Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 6/97 leq. 1
  • “Etsa Sohle se Matleng a Hao”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Etsa Sohle se Matleng a Hao”
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na U Etsa Sohle Seo U ka se Khonang?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Ho Etsa Sohle se Matleng a Rōna ho Bolela Litaba tse Molemo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • “Le Tšoanela ho ba Batho ba Mofuta Ofe!”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • ‘Ipoloke u E-na le Khotso u se na Letheba le Sekoli’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
km 6/97 leq. 1

“Etsa Sohle se Matleng a Hao”

1 Nakong eo re neng re inehela ho Jehova, re ile ra tšepisa ho mo neha se molemo ka ho fetisisa. Moapostola Petrose ka ho nepahetseng o ile a khothalletsa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ho etsa sohle se matleng a bona ho etsa bonnete ba hore na boemo ba bona ke bofe ka pel’a Jehova. (2 Pet. 1:10) Ka sebele re batla ho etsa sohle se matleng a rōna ho khahlisa Jehova ha re mo sebeletsa kajeno. Sena se akarelletsa eng? Ha kamano ea rōna le Jehova e ntse e teba haholoanyane ’me re nahanisisa ka sohle seo a re etselitseng sona, lipelo tsa rōna li re susumelletsa hore kamehla re etse sohle se matleng a rōna tšebeletsong ea hae. Re batla ho ntlafatsa tšebeletso ea rōna, ’me moo ho khonehang, re e eketse.—Pes. 34:8; 2 Tim. 2:15.

2 Mor’abo rōna e mocha ea neng a batla ho etsa ho eketsehileng tšebeletsong o ile a hlokomela hore ho ithuta Lentsoe la Molimo kamehla ho ile ha tebisa kananelo ea hae ka Jehova le ho mo neha cheseho e eketsehileng. Sena se ile sa mo susumelletsa ho etsa kōpo ea tšebeletso ea bopula-maliboho. Morali’abo rōna ea neng a e-na le bothata ba ho bua le batho bao a sa ba tloaelang o ile a sebelisa tse ling tsa linehelano tse leng bukeng ea Ho Bea Mabaka ’me kapele-pele o ile a qala ho thabela katleho e khōloanyane tšebeletsong ea hae. O ile a khona ho khanna thuto ea Bibele le banyalani ba ileng ba amohela ’nete.

3 Thabela Seo U Khonang ho se Etsa: Ba bang ba rōna ba har’a mathata a kang ho kula, khanyetso ea lelapa, bofutsana kapa ho se thahaselle tšimong. Mathata a mang a mangata a tloaelehileng matsatsing ana a ho qetela a ka sitisa tšebeletso ea rōna. (Luka 21:34, NW, ftn.; 2 Tim. 3:1) Na see se bolela hore re hlōlehile boinehelong ba rōna ho Jehova? Ha rea hlōleha haeba re mo sebeletsa ka sohle se matleng a rōna.

4 Hase bohlale ho ikahlola ka ho ipapisa le seo ba bang ba khonang ho se finyella. Ho e-na le hoo, Mangolo a khothalletsa hore “e mong le e mong a a leke seo mosebetsi oa hae o leng sona.” Ho etsa tšebeletso ea rōna ho fihlela moo re khonang, ho thabisa Jehova ’me ke “sesosa sa thabo e khaphatsehang.”—Bagal. 6:4; Bakol. 3:23, 24.

5 E se eka re ka ela hloko mantsoe a Petrose a hore re ‘etse sohle se matleng a rōna hore qetellong Molimo a re fumane re se na letheba le sekoli ’me re le khotsong.’ (2 Pet. 3:14) Boikutlo boo bo tla re etsa hore re ikutloe re sireletsehile ’me bo tla re tlisetsa khotso ea kelello eo e leng Jehova feela ea ka fanang ka eona.—Pes. 4:8.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela