Ho Hlokomela Lintho Tsa Monghali
1 Mehleng ea Bibele motsamaisi o ne a le boemong boo ho bona a ka tšeptjoang haholo. Abrahama o ile a neha motsamaisi oa hae mosebetsi oa ho batlela mora oa hae, Isaka, mosali. (Gen. 24:1-4) Ha e le hantle, motsamaisi o ne a ikarabella ho tiisa hore lesika la Abrahama le tsoela pele. E ne e le boikarabelo bo bokaakang! Hase feela moapostola Pauluse a ileng a re: “Se batloang ho batsamaisi ke hore motho a fumanoe a tšepahala”!—1 Bakor. 4:1, 2.
Botsamaisi ba Bokreste
2 Ka Bibeleng tse ling tsa litšobotsi tsa tšebeletso ea Bokreste li hlalosoa e le botsamaisi. Ka mohlala, moapostola Pauluse o ile a bua le Baefese ka “botsamaisi ba mosa o sa tšoanelang oa Molimo oo ke ileng ka o fuoa bakeng sa lōna.” (Baef. 3:2; Bakol. 1:25) O ile a talima thōmo ea hae ea ho bolella balichaba litaba tse molemo e le botsamaisi boo a neng a lokela ho bo etsa ka botšepehi. (Lik. 9:15; 22:21) Moapostola Petrose o ile a ngolla barab’abo ba tlotsitsoeng: “E-bang le kamohelo e mofuthu ea baeti e mong ho e mong ntle ho ho honotha. Ka tekanyo eo e mong le e mong a amohetseng mpho ka eona, le e sebelise ho sebeletsaneng joaloka batsamaisi ba khabane ba mosa o sa tšoanelang oa Molimo o bontšitsoeng ka litsela tse sa tšoaneng.” (1 Pet. 4:9, 10; Baheb. 13:16) Lintho leha e le life tse bonahalang tseo Bakreste bao ba lekholong la pele la lilemo ba neng ba e-na le tsona li bile teng ka lebaka la mosa o sa tšoanelang oa Jehova. Ka lebaka leo, e ne e le batsamaisi ba lintho tseo ’me ho ne ho hlokahala hore ba li sebelise ka tsela ea Bokreste.
3 Kajeno, Lipaki tsa Jehova li talima lintho ka tsela e tšoanang. Li inehetse ho Jehova Molimo ’me li talima lintho tseo li nang le tsona—bophelo ba tsona, matla a tsona a ’mele, matlotlo a lintho tse bonahalang—e le litholoana tsa “mosa o sa tšoanelang oa Molimo o bontšitsoeng ka litsela tse sa tšoaneng.” Joaloka batsamaisi ba molemo, li ikutloa li ikarabella ho Jehova Molimo ka tsela eo li sebelisang lintho tsena ka eona. Ho phaella moo, li filoe tsebo ea litaba tse molemo. Sena le sona ke letlotlo le behiloeng tlhokomelong ea tsona leo li ratang ho le sebelisa ka tsela e molemo ka ho fetisisa e ka khonehang: ho phahamisa lebitso la Jehova le ho thusa ba bang ho fumana tsebo ea ’nete.—Mat. 28:19, 20; 1 Tim. 2:3, 4; 2 Tim. 1:13, 14.
4 Lipaki tsa Jehova li hlokomela boikarabelo ba tsona joang joaloka batsamaisi? Tlaleho ea selemo le selemo e bontša hore selemong se fetileng feela, lefatšeng ka bophara li sebelitse lihora tse fetang limilione tse sekete li bolela “litaba tsena tse molemo tsa ’muso” le ho khannela batho ba thahasellang lithuto tsa Bibele tse fetang 4500 000. (Mat. 24:14) Ho tšepahala ha tsona joaloka batsamaisi ba lintho tsa Jehova ho boetse ho bonoa menehelong ea tsona ea seatla se bulehileng bakeng sa mosebetsi oa lefatše lohle le ho tšehetsa Liholo tsa ’Muso libakeng tsa habo tsona, ka moea oa tsona oa ho amohela balebeli ba tsamaeang le ba bang esita le ka mosa oa tsona o fetang o tloaelehileng ho batho ba hlokang—joaloka bahlaseluoa ba lintoa. E le sehlopha, Bakreste ba ’nete ba hlokomela lintho tsa Monghali hantle.
“Motsamaisi ea Tšepahalang, ea Masene”
5 Botsamaisi ha bo teng feela boemong ba motho ka mong empa le boemong ba mokhatlo o hlophisitsoeng. Jesu o ile a bitsa phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng lefatšeng “motsamaisi ea tšepahalang, ea masene.” (Luka 12:42) Boikarabelo ba ‘motsamaisi enoa ea tšepahalang’ ke ho nehelana ka “phepelo ea lijo” le ho etella pele mosebetsing oa lefatše lohle oa ho bolela litaba tse molemo. (Tšen. 12:17) Se amanang le sena, sehlopha sa batsamaisi ba tšepahalang, se emetsoeng ke Sehlopha se Busang, se na le boikarabelo bo fanoeng ke Molimo ba ho hlokomela ka ho tšoanetseng “litalenta” tsa lintho tse bonahalang le tsa moea. (Mat. 25:15) Tumellanong le mohlala oa ‘motsamaisi ea tšepahalang,’ makala ka bomong a etsa sohle se matleng a ’ona ho sebelisa menehelo ea chelete ka tsela e nang le boikarabelo bakeng sa ho ntšetsa lithahasello tsa ’Muso pele. Menehelo eohle e joalo e etsoa ka lebaka la ho tšepa hore “motsamaisi ea tšepahalang, ea masene” o jara boikarabelo ba ho etsa bonnete ba hore e sebelisetsoa morero oa eona le hore e sebelisoa ka bohlale, ka tsela e baballang le e atlehileng.
6 Mohlala oa tšebeliso e bohlale ea menehelo ea chelete e bonoe keketsehong ea mosebetsi oa khatiso oa Lipaki tsa Jehova lekholong la bo20 la lilemo. Ho abuoa ha Libibele hammoho le lingoliloeng tsa Bibele—limakasine, libuka, libukana tse boholo ba makasine, libukana, lipampitšana le Kingdom News—ho phethile karolo ea bohlokoa ho phatlalatseng “litaba tse molemo” nakong ena ea ‘matsatsi a ho qetela.’ (Mar. 13:10; 2 Tim. 3:1) ’Me makasine ea Molula-Qhooa e ’nile ea e-ba kofuto e ka sehloohong ea ho fana ka ‘lijo ka nako e tšoanetseng’ ho “lelapa la Molimo” le metsoalle ea lona, “bongata bo boholo” ba “linku tse ling.”—Mat. 24:45; Baef. 2:19; Tšen. 7:9; Joh. 10:16.
7 Qalong, lingoliloeng tsohle tsa Lipaki tsa Jehova li ne li etsoa ke lifeme tsa lefatše tsa khatiso. Empa lilemong tsa bo-1920, ho ile ha etsoa qeto ea hore ho tla ba bohlale haholo le ho ba tsoela molemo moeeng haeba bahlanka ba Jehova ba ka ikhatisetsa lingoliloeng ka bobona. Ho qaloa ka tsela e nyenyane ka 1920, mosebetsi oa khatiso o ile oa hōla butle-butle Brooklyn, New York, ho fihlela o e-ba moholo haholo. Ka 1967 mehaho ea khatiso e ne e akaretsa sebaka se lekanang le liboloko tse ’nè tsa motse. Mosebetsi oa khatiso o ne o tsoela pele linaheng tse ling, empa linaheng tse ngata o ile oa sitisoa ke Ntoa ea II ea Lefatše.
8 Ho sa tsotellehe hore na mosebetsi oa khatiso o etsoang United States o ile oa eketseha hakae, ha ho mohla o kileng oa e-ba moholo ka ho lekaneng hore o ka fepela lefatše lohle. Ka lebaka leo, lilemong tsa ka mor’a ntoa, mosebetsi oa khatiso o ile oa qalisoa kapa o ne o se o ntse o tsoela pele linaheng tse ling tse ngata tse akarelletsang Afrika Boroa, Canada, Denmark, Engelane, Greece, Jeremane Bophirimela le Switzerland. Mathoasong a lilemo tsa bo-1970, Australia, Brazil, Finland, Ghana, Japane, Nigeria le Philippines li ile tsa eketsoa lethathamong lena. Tse ling tsa linaha tsena li ne li boetse li etsa libuka tse sekoahelo se thata. Hape, mathoasong a lilemo tsa bo-1970, baromuoa ba Gileade ba ile ba koetlisetsoa mesebetsi ea ho hatisa ’me ba romeloa ho tse ling tsa linaha tsena ho ea thusa barab’abo rōna ka mosebetsi oa khatiso.
9 Lilemong tsa bo-1980, lenane la linaha tseo limakasine li neng li hatisoa ho tsona le ile la finyella tlhōrō ea tse 51.a Sena se ile sa ipaka e le tšebeliso e ntle hakaakang ea lintho tsohle tsa Monghali! E bile bopaki bo matla hakaakang ba keketseho ea mosebetsi oa ’Muso! ’Me e bile bopaki bo matla hakaakang ba tšehetso ea seatla se bulehileng ea Lipaki tsa Jehova ka bomong tse limilione tse ‘tlotlisang Jehova ka lintho tsa tsona tsa bohlokoa’! (Liprov. 3:9, NW) Ka hona, li ipakile e le batsamaisi ba lintho tse babatsehang ka seo Jehova a li hlohonolofalitseng ka sona ka litsela tse fapaneng.
Ho Fetohela Mekhoeng e Mecha
10 Mathoasong a lilemo tsa bo-1970 le bo-1980, ho ile ha etsoa khatelo-pele e khōlō theknolojing ea ho hatisa, ’me Lipaki tsa Jehova li ile tsa sebelisa mekhoa e mecha ea ho hatisa. Nakong e fetileng, li ne li sebelisa letterpress ea boholo-holo bakeng sa ho hatisa. Butle-butle sena se ile sa fetoha ha li qala ho sebelisa mechine ea morao-rao ea khatiso ea offset. Ka lebaka leo, ho hlahisoa lingoliloeng tse ntle tse nang le litšoantšo tsa mebala e feletseng ho fapana le litšoantšo tsa mebala e ’meli feela (o motšo le o mong) tse neng li khoneha ho letterpress ea boholo-holo. Ho feta moo, thekonoloji ea lik’homputha e fetotse tšebetso eohle ea khatiso (ho lokisetsa khatiso). Lipaki tsa Jehova li ile tsa qapa Multilanguage Electronic Phototypesetting System (MEPS), e leng tsamaiso ea lik’homputha e tšehetsang mosebetsi oa khatiso ka lipuo tse fapa-fapaneng tse fetang 370. Ha ho lenaneo la lik’homputha la khoebo le ka tšoanang le MEPS hammoho le bokhoni ba eona ba ho sebetsa ka lipuo tse ngata hakana.
11 Ka thuso ea theknoloji ea MEPS le tšebeliso ea lintho tse ling tse kang electronic mail, ho ile ha etsoa khatelo-pele e khōlō ho hlahiseng lijo tsa moea ka nako e loketseng. Nakong e fetileng, ho sebelisoa theknoloji ea khalenyana, boitsebiso bo neng bo se bo fumaneha limakasineng tsa Senyesemane bo ’nile ba fumaneha ka lipuo tse ling likhoeli hamorao ’me ka linako tse ling esita le selemo hamorao. Hona joale, Molula-Qhooa o hatisoa ka nako e le ’ngoe ka lipuo tse fapaneng tse 115, ’me Tsoha! eona ka tse 62. Sena se bolela hore lefatšeng ka bophara karolo e fetang 95 lekholong ea ba bang teng Thutong ea Molula-Qhooa ea beke le beke ea Lipaki tsa Jehova e tšohla boitsebiso bo tšoanang ka nako e tšoanang. Sena ke tlhohonolofatso e kaakang! Ka sebele e bile tšebeliso e babatsehang haholo ea lintho tsa Monghali ho etsa letsete theknolojing ena eohle e ncha!
Litlhoko Tse Fapa-fapaneng tsa Mokhatlo o Hlophisitsoeng
12 Litsamaiso tsena tse ncha li fetotse litlhoko tsa mokhatlo o hlophisitsoeng tsa tšebetso ea lefatšeng ka bophara ea khatiso ea Lipaki tsa Jehova. Mechine ea khatiso ea offset e sebetsa ka potlako ho feta li-letterpress tsa boholo-holo, empa e boetse e bitsa chelete e ngata haholoanyane. Litsamaiso tsa k’homputha tse tšehetsang mesebetsi ena, e kang ea bongoli, ea phetolelo, litšoantšo le ho hlophisoa ha boitsebiso bakeng sa khatiso, le hoja ka nako e tšoanang li le molemo ho feta mekhoa ea khale, le tsona li bitsa chelete e ngata haholo. Kapele-pele ho ile ha hlaka hore ho ne ho se ho sa boloke litjeho li le tlaase ho hatisa limakasine linaheng tse fapaneng tse 51. Ka lebaka leo, ka bo-1990, “motsamaisi ea tšepahalang” o ile a hlahlobisisa boemo bona hape. Qeto e bile efe?
