Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/98 leq. 7
  • Lebokose la Lipotso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebokose la Lipotso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na U Kenya Letsoho ho Etsa Hore Liboka Tsa Bokreste e be Tse Hahang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Mokhoa oa ho Fumana Thabo e Eketsehileng Libokeng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho ba Teng Kamehla Libokeng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Liboka Tsa Lipaki Tsa Jehova li ka U Tsoela Molemo Joang?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
km 4/98 leq. 7

Lebokose la Lipotso

◼ Ke eng seo re ka se etsang ho ntlafatsa katleho ea liboka tsa rōna?

Ba bang ba ka ’na ba e-ba le tšekamelo ea ho nahana hore baholo le bahlanka ba sebeletsang ke bona feela ba ikarabellang ho etsa hore liboka tsa phutheho e be tse atlehileng hobane e le bona ba li tšoarang le ho fana ka lipuo tse ngata. Ka sebele, kaofela ha rōna re le batho ka bomong re ka tlatsetsa libokeng tse thahasellisang le tse ruisang molemo. Re ka thusa ho etsa hore liboka e be tse atlehileng haholoanyane ka litsela tse latelang tse leshome:

Lokisetsa Esale Pele. Ha re lokisetsa hantle, liboka lia re thahasellisa. Ha kaofela ha rōna re etsa sena, liboka e ba tse phelang haholoanyane le tse hahang haholoanyane. E-ba teng kamehla. Lenane le phahameng la ba bang teng le khothatsa haholo ho e mong le e mong ea leng teng, le matlafatsa kananelo ea rōna ka bohlokoa ba ho ba teng. Fihla ka nako. Haeba re lula fatše pele lenaneo le qala, re khona ho kopanela pineng e bulang le thapelong ’me ka tsela eo re rua molemo ka botlalo libokeng. Tloo u itlhomelletse hantle. Ka ho tla le Libibele tsa rōna le (li)sengoliloeng tse tla sebelisoa nakong ea seboka, re khona ho latela le ho utloisisa hamolemo se tšohloang. Qoba litšitiso. Re mamela hamolemo ha re lutse ka pele. Ho hoeshetsa le ho ea matloaneng hangata ho ka re sitisa ’me ha boela ha sitisa ba bang ho tsitsisa mohopolo. Nka karolo. Ha ba bangata ba phahamisa matsoho le ho fana ka litlhaloso, ba bangata baa khothatsoa le ho hahuoa ke lipolelo tsa tumelo. Fana ka litlhaloso tse khutšoanyane. Sena se fa ba bangata monyetla oa ho kopanela. Litlhaloso tsa rōna tse khutšoanyane li lokela ho likoloha feela ho se ithutoang. Etsa likabelo tsa hao. Joaloka liithuti Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo kapa ba nkang karolo Sebokeng sa Tšebeletso, lokisetsang hantle, itlhakiseng hantle esale pele, ’me le etse boiteko ba ho phetha likabelo tsa lōna. Babatsa ba nkang karolo. Bolella ba bang kamoo boiteko ba bona bo ananeloang kateng. Sena sea ba haha ’me se ba susumelletsa ho etsa ho eketsehileng nakong e tlang. Khothatsa ba bang. Tumeliso e mosa le lipuisano tse hahang, pele le ka mor’a liboka, li tlatsetsa thabong le melemong eo re e fumanang ha re tlile libokeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela