Khaolo 26
Ho Hlahisa Lingoliloeng Tsa Bibele Bakeng sa ho Sebelisoa Tšebeletsong
LENTSOE le ngotsoeng le phethile karolo ea bohlokoa borapeling ba ’nete. Jehova o ile a fa Iseraele Melao e Leshome, pele e bile ka molomo ’me hamorao ea e-ba ka sebōpeho se ngotsoeng. (Ex. 20:1-17; 31:18; Ba-Gal. 3:19) E le ho tiisa hore Lentsoe la hae le ne le tla fetisoa ka nepo, Molimo o ile a laela Moshe le letoto le lelelele la baprofeta le baapostola ba tlileng ka morao ho eena hore ba ngole.—Ex. 34:27; Jer. 30:2; Hab. 2:2; Tšen. 1:11.
Boholo ba mangolo ao a pele-pele bo ne bo entsoe meqolong. Leha ho le joalo, lekholong la bobeli la lilemo C.E., ho ile ha qaptjoa codex, kapa buka e nang le maqephe. Ena e ne e le e bolokang litšenyehelo haholoanyane ebile ho le bonolo ho e sebelisa. ’Me Bakreste e ne e le bona ba ka pele-pele ba e sebelisang, kaha ba ne ba bona molemo oa eona ho haseng litaba tse molemo tse buang ka ’Muso oa Molimo oa Bomessia. Moprofesa E. J. Goodspeed, bukeng ea hae Christianity Goes to Press, o bolela tjena mabapi le Bakreste bao ba pele-pele joaloka bahatisi ba libuka: “Hase feela hore ba ne ba le nakong litabeng tse joalo mehleng ea bona, ba ne ba tsoetse pele ho e feta, ’me bahatisi ba makholo a lilemo a latelang ba ba latetse.”—1940, leq. 78.
Kahoo, ha ho hlahe e le ntho e makatsang hore e be Lipaki tsa Jehova kajeno, e le baboleli ba ’Muso oa Molimo, ka litsela tse ling ba bile har’a ba ka pele-pele indastering ea khatiso.
Ho Lokisetsa Lingoliloeng Bakeng sa Liithuti tsa Pele-pele tsa Bibele
Se seng sa lihlooho tsa pele se ngotsoeng ke C. T. Russell se ile sa hatisoa, ka 1876, ho Bible Examiner, e hlophisitsoeng ke George Storrs oa Brooklyn, New York. Ka mor’a hore Moena Russell a kopanele le N. H. Barbour oa Rochester, New York, Russell o ile a fana ka lichelete bakeng sa ho hatisoa ha buka Three Worlds le pampiri e neng e tsejoa e le Herald of the Morning. O ile a sebeletsa e le mothusi oa mohlophisi oa pampiri eo ’me, ka 1877, o ile a sebelisa thepa ea Herald ho hatisa bukana The Object and Manner of Our Lord’s Return. Moena Russell o ne a e-na le kelello e chatsi litabeng tsa moea hammoho le tsa khoebo, empa e ne e le Barbour ea neng a e-na le phihlelo tabeng ea ho seta litlhaku le ho hlophisa boitsebiso ka thuso ea mechine.
Leha ho le joalo, ha Barbour a hana ho lumela molemo oa ho phekola sebe oa sehlabelo sa thekollo sa Jesu Kreste, Moena Russell o ile a khaola likamano le eena. Kahoo, ka 1879, ha Russell a nka boikarabelo ba ho hatisoa ha Zion’s Watch Tower and Herald of Christ’s Presence, o ile a tlameha ho itšetleha ka bahatisi ba khoebo.
Selemong se latelang lethathamo la pele la lipampitšana tse reretsoeng ho hapa thahasello ea batho linneteng tsa Bibele le ile la lokisetsoa bakeng sa khatiso. Kapele-pele mosebetsi ona e ile ea e-ba o moholohali. E le ho o laola hantle, ho ile ha thehoa Zion’s Watch Tower Tract Society ka February 16, 1881, ’me W. H. Conley e le mopresidente ha C. T. Russell e le mongoli le ramatlotlo. Ho ile ha etsoa litokisetso bakeng sa hore khatiso e etsoe ke lifeme tsa khoebo metseng e meholo e fapa-fapaneng ea Pennsylvania, New York, le Ohio, hammoho le Brithani. Ka 1884, Zion’s Watch Tower Tract Societya e ile ea ngolisoa ka molao, ’me C. T. Russell e le mopresidente, ’me molao oa ’ona oa motheo o ile oa bontša hore e ne e se feela mokhatlo o neng o tla tsamaisa khatiso. Sepheo sa oona sa sebele e ne e le sa bolumeli; o ile oa thehoa ka molao bakeng sa ho “abjoa ha Linnete tsa Bibele ka lipuo tse sa tšoaneng.”
Pakane eo e ile ea phehelloa ka cheseho e kaakang! Ka 1881, nakong ea likhoeli tse ’nè, ho ile ha hatisoa lipampitšana tse 1 200 000 tse nang le maqephe a ka bang 200 000 000 ka kakaretso. (Ha e le hantle tse ngata tsa “lipampitšana” tsena e ne e le libukana.) Ka mor’a moo, tlhahiso ea lipampitšana tsa Bibele bakeng sa ho abjoa ntle ho tefo e ile ea phahamela mashomeng a limillione selemo le selemo. Lipampitšana tsena li ile tsa hatisoa ka lipuo tse ka bang 30 ’me ha lia ka tsa abjoa Amerika feela empa hape le Europe, Afrika Boroa, Australia, le linaheng tse ling.
Karolo e ’ngoe ea mosebetsi e ile ea qalisa ka 1886, ha Moena Russell a qeta ho ngola The Divine Plan of the Ages, ea pele lethathamong la meqolo e tšeletseng eo a ileng a e ngola ka boeena. Mabapi le ho hatisoa ha meqolo e mene ea pele lethathamong leo (1886-97), hammoho le lipampitšana le Molula-Qhooa (oa Senyesemane) ho tloha ka 1887 ho ea ho 1898, o ne a sebelisa Tower Publishing Company.b Khabareng, ho seta litlhaku le ho hlophisa boitsebiso ka mochine ho ne ho etsoa ke baena Bible House Pittsburgh. E le ho fokotsa litšenyehelo, ba ile ba boela ba reka pampiri bakeng sa khatiso. Ha e le bakeng sa khatiso le ho kopanngoa ha libuka, hangata Moena Russell o ne a etsa liodoro lifemeng tse ngata. O ne a lokisetsa ka hloko, a odora thepa e ngata haholo esale pele hore a tle a fumane litheolelo tse ntle. Ho tloha nakong eo ho hatisoang buka ea pele e ngotsoeng ke C. T. Russell ho fihlela ka 1916, ho ile ha hlahisoa le ho abjoa kakaretso ea 9 384 000 ea meqolo eo e tšeletseng.
Ho hatisoa ha lingoliloeng tsa Bibele ha hoa ka ha khaotsa ha Moena Russell a e-shoa. Selemong se latelang ho ile ha hatisoa moqolo oa bosupa oa Studies in the Scriptures. O ile oa lokolleloa lelapa la Bethele ka July 17, 1917. O ile oa batloa haholo hoo qetellong ea selemo seo, Mokhatlo o ileng oa etsa liodoro tsa likopi tse 850 000 ka Senyesemane ho bahatisi ba khoebo le ba kopanyang libuka. Likhatiso ka lipuo tse ling li ne li ntse li hlahisoa Europe. Ho phaella moo, selemong seo ho ile ha hatisoa lipampitšana tse ka bang limillione tse 38.
Empa joale, nakong ea mahloriso a sehlōhō ka 1918, ha ba boholong Mokhatlong ba ne ba kentsoe teronkong ka phoso, ntlo-khōlō ea bona (e Brooklyn, New York) e ile ea qhaqhoa. Lipoleiti tsa khatiso li ile tsa senngoa. Basebetsi ba fokotsehileng haholo ba ile ba khutlisetsa ofisi Pittsburgh mokatong oa boraro mohahong o mong 119 Federal Street. Na hoo ho ne ho tla felisa ho hlahisa ha bona lingoliloeng tsa Bibele?
Na Ba Lokela ho Ikhatisetsa?
Ka mor’a ho lokolloa teronkong ha mopresidente oa Mokhatlo, J. F. Rutherford, le metsoalle ea hae, Liithuti tsa Bibele li ile tsa bokana Cedar Point, Ohio, ka 1919. Li ile tsa nahana ka seo Molimo a se lumelletseng hore se etsahale selemong se ka pele le ka seo Lentsoe la hae le se bontšitseng hore ba ne ba lokela ho se etsa matsatsing a larileng ka pele. Tsebiso e ile ea etsoa ea hore makasine o mocha, The Golden Age, o ne o tla hatisoa e le kofuto e tla sebelisoa ho supisa batho ’Musong oa Molimo e le oona feela tšepo ea batho.
Joalokaha o ne o entse nakong e fetileng, Mokhatlo o ile oa lokisetsa hore feme ea khoebo e be eona e hatisang. Empa linako li ne li fetohile. Ho ne ho e-na le mathata pakeng tsa baokameli le basebetsi indastering ea khatiso le mathata ’marakeng oa pampiri. Ho ne ho hlokahala tokisetso eo ho ka itšetlehoang ka eona haholoanyane. Baena ba ile ba rapela ka taba ena ’me ba letela tataiso ea Morena.
Pele ho tsohle, ba ne ba lokela ho hloma liofisi tsa Mokhatlo hokae? Na ba lokela ho khutlisetsa ntlo-khōlō Brooklyn? Boto ea batsamaisi ba Mokhatlo e ile ea nahana ka taba ena, ’me ho ile ha khethoa komiti hore e shebane le boemo boo.
Moena Rutherford o ile a laela C. A. Wise, motlatsi oa mopresidente oa Mokhatlo, hore a ee Brooklyn ho ea bona hore na a ke ke a boela a bula Bethele le ho hira meaho moo Mokhatlo o ka qalisang mesebetsi ea khatiso. A lakatsa ho tseba hore na Molimo o ne a tla hlohonolofatsa tsela efe, Moena Rutherford o ile a re: “Tsamaea ’me o bone hore na ebe ke thato ea Morena hore re khutlele Brooklyn.”
Moena Wise o ile a botsa: “Ke tla fumana joang hore na ke thato ea Morena hore re khutlele kapa che?”
Moena Rutherford o ile a arabela: “Re ile ra ntšoa Brooklyn ka lebaka la ho hlōleha ho fumana phepelo ea mashala ka 1918 ’me ra khutlela Pittsburgh.c A re etse teko ka mashala. Tsamaea ’me o odore mashala.”
“U nahana hore ke lokela ho odora litone tse kae ho etsa teko ee?”
Moena Rutherford o ile a etsa tlhahiso: “Etsa teko e toma. Odora litone tse 500.”
Ke sona seo Moena Wise a ileng a se etsa. ’Me phello e ile ea e-ba efe? Ha a etsa kōpo ho ba boholong, o ile a fuoa lengolo la hore a fumane litone tse 500 tsa mashala—a lekaneng ho hlokomela seo ba se hlokang ka lilemo tse ’maloa! Empa ba ne ba tla a beha hokae? Likarolo tse khōlō tse ka tlaase ho mohaho oa Lehae la Bethele li ile tsa fetoloa setoro sa mashala.
Phello ea teko ena e ile ea nkoa e le pontšo e sa foseng ea thato ea Molimo. Mathoasong a October 1919, ba ne ba boetse ba qalile ho ntšetsa pele tšebeletso ea bona ba le Brooklyn.
Joale, na ba lokela ho ikhatisetsa? Ba ile ba etsa boiteko ba ho reka mochine o hatisang oa rotary bakeng sa limakasine empa ba bolelloa hore ho ne ho e-na le e fokolang feela United States le hore ho ne ho se na monyetla oa ho fumana o mong ka likhoeli tse ngata. Leha ho le joalo, ba ne ba e-na le tšepo ea hore haeba e ne e le thato ea Morena, o ne a ka bula tsela. ’Me o ile a fela a e bula!
