Litaba Tsa Puso ea Molimo
Afrika Boroa: Bofelong ba January le mathoasong a February, ho ile ha tšoaroa litlelase tsa Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso tse 23 bakeng sa baholo le bahlanka ba sebeletsang tšimong ea lekala la rōna. Kakaretso ea baholo ba 4 883 e bile teng litlelaseng tsa Labohlano le Moqebelo ’me kakaretso ea bahlanka ba sebe-letsang ba 3 893 e bile teng litlelaseng tsa Sontaha.
Angola: Ho ile ha fihleloa tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 35 034 ka December.
Bangladesh: Kopano ea Setereke ea “Tumelo Lentsoeng la Molimo“ e neng e tšoaretsoe Dacca ho bile le lenane le ikhethang la ba 142, ’me ha kolobetsoa ba 14. Eo e bile palo e fetang habeli palo ea batho ba kileng ba kolobetsoa Bangladesh ka lekhetlo le le leng.
Benin: Kakaretso ea ba bileng teng letotong la Likopano tsa Setereke tsa “Tumelo Lentsoeng la Molimo“ e ile ea fihla ho ba 15 633, moo ho ileng ha kolobetsoa ba 403. Peho ea December e bontšitse tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 5 351.
Liberia: Ho ile ha tšoaroa kopa-no e babatsehang ka December Monrovia, moo ho bileng teng ba 5 158. Ho ile ha tlalehoa tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 2 127 khoeling eo.
Madagascar: Keketseho ea ka-rolo ea 11 lekholong ha ho bapisoa le ea selemong se fetileng e ile ea finyelloa ka December, moo ba 9 226 ba ileng ba kopanela tšebeletsong ea tšimo.