneloa serapeng moo.
18 Bopaki bo sa Reroang Litsing Tsa Mabenkele: Le hoja kamehla ho se bonolo ho bolela ka tsela e hlophisehileng lebenkeleng le leng le le leng litsing tsa mabenkele ka lebaka la lithibelo tsa sebaka ka seng mesebetsing e joalo, bahoeletsi ba bang ba bula menyetla ea ho paka moo ka mokhoa o sa reroang. Ba lula bencheng ’me ba qala moqoqo oa botsoalle le ba bang ba emang hore ba phomole. Ha ho bontšoa thahasello, ka bohlale ba fana ka pampitšana kapa makasine ’me ba ikemisetsa ho etsa litokisetso tsa leeto la ho boela. Ka mor’a ho qeta metsotso e seng mekae ba paka karolong e ’ngoe ea setsi sa mabenkele, ba tsoela pele ho ea ho se seng ’me ba kenya e mong moqoqong. Ke ’nete hore ho lokela ho hlokomeloa hore ho se haptjoe tlhokomelo ha ho pakoa ka mokhoa o sa reroang ka tsela ena.
19 Ha u lumelisa motho, qala moqoqo ka mokhoa oa botsoalle. Haeba momameli oa hao a arabela, botsa potso, ebe u mamela ka hloko ha a itlhalosa. Thahasella seo a se buang. Bontša hore u nka maikutlo a hae e le a bohlokoa. Moo ho khonehang, lumellana le eena.
20 Morali e mong oabo rōna o ile a ba le moqoqo o thabisang le mosali e mong ea hōlileng ka ho bolela kamoo litšenyehelo tsa bophelo li phahameng kateng. Mosali eo o ile a lumela habonolo, ’me ha e-ba le moqoqo o phelang. Morali’abo rōna o ile a khona ho fumana lebitso le aterese tsa mosali eo, ’me leeto la ho boela le ile la etsoa hona bekeng eo.
21 Ho Sebetsa Mabenkele: Liphutheho tse ling li na le libaka tsa khoebo e le karolo ea tšimo ea tsona eo li e abetsoeng. Mor’abo rōna ea hlokomelang tšimo a ka ’na a lokisetsa likarete tsa ’mapa tse khethehileng tsa likarolo tsena tse petetsaneng tsa khoebo. Likarete leha e le life tsa ’mapa oa tšimo ea bolulo tse kenellanang li lokela ho bontša ka ho hlaka hore likhoebo ha lia lokela ho sebetsoa e le karolo ea tšimo eo. Masimong a mang, libaka tsa khoebo li ka sebetsoa hammoho le tsa bolulo. Baholo ba ka mema bahoeletsi ba tšoanelehang hore ba sebetse masimo a khoebo motheong oa kamehla e le hore mosebetsi oa mabenkele o se ke oa hlokomolohuoa.
22 Haeba u memeloa ho kopanela mosebetsing ona ’me ho se mohla u kileng ua o etsa pele, tsela e molemo ea ho “iteta sebete” ke ho sebetsa mabenkele a manyenyane a seng makae pele; joale, ha u ikutloa u itšepa haholoanyane, sebetsa a maholoanyane. (1 Bathes. 2:2) Ha u sebetsa mabenkeleng, apara joalokaha u ne u tla apara ha u e-ea sebokeng Holong ea ’Muso. Haeba ho khoneha, kena ka lebenkeleng ha ho se na bareki ba emetseng ho sebeletsoa. Kōpa ho bua le mookameli kapa motho ea ikarabellang. E-ba mofuthu, ’me ka holim’a tsohle, bua hakhutšoanyane. Ha ho hlokahale hore u bue joalokaha eka u ipona phoso. Likhoebo tse ngata li sekametse ho bueng le bareki ’me li lebeletse ho sitisoa.
23 Ka mor’a ho lumelisa mohlokomeli oa lebenkele, u ka ’na ua re: “Batho ba khoebo ba phathahane haholo hoo re tšohang re ba fumane hae, kahoo re u etetse mona mosebetsing oa hao ho tla u siela sehlooho sena se susumelletsang motho ho nahana ka ho teba hore u se bale.” Joale ebe u etsa tlhaloso kapa tse peli ka limakasine tseo ho nehelanoang ka tsona.
24 Kapa u ka ’na ua leka sena ha u atamela mookameli: “Re hlokometse hore batho ba khoebo ba etsa bonnete ba hore ba tseba litaba tsa morao-rao. Tokollo ea morao-rao tjena ea Molula-Qhooa (kapa Tsoha! ) e bontša sehlooho se re amang kaofela ha rōna.” Hlalosa hore na ke sefe, ’me u qetelle ka ho re: “Re na le bonnete ba hore u tla thabela ho e bala.”
25 Haeba ho e-na le bahiruoa, ’me ho bonahala ho loketse, u ka ’na ua phaella: “Na ua tsotella hore ke buisane le bahiruoa ba hao ka tsela e tšoanang ka bokhutšoanyane?” Haeba u fuoa tumello, hopola hore u tšepisitse hore u tla bua hakhutšoanyane, ’me mookameli o tla lebella hore u tšepahale ho seo u se buileng. Haeba bahiruoa leha e le bafe ba lakatsa ho kena puisanong e telele, ho ka ba molemo hore u ba etele mahaeng a bona.
26 Haufinyane tjena bahoeletsi ba seng bakae torotsoaneng e ’ngoe ba ile ba kopana le molebeli oa potoloho mosebetsing oa mabenkele. Ba bang ba bahoeletsi ba ne ba tšohile pele, kaha ho ne ho se mohla ba kileng ba etsa mosebetsi oo pele; empa kapele ba ile ba phutholoha ’me ba qala ho o thabela. Ka nako e ka tlaase ho hora, ba ile ba bua le batho ba 37 ’me ba tsamaisa limakasine tse 24 le libukana tse 4. Mor’abo rōna e mong o ile a hlokomela hore ka ho tloaelehileng ba ne ba ke ke ba khona ho kopana le batho ba bangata hakaalo mosebetsing oa ntlo le ntlo ka khoeli e le ’ngoe joalokaha ba entse ha ba sebetsa mabenkeleng ka nako eo e khutšoanyane.
27 Ho Bula Menyetla ea ho Bolela: Jesu ha aa ka a lekanyetsa bopaki ba hae maemong a hlomamisitsoeng. O ile a hasa litaba tse molemo ha ho hlaha monyetla o mong le o mong. (Mat. 9:9; Luka 19:1-10; Joh. 4:6-15) Hlokomela kamoo bahoeletsi ba bang ba bulang menyetla ea ho bolela kateng.
28 Ba bang ba ho etsa tloaelo ho pakela batsoali ba emetseng bana ba bona haufi le keiti ea sekolo. Kaha batsoali ba bangata ba fihla metsotso e ka isang ho e 20 pele, ho na le nako ea ho ba kenya moqoqong o susumetsang ka sehlooho sa Mangolo.
29 Bo-pula-maliboho ba bangata ba seli hore ba finyella batho ba ka ’nang ba e-ba le thahasello e khethehileng tabeng e ikhethang eo makasine ea rōna e buang ka eona. Ka mohlala, morali e mong oabo rōna o ile a fumana karabelo e ntle ha a etela likolo tse tšeletseng tšimong ea phutheho ea habo ka letoto la lihlooho le buang ka likolo, le hlahileng ho Tsoha! ea January 8, 1996. O boetse a etela litšebeletso tsa tlhokomelo ea malapa ka limakasine tse buang ka bophelo ba lelapa le tlhekefetso ea bana ’me o ile a bolelloa hore a tsoele pele ho tlisa litokollo tse tlang tse sebetsanang le lihlooho tse tšoanang. Karabelo eo a ileng a e fumana ofising ea ba hlokang mosebetsi mabapi le Tsoha! ea March 8, 1996, ka ho hloka mosebetsi e hlalosoa e le “e hlollang.”