Ka mor’a likhoeli tse seng kae feela ba khutletse Brooklyn, ba ile ba atleha ho reka mochine o hatisang oa rotary. Matlo a robeli ho tloha Lehaeng la Bethele, 35 Myrtle Avenue, ba ile ba hira mekato e meraro mohahong o mong ka konteraka. Mathoasong a 1920, Mokhatlo o ne o e-na le sebaka sa oona sa khatiso—se le senyenyane, empa se e-na le thepa e felletseng. Baena ba neng ba e-na le phihlelo e lekaneng ea ho sebetsa ka mochine ona ba ile ba itlhahisa bakeng sa ho thusa ka mosebetsi ona.
Tokollo ea February 1 ea Molula-Qhooa (oa Senyesemane) selemong seo e ile ea hatisoa ka mochine oa Mokhatlo. Ka April, The Golden Age le eona e ne e hlahisoa mochineng oa Mokhatlo. Qetellong ea selemo, Molula-Qhooa (oa Senyesemane) o ile oa thabela ho tlaleha sena: “Nakong e ngata haholoanyane ea selemo mosebetsi oohle ho MOLULA-QHOOA, THE GOLDEN AGE, le libukana tse ngata, o ’nile oa etsoa ke matsoho a batho ba inehetseng, ’me tšusumetso e le ’ngoe e ne e tsamaisa liketso tsa bona, ’me tšusumetso eo e le ho rata Morena le tsela ea hae ea ho loka. . . . Ha likoranta tse ling le lingoliloeng tse ling ho ne ho hlokahala hore li khaotse ka nakoana ka lebaka la ho haella ha pampiri kapa mathata a basebetsi, lingoliloeng tsa rōna li ile tsa tsoela pele ntle ho mathata.”
Sebaka sa fektheri se ne se batla se fokola, empa mosebetsi o neng o etsoa moo e ne e le o makatsang. Palo ea Molula-Qhooa e neng e hatisoa e ne e le likopi tse 60 000 tokollo ka ’ngoe. Empa The Golden Age le eona e ne e hatisoa moo, ’me selemong sa pele, tokollo ea September 29 e ne e le e ikhethileng. E ne e e-na le boitsebiso bo batsi bo pepesang bahlohlelletsi ba ho hlorisoa ha Liithuti tsa Bibele ho tloha ka 1917 ho ea ho 1920. Ho ile ha hatisoa likopi tse limillione tse ’nè! E mong oa ba sebetsang mochineng oa khatiso fekthering hamorao o ile a re: ‘E mong le e mong ka ntle ho moapehi o ile a thusa hore tokollo eo e tsoe.’
Selemong sa pele ba sebelisa mochine o hatisang limakasine oa rotary, Moena Rutherford o ile a botsa baena hore na ba ka boetse ba hatisa le libukana mochineng oo. Qalong, ho ne ho sa bonahale eka ho ka etsahala. Baetsi ba mochine oo ba ile ba re ho ke ke ha etsahala. Empa baena ba ile ba leka ’me ba e-ba le katleho e ntle. Ba ile ba boela ba iqapela o menang kahoo ba fokotsa basebetsi ba hlokahalang bakeng sa karolo eo ea mosebetsi ho tloha ho ba 12 ho ea ho ba babeli. Ba ile ba thusoa ke eng hore ba atlehe? Mookameli oa fektheri o ile a akaretsa taba ka hore ke “phihlelo le tlhohonolofatso ea Morena.”
Leha ho le joalo, hase Brooklyn feela moo Mokhatlo o neng o qalisa mesebetsi ea khatiso. E meng ea mesebetsi ea lipuo lisele e ne e tsamaisoa ho tloha ofising e Michigan. E le ho hlokomela litlhokahalo tse amanang le mosebetsi oo, ka 1921 Mokhatlo o ile oa hloma mochine oa Linotype, mechine ea khatiso, le thepa e ’ngoe e hlokahalang Detroit, Michigan. Moo libuka li ile tsa hatisoa ka Sepolishe, Serussia, Seukraine, le ka lipuo tse ling.
Selemong sona seo, Mokhatlo o ile oa lokolla buka The Harp of God, e neng e ngotsoe ka mokhoa o loketseng bakeng sa ba qalang thutong ea Bibele. Ho fihlela ka 1921 Mokhatlo o ne o e-s’o leke ho ikhatisetsa libuka le ho ikopanyetsa tsona. Na ba lokela ho ikemisetsa ho etsa le mosebetsi oo? Le mona ba ile ba boela ba batla tataiso ea Morena.
Baena ba Inehetseng ba Hatisa Libuka le ho li Kopanya
Ka 1920, Molula-Qhooa (oa Senyesemane) o ne o ile oa tlaleha hore barekisi ba bangata ba libuka tsa bolumeli ba ’nile ba qobelloa ho tlohela tšebeletso eo hobane bahatisi ba libuka le ba li kopanyang ba ile ba hlōleha ho finyella liodoro tsa Mokhatlo. Baena ntlo-khōlō ba ile ba beha mabaka ka hore haeba ba ne ba ka tlohela ho itšetleha ka lifeme tsa khoebo ka likhathatso tsohle tsa tsona tsa basebetsi, ba ka ba boemong ba ho finyella bopaki bo boholoanyane mabapi le morero oa Molimo ka batho. Haeba ba ne ba ikhatisetsa libuka le ho ikopanyetsa tsona, ho ne ho tla boetse ho e-ba thata haholoanyane hore bahanyetsi ba kena-kenane le mosebetsi. ’Me ka mor’a nako ba ne ba tšepa hore ba tla khona ho fokotsa litšenyehelo tsa libuka tsena kahoo ba ka ba boemong ba ho etsa hore batho ba li fumane habonolo.