13 Liphuputso li ile tsa bontša hore “lintho tsa bohlokoa” tse nehetsoeng ke Lipaki tsa Jehova le metsoalle ea tsona li ka sebelisoa hamolemo haeba mosebetsi oa khatiso o ka kopanngoa. Ka lebaka leo lenane la makala a hatisang le ile la fokotseha butle-butle. Jeremane ke eona e seng e etsa mosebetsi oa ho hatisa limakasine le libuka bakeng sa linaha tse ngata tsa Europe Bochabela le Bophirimela, ho akarelletsa le linaha tse ling tseo pele li neng li iketsetsa mosebetsi oa tsona oa khatiso. Italy e hatisetsa likarolo tse ling tsa Afrika le Europe boroa-bophirimela limakasine le lingoliloeng, ho akarelletsa le Greece le Albania. Afrika, ho hatisoa ha limakasine ho lekanyelitsoe Nigeria le Afrika Boroa. Ho kopanngoa ho tšoanang ho entsoe ho pota lefatše.
Mabaka a Lokelang ho Sekasekoa
14 Ho ea bofelong ba July 1998, ho hatisoa ha limakasine ho tla khaotsoa linaheng tse ngata tsa Europe, ho akarelletsa le Austria, Denmark, Fora, Greece, Netherlands le Switzerland. Mosebetsi oa khatiso Europe o tla etsoa ke Brithani, Finland, Italy, Jeremane, Spain le Sweden. Ka tsela ena, litjeho tse sa hlokahaleng li tla qojoa ’me menehelo e sebelisoe ka tsela e molemo bakeng sa mosebetsi oa lefatše lohle. Ho ile ha etsoa qeto joang hore na ke linaha life tse tla tsoela pele e le libaka tsa ho hatisa le hore na ke linaha life tse tla khaotsa ho hatisa? Tumellanong le taelo ea ho hlokomela lintho tsa Monghali ka bohlale, “motsamaisi ea tšepahalang” ka tsela e hlokolosi o ile a lekanyetsa molemo oa ho hatisa sebakeng ka seng.
15 Lebaka la sehlooho leo ka lona mosebetsi oa khatiso o khaolitseng linaheng tse ling le lebaka la hore ho kopanngoe lintho ho tse ling ke hore sena sea sebetsa. Hore naha e le ’ngoe e hatise lingoliloeng bakeng sa linaha tse ling tse ngata ho molemo haholoanyane ’me ke mokhoa o molemo oa ho sebelisa thepa e bitsang chelete e ngata. Hona joale mosebetsi oa khatiso o etsoa moo litšenyehelo li leng tlaase teng, moo thepa e fumanehang habonolo le moo ho nang le libaka tsa ho romela thepa tse loketseng. Ka hona, lintho tsa Monghali li sebelisoa ka ho loketseng. Ha e le hantle, ho khaotsa ho hatisa naheng eo ha ho bolele hore mosebetsi oa boboleli o tla khaotsa. Ho tla ’ne ho fumanehe lingoliloeng tse ngata tse hatisitsoeng, ’me Lipaki tsa Jehova tse likete tse makholo linaheng tseo li tla ’ne li tsoele pele ka cheseho ho bolella baahelani ba tsona “litaba tse molemo tsa khotso.” (Baef. 2:17) Ho feta moo, ho hlophisoa bocha hona ha lintho ho feletse ka melemo e meng.
16 Ho bolela molemo o le mong, boholo ba mechine ea morao-rao ea khatiso e tsoang Denmark, Greece, Netherlands le Switzerland e ile ea isoa Nigeria le Philippines. Basebelisi ba mechine ba koetlisitsoeng ba tsoang linaheng tsa Europe ba ile ba amohela memo ea ho tsamaea le mechine ea khatiso le ho ea koetlisa barab’abo rōna libakeng tseo hore ba e sebelise. Ka lebaka leo, hona joale linaha tseo li fumana limakasine tsa boleng bo phahameng tse tšoanang le tseo linaha tse ling li nang le tsona.
17 Nahana ka molemo o mong: Litšenyehelo tsa ho hatisa limakasine li lekanyelitsoe feela linaheng tse ’maloa moo khatiso e ntseng e tsoela pele teng. Ka lebaka leo, linaheng tseo ho tsona mosebetsi oa ho hatisa o khaolitseng, chelete ea fumaneha bakeng sa merero e meng, e kang ea ho hahuoa ha Liholo tsa ’Muso le ho thusa ho hlokomela litlhoko tse ling tsa barab’abo rōna linaheng tse futsanehileng. Ka hona, tšebeliso e hlokolosi ea lintho tsa Monghali e bolela hore mantsoe a Pauluse ho Bakorinthe a ka sebelisoa ka ho atlehileng haholoanyane lefatšeng lohle: “Ha ke bolele hore ho be bonolo bakeng sa ba bang, empa ho be thata ho lōna; empa hore ka ho leka-lekanya botlallo ba lōna hona joale bo ka koala khaello ea bona . . . e le hore ho leka-lekanya ho ka ba teng.”—2 Bakor. 8:13, 14.