30 Molebeli oa setereke o tlaleha hore eena le mosali oa hae kamehla ba paka ka mokhoa o sa reroang ha ba reka mabenkeleng. Ba reka ka nako ea letsatsi ha lebenkele le sa tlala haholo, ’me bareki ba nyolosa le ho theosa liphasejeng tsa lishelofo ba iketlile. Ba tlaleha meqoqo e monate e mengata.
31 Bahoeletsi ba bangata ba tlaleha liphello tse ntle ha ba ntse ba pakela batho libakeng tsa sechaba moo ho hlatsoetsoang teng. Ha ba siee limakasine feela ha ho se na motho. Pakane ea bona ke ho finyella batho ka litaba tse molemo, kahoo ba ikemiselitse ho bua le batho bana ba sebelisang mechine eo.
32 Libakeng tse ling, bahoeletsi ba khethiloeng ba filoe tokelo ea ho paka liemelong tsa lifofane. Ka linako tse ling ba bile le thabo ea ho pakela baeti ba machaba ba phelang linaheng tseo ho tsona batho ba Jehova ba fokolang ka palo. Moo ho fumanoang thahasello, ba fane ka pampitšana kapa limakasine.
33 Haeba ba sa lumelloa ho pakela batho ba lulang lifoleteng tse sirelelitsoeng haholo tšimong ea phutheho eo, ba bang ba tloaetse ho pakela balebeli ba mosebetsing ka bohlale kapa baokameli liofising tse hirisang. Mokhoa o tšoanang oa sebelisoa lihlopheng tsa matlo a bolulo tse sirelelitsoeng ka likeiti tse nang le balebeli. Molebeli oa potoloho le bahoeletsi ba seng bakae ba ile ba etela mehaho e supileng ea lifolete ka tsela ena. Lekhetlong ka leng, ba ile ba bolella mookameli hore le hoja ba sa lumelloa ho etela lifolete tseo ka tsela ea rōna e tloaelehileng, ba ne ba sa batle hore a fetoe ke boitsebiso bo likoranteng tsa morao-rao. Baokameli mehahong eohle e supileng ba ile ba amohela limakasine ka thabo ’me ba kōpa le litokollo tse latelang! Batho ba lulang mehahong e joalo joale ho kopanoa le bona ka thelefono.
34 Ikitlaetse Hore U Bolele Hohle: Ho phelela boinehelo ba rōna ho akarelletsa ho ba le boikutlo ba ho potlaka ka kabelo ea rōna ea ho bolela molaetsa oa ’Muso. E le hore re ka fihla ho batho ka nako e ba loketseng, ho hlokahala hore re behelle lintho tseo re li ratang tsa botho ka thōko e le hore ‘ka mekhoa eohle re ka pholosa ba bang.’ Bahlanka bohle ba inehetseng ba Jehova ba batla hore ba khone ho bua joalokaha ho entse moapostola Pauluse: “Ke etsa lintho tsohle ka lebaka la litaba tse molemo, e le hore nka ba ea li arolelanang le ba bang.”—1 Bakor. 9:22, 23.
35 Pauluse o ile a tsoela pele ho ngola: “Ka hona, ho e-na le hoo ka nyakallo e khōlō ka sebele ke tla ithorisa mabapi le mefokolo ea ka, e le hore matla a Kreste a ka lula holim’a ka joaloka tente. . . . Etsoe ha ke fokola, joale ke ha ke le matla.” (2 Bakor. 12:9, 10) Ka mantsoe a mang, ha ho le ea mong ho rōna ea ka phethang mosebetsi ona ka matla a rōna. Ho hlokahala hore re rapele Jehova bakeng sa moea oa hae o halalelang o matla. Haeba re rapela Molimo bakeng sa matla, re ka kholiseha hore o tla arabela lithapelo tsa rōna. Joale lerato la rōna ho batho le tla re susumelletsa ho sheba menyetla ea ho bolela litaba tse molemo ho bona, hohle moo ba ka fumanoang teng. Bekeng e tlang, ke hobane’ng ha u sa leke e ’ngoe ea litlhahiso tse hlahisitsoeng kenyelletsong ee?