Empa sena se ne se tla hloka sebaka le thepa e eketsehileng, ’me ba ne ba tla tlameha ho ithuta mahlale a macha. Na ba ne ba ka ho etsa? Robert J. Martin, molebeli oa fektheri, o ile a hopola hore mehleng ea Moshe, Jehova o ne a ‘tlatsitse Betsaleele le Oholiabe ka bohlale, hore ba tle ba sebetse mesebetsi eohle’ e hlokahalang ho haha tabernakele e halalelang. (Ex. 35:30-35) A hopotse ka tlaleho eo ea Bibele, Moena Martin o ne a kholisehile hore Jehova o ne a ka boetse a etsa eng kapa eng e neng e hlokahala e le hore bahlanka ba hae ba ka hatisa libuka bakeng sa ho phatlalatsa ’Muso.
Ka mor’a ho thuisa haholo le thapelo, ho ile ha hlaha merero e tobileng. Ha a hetla morao ho se etsahetseng, hamorao Moena Martin o ile a ngolla Moena Rutherford: “Letsatsi le leholohali ho ’ohle ke letsatsi leo u ileng oa batla ho tseba hore na ho na le lebaka leha e le lefe le utloahalang la hore re se ke ra ikhatisetsa libuka le ho ikopanyetsa tsona. E ne e le khopolo e tsotehang, hobane e ne e bolela ho qalisa sebaka sa mechine ea ho seta litlhaku, ho maneha ka tšepe, ho hatisa libuka le ho li kopanya, ho sebelisoa mechine e mengata e sa tloaelehang, haholo-holo e le mechine eo re neng re sa tsebe le hore e teng, le tlhokahalo ea ho ithuta mesebetsi e mengata ea matsoho. Empa ho ne ho bonahala e le eona tsela ea ho tobana le litheko tse phahameng tse lefisoang libuka ka mor’a ntoa.
“U ile oa hira ka konteraka mohaho o mekato e tšeletseng o 18 Concord Street (o e-na le bahiri mekatong e ’meli); ’me ka March 1, 1922, ra kena ho oona. U ile oa re rekela thepa e felletseng ea mechine ea ho seta litlhaku, ho maneha ka tšepe, ho hatisa libuka le ho li kopanya, boholo ba eona e le ncha, e ’ngoe e le e kileng ea sebelisoa; ’me ra qala mosebetsi.
“Khoebo e ’ngoe e khōlō ea khatiso e neng e ntse e re etsetsa boholo ba mosebetsi e ile ea utloa ka seo re se etsang ’me ea tla, re etetsoe ke mookameli oa khoebo eo ka seqo. O ile a bona thepa e ncha ’me ka ho ea ka phihlelo a re, ‘Le na le mochine oa khatiso o motlehali, ’me ha ho mang kapa mang mona ea tsebang letho ka hore na o sebetsa joang. Ka likhoeli tse tšeletseng feela o tla be o se na thuso; ’me le tla fumana hore batho ba lokelang ho le hatisetsa ke ba ’nileng ba ho etsa ka mehla, le ba amehang khoebong ea khatiso.’
“Hoo ho ne ho utloahala ho e-na le kelello, empa ho ne ho qheletse Morena ka thōko; ’me o ’nile a ba le rōna ka mehla. Ha ho qaloa mosebetsi oa ho kopanya libuka Morena o ile a romela moena ea qetileng bophelo bohle ba hae khoebong ea ho kopanya libuka. O ne a tla sebelisoa haholo nakong eo a neng a hlokahala haholo. A e-na le mothusi oa hae, le moea oa Morena o sebetsa ka baena ba lekang ho ithuta, ha hoa re nka nako e telele pele re etsa libuka.”
Kaha fektheri e Concord Street e ne e e-na le sebaka se seholo, mesebetsi ea ho hatisa e Detroit e ile ea kopanngoa le e Brooklyn. Selemong sa bobeli ba le sebakeng sena, baena ba ne ba hlahisa karolo ea 70 lekholong ea libuka le libukana tse hlokahalang, ka ntle ho limakasine, lipampitšana le limemo. Selemong se latelang, ho hōla ha mosebetsi ho ile ha etsa hore ho hlokahale hore ho sebelisoe mekato e setseng e ’meli ea fektheri.
Na ba ne ba ka potlakisa tlhahiso ea bona ea libuka? Ba ile ba lokisetsa hore mochine oa khatiso o hahoe Jeremane ’me o tšelisetsoe Amerika ka sekepe, ’me oa qala ho sebelisoa ka 1926 bakeng sa morero oo ka ho khetheha. Ho ea kamoo ba tsebang ka teng, oo e ne e le mochine oa pele oa rotary hore o sebelisoe ho hatisa libuka Amerika.
Leha ho le joalo, mesebetsi ea khatiso e tsamaisoang ke Liithuti tsa Bibele e ne e se Amerika kaofela.
Mesebetsi ea Pele ea Khatiso Linaheng tse Ling
A sebelisa lifeme tsa khoebo, Moena Russell o ne a entse hore khatiso e etsoe Brithani hoo e ka bang mathoasong a 1881. E ne e ntse e etsoa Jeremane ka 1903, Greece ka 1906, Finland ka 1910, esita le Japane ka 1913. Lilemong tsa ka mor’a ntoa ea pele ea lefatše, palo e khōlō ea khatiso e joalo—ea libuka, libukana, limakasine, le lipampitšana—e ne e etsoa Brithani, linaheng tsa Scandinavia, Jeremane, le Poland, ’me tse ling li ne li etsoa Brazil le India.
Joale, ka 1920, hona selemong seo Mokhatlo o ileng oa qala ho ikhatisetsa limakasine Brooklyn, ho ile ha etsoa litokisetso tsa hore baena ba rōna ba Europe le bona ba etse mosebetsi ona. Sehlopha sa bona Switzerland se ile sa hlophisa mochine oa khatiso Bern. E ne e le feme ea bona ea khoebo. Empa kaofela e ne e le Liithuti tsa Bibele, ’me ba ne ba hlahisetsa Mokhatlo libuka ka lipuo tsa Europe ka tefiso e ntle haholo. Ka mor’a nako, Mokhatlo o ile oa fumana tokelo ea sebaka seo sa khatiso ’me oa se atolosa. E le ho khotsofatsa tlhoko e potlakileng linaheng tseo tse sohlokehileng moruong tsa Europe ka nako eo, ho ile ha hlahisoa libuka tse ngata haholo tse sa lefelloeng. Qetellong ea bo-1920, ho ile ha ntšoa libuka ka lipuo tse ka holimo ho 12 fekthering ena.
Ka nako e tšoanang, ho ne ho bontšoa thahasello e khōlō molaetseng oa ’Muso Romania. Ho sa tsotellehe khanyetso e matla mosebetsing oa rōna moo, Mokhatlo o ile oa hloma sebaka sa khatiso Cluj, e le ho fokotsa litšenyehelo tsa libuka le ho etsa hore li fumanehe habonolo ho batho ba lapetseng ’nete Romania le linaheng tse haufi. Ka 1924 sebaka seo sa khatiso se ne se khona ho hlahisa hoo e ka bang kotara ea millione ea libuka tse sekoahelo se thata, ho phaella limakasineng le libukana, ka Seromania le Sehungary. Empa ea neng a ikarabella mosebetsing moo o ile a ipaka a sa tšepahale ho seo a se tšepetsoeng ’me a etsa liketso tse ileng tsa fella ka hore Mokhatlo o lahleheloe ke setša le thepa. Ho sa tsotellehe sena, baena ba tšepahalang Romania ba ile ba tsoela pele ho etsa seo ba ka se khonang ho arolelana linnete tsa Bibele le ba bang.
Jeremane, ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše, palo e khōlō ea batho e ne e khobokana libokeng tsa Liithuti tsa Bibele. Empa batho ba Jeremane ba ne ba sotlehile haholo ke ho nyotobela ha moruo. E le ho boloka theko ea libuka tsa Bibele e le tlaase molemong oa bona, Mokhatlo o ile oa qala khatiso ea oona le moo. Barmen, khatiso e ile ea etsoa ka 1922, ho sebelisoa mochine o hatisang oa mofuta oa flatbed o holim’a litepisi tse lebang Lehaeng la Bethele ’me o mong o le moo ho bolokoang patsi. Selemong se latelang baena ba ile ba fallela mehahong e loketseng Magdeburg. Moo ho ne ho e-na le mehaho e metle, ho ile ha eketsoa e meng, ’me ha kenngoa thepa ea ho hatisa le ea ho kopanya libuka. Qetellong ea 1925, ho ile ha tlalehoa hore bonyane tlhahiso ea mochine ona e tla lekana le ea o neng o sebelisoa ntlo-khōlō Brooklyn ka nako eo.
Boholo ba khatiso e neng e hlile e etsoa ke baena e ne e fokola. Ke sona se neng se etsahala Korea, moo ka 1992 Mokhatlo o ileng oa hloma setsi sa khatiso se senyenyane se hlomelletsoeng bakeng sa ho hlahisa lingoliloeng ka Sekorea hammoho le Sejapane le Sechaena. Ka mor’a lilemo tse seng kae, thepa eo e ile ea fallisetsoa Japane.
Ka 1924 ho hatisoa ha likhatiso tse nyenyane ho ne ho boetse ho etsoa Canada le Afrika Boroa. Ka 1925 ho ile ha hlongoa mochine oa khatiso o monyenyane Australia le o mong Brazil. Baena Brazil kapele ba ne ba se ba sebelisa thepa ea bona ho hatisa khatiso ea Sepotoketsi ea Molula-Qhooa. Lekala la Mokhatlo Engelane le ile la fumana thepa ea lona ea khatiso ea pele ka 1926. Ka 1929 tlala ea moea ea batho ba ikokobelitseng ba Spain e ne e khotsofatsoa ka khatiso ea Molula-Qhooa mochineng o monyenyane oa khatiso moo. Lilemo tse peli hamorao mochine oa khatiso o ile oa qala ho sebetsa mokatong o ka tlaase ho ofisi ea lekala Finland.
Ho sa le joalo, ntlo-khōlōng ea lefatše ho ne ho ntse ho e-ba le keketseho.
Fektheri ea Bona Ntlo-khōlō ea Lefatše
Ho tloha ka 1920 Mokhatlo o ne o ntse o hirile sebaka sa fektheri Brooklyn. Le mohaho o neng o ntse o sebelisoa ho tloha ka 1922 ho ea pele o ne o se boemong bo botle; mohaho ’ohle o ne o sisinyeha hampe ha mochine oa rotary o ne o luma mokatong o ka tlaase. Ntle le moo, ho ne ho hlokahala sebaka se eketsehileng e le hore ho ka hlokomeloa mosebetsi o hōlang. Baena ba ne ba bolela hore lichelete li ne li ka sebelisoa hamolemo haeba ba ne ba e-na le fektheri ea bona.
Setša se seng se haufinyane le Lehae la Bethele se ne se bonahala se le sebakeng se lakatsehang haholo, kahoo ba ile ba se bechela. Empa ha liphetho li tsoa, ho ile ha fumaneha hore ba hlōtsoe ke Squibb Pharmaceutical Corporation; empa ha ba haha setšeng seo, ba ile ba tlameha ho teba haholo ka ho ntša liqubu tse 1 167 e le hore ba ka ba le motheo o tiileng. (Lilemo hamorao, Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa reka mehaho eo ho Squibb, e se e entse motheo oo o motle!) Leha ho le joalo, setša seo Mokhatlo o ileng oa se reka ka 1926 se ne se e-na le mobu o motle o khonang ho jara boima oo ho ka hahoang ho oona.
Ka February 1927 ba ile ba fallela mohahong oa bona o mocha-cha 117 Adams Street Brooklyn. O ile oa fana ka sebaka se batlileng se mena habeli seo ba neng ba se sebelisa ho tla fihlela ka nako eo. O ne o hahiloe ka makhethe, mosebetsi o tsamaea ho tloha mekatong e ka holimo ho theosetsa mafapheng a sa tšoaneng ho fihlela Lefapheng la Thomello mokatong oa pele fatše.