18 Ka lebaka la ho kopanya lintho hona, Lipaki tsa Jehova ho pota lefatše li hokahantsoe hammoho ho feta leha e le neng pele. Hase bothata ho Lipaki tsa Denmark hore limakasine tsa tsona li hatisoe Jeremane, le hoja li ne li tloaetse ho ikhatisetsa limakasine tsa tsona. Li leboha tšebeletso ea barab’abo tsona ba Jeremane. Na Lipaki tsa Jehova tsa Jeremane li nyatsa taba ea hore ebe menehelo ea tsona e sebelisetsoa ho fana ka lingoliloeng tsa Bibele bakeng sa Denmark—kapa bakeng sa Russia, Ukraine le linaha tse ling? Le hanyenyane! Li thabela ho tseba hore menehelo ea barab’abo tsona linaheng tseo joale e ka sebelisetsoa merero e meng ea bohlokoa.
Ho Hlokomela Thepa ea Monghali
19 Holong e ’ngoe le e ’ngoe ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova ho pota lefatše, ho na le mabokose a monehelo moo u ka nokelang menehelo ea hao. Menehelo ea boithatelo e kenngoang ka mabokoseng ana ke bakeng sa hore e sebelisoe leha e le hokae moo ho nang le tlhokahalo teng. Hore na menehelo ena e lokela ho sebelisoa joang, qeto e etsoa ke “motsamaisi ea tšepahalang” le makala ka bomong. Ka hona, moo ho lumeletsoeng ka molao, chelete e kenngoang ka lebokoseng la monehelo naheng e ’ngoe e ka tšehetsa mesebetsi ea Lipaki tsa Jehova naheng e ’ngoe e bohōle ba lik’hilomithara tse likete. Linaheng tse ling menehelo e ’nile ea sebelisetsoa ho nehelana ka thuso maemong a tšohanyetso ho balumeli-’moho ba utloang bohloko ka lebaka la lintho tse kang maholiotsoana, lifefo tse matla, litšisinyeho tsa lefatše le lintoa tsa baahi. ’Me menehelo e joalo e sebelisetsoa ho tšehetsa baromuoa linaheng tse fetang 200.
20 Liphuthehong tsa Lipaki tsa Jehova, ka kakaretso tlaleho ea lichelete e baloa hang feela ka khoeli—ka metsotso e seng mekae feela. Ha ho lipoleiti tsa koleke tse fetisoang Liholong tsa ’Muso kapa likopanong. Ha ho likōpo tse qelang chelete tse romeloang ho batho ka bomong. Ha ho mekhoa ea ho etsa chelete e sebelisoang. Ka tloaelo, hang ka selemo, Molula-Qhooa o na le sehlooho se le seng se hlalosang kamoo ba ratang ba ka etsang menehelo ho Watch Tower Bible and Tract Society molemong oa ho tšehetsa mosebetsi oa lefatše lohle. Hase hangata Tsoha! e buang ka lichelete tsa Mokhatlo. Joale, mosebetsi o moholohali hakana oa lefatše lohle oa ho bolela litaba tse molemo, ho haha Liholo tsa ’Muso tse hlokahalang, ho hlokomela ba leng tšebeletsong e khethehileng, le ho thusa Bakreste ba hlokang o finyelloa joang? Jehova o hlohonolofalitse batho ba hae ka tsela e babatsehang ka moea oa ho fana ka seatla se bulehileng. (2 Bakor. 8:2) Re nka monyetla ona ho leboha bohle ba bileng le seabo ho ‘tlotliseng Jehova ka lintho tsa bona tsa bohlokoa.’ Ba ka kholiseha hore “motsamaisi ea tšepahalang” o tla tsoela pele ho hlokomela lintho tsa Monghali. ’Me re rapela hore Jehova a tsoele pele ho hlohonolofatsa litokisetso tsohle tse etsoang bakeng sa keketseho ea mosebetsi oa lefatše lohle.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Linaheng tsena tse supileng mosebetsi oa khatiso o ne o etsoa ke lifeme tsa lefatše.