Leha ho le joalo, khōlo e ne e e-s’o fele. Nakong ea lilemo tse leshome, fektheri ena e ile ea tlameha ho atolosoa; ’me e ne e tla boetse e eketsoa hape hamorao. Ho phaella ho hatiseng likopi tsa limakasine le libukana tse limillione ka selemo, fektheri e ne e boetse e hlahisa libuka tse sekoahelo se thata tse 10 000 ka letsatsi. Ha Libibele tse felletseng li qala ho akarelletsoa har’a libuka tseo ka 1942, Mokhatlo oa Watch Tower o ne o boetse o qalisa tšobotsi e ncha indastering ea khatiso. Baena ba ile ba etsa liteko ho fihlela ba khona ho sebelisa pampiri e bobebe ea Bibele mochining oa rotary—e leng ntho eo bahatisi ba bang ba sa kang ba e leka ho fihlela lilemong tsa morao.
Ha tlhahiso e khōlō joalo e ntse e tsoela pele, lihlopha tse nang le litlhoko tse khethehileng li ne li sa hlokomolohuoe. Mathoasong a 1910, Seithuti se seng sa Bibele, Boston, Massachusetts, le se seng se Canada li ile tsa ikopanya ho hlahisa libuka tsa Mokhatlo ka Braille. Ka 1924, o le ofising e Logansport, Indiana, Mokhatlo o ne o hlahisa lingoliloeng tse ruisang lifofu molemo. Leha ho le joalo, ka lebaka la hobane karabelo e ne e fokola haholo ka nako eo, libuka tsa Braille li ile tsa khaotsoa ka 1936, ’me ha hatisoa ho thusa lifofu ka mekhoa ea lirekoto tsa kramafono hammoho le tlhokomelo ea botho. Hamorao, ka 1960, libuka tsa Braille li ile tsa boela tsa hlahisoa—lekhetlong lena ka likhatiso tse ngata tse sa tšoaneng, ’me butle-butle e le ka karabelo e molemo.
Ho Tobana le Phephetso ea Khanyetso e Sehlōhō
Linaheng tse ’maloa, ho hatisoa ho ne ho etsoa ho tlas’a maemo a thata ka ho fetisisa. Empa baena ba rōna ba ile ba tiisetsa, ba utloisisa hore ho boleloa ha litaba tse molemo tsa ’Muso ke mosebetsi oo Jehova Molimo, ka Mora oa hae, a laetseng hore o etsoe. (Esa. 61:1, 2; Mar. 13:10) Ka mohlala, Greece, baena ba ile ba haha moaho oa bona oa khatiso ka 1936 ’me ba o sebelisa likhoeli tse seng kae feela ha ’muso o fetoha ’me ba boholong ba koala sebaka seo. Ka ho tšoanang, India, ka 1940, Claude Goodman o ile a sebetsa likhoeli a emisa mochine oa khatiso ’me a ithuta ho o sebelisa, empa pele ka mor’a moo sepolesa sa romela maharaja hore a kene, a nke mochine oo ka teraka, ’me ba lahlele taba eohle e ngotsoeng e hlophisitsoeng ka hloko ka meqomong e meholo.
Libakeng tse ling tse ngata, melao e laolang ho kena ha libuka tse tsoang linaheng tse ling e ile ea etsa hore ho hlokahale hore baena ba fane ka mosebetsi ho bahatisi ba khoebo ba sebaka ka seng, le hoja Mokhatlo o e-na le sebaka sa khatiso naheng e haufi e neng e e-na le thepa ea ho etsa mosebetsi oo. Hoo ho etsahetse libakeng tse kang Denmark, Latvia, le Hungary, bohareng ba bo-1930.
Ka 1933 puso ea Jeremane, e hlohlellelitsoe ke baruti, e ile ea susumelletseha ho koala mesebetsi ea khatiso ea Lipaki tsa Jehova Jeremane. Sepolesa se ile sa kena fekthering ea Mokhatlo oa Watch Tower e Magdeburg ’me sa e koala ka April hona selemong seo, empa se ne se sa fumane bopaki ba hore li molato, kahoo sa ikhula. Leha ho le joalo, se ile sa kenella hape ka June. E le ho tsoela pele ho hasa molaetsa oa ’Muso, Mokhatlo o ile oa hloma sebaka sa khatiso Prague, Czechoslovakia, ’me ha isoa thepa e ngata moo e tsoa Magdeburg. Ka litokisetso tsena, ho ile ha hlahisoa limakasine ka lipuo tse peli le libukana ka lipuo tse tšeletseng nakong ea lilemo tse seng kae tse latelang.
Joale, ka 1939, masole a Hitler a ile a kena Prague a macha, kahoo kapele-pele baena ba ile ba qhaqha thepa ea bona ’me ba e romela ka ntle ho naha. E ’ngoe ea eona e ile ea leba Netherlands. Sena se ne se le nakong haholo. Puisano le Switzerland e ne e batla e le thata haholoanyane ho baena ba Madutch. Kahoo ba ile ba hira sebaka ’me, ka mechine ea bona eo ba e fumaneng bocha, ba ikhatisetsa. Leha ho le joalo, sena se ile sa tsoela pele ka nako e khutšoanyane feela, pele sebaka seo sa mechine ea khatiso se nkoa ka mahahapa ke bafutuheli ba Nazi. Empa baena ba ile ba sebelisa thepa eo ka hohle-hohle hafeela ba sa na le monyetla.
Ha khato ea bohatelli ea ba boholong Finland e qobella khatiso ea Molula-Qhooa ho emisa nakong ea ntoa, baena ba ile ba kopitsa lihlooho tse khōlō ka mochine e be li tsamaisoa ka lenģosa la melaetsa ea lekunutu. Ka mor’a hore Austria e be tlas’a puso ea Nazi ka 1938, Molula-Qhooa o ile oa hatisoa ka mochine o etsang likopi oo nako le nako o neng o tlameha ho tlosoa sebakeng se seng ho isoa ho se seng e le hore o se ke oa fumanoa ke Gestapo. Ka ho tšoanang, Canada, nakong eo Lipaki li neng li le tlas’a thibelo ea nako ea ntoa, li ile tsa tlameha hore khafetsa li ise thepa ea tsona sebakeng se secha e le hore li ka tsoela pele li fa baena ba tsona lijo tsa moea.
Australia nakong eo mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o neng o thibetsoe, baena ba ile ba ikhatisetsa limakasine ’me ba bile ba hatisa le ho kopanya libuka—e leng ntho eo ba e-song ho ka ba e etsa le tlas’a maemo a matle. Thepa e etsang libuka e ile ea tlameha ho fallisoa ka makhetlo a 16 ho thibela ho nkoa ka mahahapa, empa ba ile ba khona ho hlahisa libuka tse kopantsoeng ka matsoho tse 20 000 ka nako bakeng sa ho ea lokolloa kopanong eo ba neng ba e tšoere ka 1941 ho sa tsotellehe mathata a boima!
Katoloso ka Mor’a Ntoa ea II ea Lefatše
Ka mor’a hore ntoa e lale, Lipaki tsa Jehova li ile tsa bokana kopanong ea machaba Cleveland, Ohio, ka 1946. Moo Nathan H. Knorr, eo e neng e le mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower nakong eo, o ile a bua ka ho haha bocha le katoloso. Ho tloha ha ho qhoma Ntoa ea II ea Lefatše, palo ea Lipaki e ne e ile ea eketseha ka karolo ea 157 lekholong, ’me kapele baromuoa ba ne ba qalisa mosebetsi masimong a macha. E le ho khotsofatsa tlhoko ea lefatše bakeng sa lingoliloeng tsa Bibele, Moena Knorr o ile a rala merero ea ho atolosa meaho ea ntlo-khōlō ea lefatše. Ka lebaka la tšisinyo ena ea ho atolosa, fektheri e ne e tla ba le sebaka se imenneng habeli ho feta sa moaho oa pele oa 1927, ’me Lehae la Bethele le atolositsoeng haholo le ne le lokela ho lokisetsoa basebetsi ba baithaopi. Meaho ena e ekelitsoeng e ile ea phethoa ’me ea sebelisoa mathoasong a 1950.
Ho tloha ka 1950 meaho ea fektheri le liofisi ntlo-khōlō ea lefatše Brooklyn e ile ea tlameha ho atolosoa nako le nako. Ho fihlela ka 1992 e ne e koahetse sebaka se lekanang le lihlopha tse robeli tsa matlo a motse ’me e akarelletsa sebaka se boholo ba 230 071 square metres. Ena hase mehaho feela tjee ea ho etsa libuka. E nehetsoe ho Jehova, hore e sebelisetsoe ho hlahisa libuka tse reretsoeng ho ruta batho ka seo a se hlokang bakeng sa bophelo.
Libakeng tse ling ho ne ho le thata ho etsa hore mechine e hatisang ea Mokhatlo e boele e sebetse hape ka mor’a ntoa ea bobeli ea lefatše. Mehaho ea fektheri le ofisi eo e neng e le ea Mokhatlo Magdeburg, Jeremane, e ne e le sebakeng se laoloang ke Bokomonisi. Lipaki tsa Majeremane li ile tsa boela tsa kena ho eona, empa li ile tsa khona ho sebetsa ka nakoana feela pele e boetse e nkoa ka mahahapa. E le ho khotsofatsa tlhoko ena Jeremane e ka Bophirimela, ho ne ho lokela hore ho hlongoe sebaka sa khatiso moo. Metse eo e ne e ruthuthiloe ke libomo. Leha ho le joalo, Lipaki li ile tsa phakisa tsa fumana sebaka se senyenyane sa khatiso se neng se sebelisoa ke Manazi, Karlsruhe. Ka 1948 li ne li e-na le mechine e ’meli ea khatiso ea mofuta oa flatbed e sebetsang bosiu le motšehare mohahong oo li neng li o filoe Wiesbaden. Selemong se latelang ho ile ha atolosoa mehaho e Wiesbaden ’me ha eketsoa ka makhetlo a mane palo ea mechine ea khatiso e le hore ho ka khotsofatsoa tlhokahalo e hōlang ka potlako ea baboleli ba ’Muso karolong eo ea tšimo.
Ha Mokhatlo o boela o qala ho hatisa phatlalatsa Greece ka 1946, phepelo ea matla a motlakase e ne e sa tšepahale ho hang. Ka linako tse ling o ne o ba sieo lihora-hora. Nigeria ka 1977, baena ba ile ba tobana le bothata bo tšoanang. Ho fihlela ha lekala la Nigeria le iphumanela generator, basebetsi ba fektheri ba ne ba ee ba khutlele mosebetsing ka nako leha e le efe, ebang ke motšehare kapa bosiu, ha motlakase o e-ba teng. Ba e-na le moea o joalo, ha ho mohla ba kileng ba fetoa ke tokollo le e ’ngoe ea Molula-Qhooa.
Ka mor’a hore Moena Knorr a etele Afrika Boroa ka 1948, ho ile ha rekoa setša Elandsfontein; ’me mathoasong a 1952 lekala le ile la fallela fekthering e ncha moo—e leng ea pele eo e hlileng ea hahoa ke Mokhatlo Afrika Boroa. Ba sebelisa mochine o mocha oa khatiso oa mofuta oa flatbed, ba ile ba tsoela pele ho hatisa limakasine ka lipuo tse robeli tse sebelisoang Afrika. Ka 1954 lekala le Sweden le ne le e-na le thepa ea ho ikhatisetsa limakasine ka mochine oa khatiso oa mofuta oa flatbed, ’me ka 1957 lekala la Denmark le ile la etsa se tšoanang.
Ha tlhokahalo ea libuka e ntse e hōla, ho ile ha fanoa ka mechine ea khatiso e lebelo le phahameng ea rotary, pele e le lekaleng le leng ’me hamorao ea e-ba le leng. Canada e ile ea fumana oa eona oa pele ka 1958; Engelane, ka 1959. Ka 1975 Mokhatlo oa Watch Tower o ne o e-na le mechine e meholo ea rotary e 70 e sebetsang libakeng tsa oona tsa likhatiso lefatšeng ka bophara.
Tsamaiso ea Lefatše Lohle Bakeng sa ho Phatlalatsa ’Nete ea Bibele
Ho ea bofelong ba bo-1960 le ka morao ho moo, ho ile ha etsoa boiteko bo kopanetsoeng ba hore mesebetsi ea khatiso ea Mokhatlo oa Watch Tower e se ke ea ba sebakeng se le seng. Ho hōla ha palo ea Lipaki tsa Jehova ho ne ho potlakile. Ho ne ho hlokahala sebaka se eketsehileng sa fektheri ho hlahisa libuka tsa Bibele bakeng sa ho itšebelisetsa tsona le bakeng sa ho li abela sechaba. Empa katoloso Brooklyn e ne e tsamaea butle ka lebaka la ho fumaneha ho lekanyelitsoeng ha litša hammoho le ho lieha ha litokomane tsa ’muso. Ho ile ha etsoa litokisetso tsa ho etsa khatiso ’ng’a e ’ngoe.
Kahoo, ka 1969, ho ile ha qala mosebetsi oa ho etsoa ha lipolane tsa mohaho oa khatiso e ncha o neng o tla hahuoa haufi le Wallkill, New York, lik’hilomithara tse ka bang 150 ka leboea-bophirimela ho Brooklyn. Hona ho ne ho tla atisa le ho qhalakanya mehaho ea ntlo-khōlō, ’me qetellong limakasine tsohle tsa Molula-Qhooa le Tsoha! bakeng sa United States li ne li tla hlaha Wallkill. Lilemo tse tharo hamorao ho ne ho etsoa lipolane tsa fektheri bakeng sa Wallkill, ena e ne e le khōloanyane ho feta ea pele. Ka 1977 mechine ea rotary e ne e hlahisa limakasine tse ka holimo ho limillione tse 18 ka khoeli. Ka 1992, ho ne ho sebelisoa mechine ea offset ea khatiso ea MAN-Roland e meholo le Hantscho (e le mechine e mene feela ea offset ho e-na le e 15 ea pele ea letterpress), ’me tlhahiso ea limakasine e ne e le ka holimo ho tse millione ka letsatsi.
Ha litokisetso bakeng sa mesebetsi ea khatiso e Wallkill li ne li etsoa ka lekhetlo la pele, Molula-Qhooa o ne o hatisoa Brooklyn ka lipuo tsa oona tse 32 ho tse 72 ka nako eo; Tsoha! ka lipuo tsa eona tse 14 ho tse 26. Karolo ea 60 lekholong ea palo e akaretsang ea likopi tse neng li hatisoa lefatšeng ka bophara e ne e hlahisoa ntlo-khōlō ea lefatše. Ho ne ho tla ba molemo hore mosebetsi ona o etsoe le linaheng tse ka ntle ho United States le hona o etsoa ke baena ba rōna ho e-na le ho etsoa ke lifeme tsa khoebo. Kahoo, haeba nakong e tlang litlokotsi tsa lefatše kapa ho kena-kenana ha ’muso le mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova li ka sitisa mesebetsi karolong leha e le efe ea lefatše, lijo tse hlokahalang tsa moea li ne li tla ’ne li lokisetsoe.
Kahoo ka 1971, hoo e ka bang lilemo tse peli pele fektheri ea pele ea Watch Tower e Wallkill e sebetsa, mosebetsi o ile oa tsoela pele ho fana ka mohaho o motle o mocha oa khatiso Numazu, Japane. Keketseho e imenneng ka makhetlo a fetang a mahlano ea baboleli ba ’Muso Japane nakong ea lilemo tse ka pele tse leshome e ile ea bontša hore ho ne ho tla hlokahala libuka tse ngata tsa Bibele moo. Ka nako e tšoanang, mehaho ea lekala Brazil e ne e ntse e eketsoa. Ho ne ho etsahala se tšoanang Afrika Boroa, moo lingoliloeng tsa Bibele li neng li hlahisoa ka lipuo tsa Seafrika tse fetang mashome a mabeli a metso e mene. Selemong se latelang, ka 1972, mehaho ea khatiso ea Mokhatlo Australia e ile ea eketsoa ka makhetlo a mane ka boholo, ka tebello ea ho lokisetsa thomello ea tokollo ka ’ngoe ea Molula-Qhooa le Tsoha! karolong eo ea lefatše ntle ho tieho ea letho. Lifektheri tse eketsehileng li ile tsa boela tsa emisoa Fora le Philippines.
Mathoasong a 1972, N. H. Knorr le molebeli oa fektheri ea Brooklyn, M. H. Larson, ba ile ba nka maeto a machaba ho ea hlahloba mosebetsi o etsoang, e le hore ho ka hlophisoa litaba bakeng sa hore mehaho ena e ka sebelisoa hamolemo le ho ea rala motheo bakeng sa katoloso e eketsehileng e tlang. Maeto a bona a ile a akarelletsa linaha tse 16 Amerika Boroa, Afrika, le Bochabela bo Hōle.
Kapele ka morao ho moo, lekala le Japane le ne le hlahisa limakasine ka puo ea Sejapane tse hlokahalang bakeng sa karolo eo ea tšimo, ho e-na le ho itšetleha ka khatiso ea khoebo. Hona selemong seo, ka 1972, lekala le Ghana le ile la qala ho hatisa Molula-Qhooa ka lipuo tse tharo tsa sebaka seo, ho e-na le ho emela tse romelletsoeng li e-tsoa United States le Nigeria. Hape, lekala la Philippines le ile la qala ho hlokomela tlhophiso ea boitsebiso le khatiso ea Molula-Qhooa le Tsoha! ka lipuo tse robeli tsa sebaka seo (ka ntle le ho hatisa limakasine tsa puo ea Senyesemane tse neng li hlokahala). Sena se ile sa bontša mohato o moholo o tsoelang pele oa hore mesebetsi ea khatiso ea Watch Tower e se ke ea ba sebakeng se le seng.
Ho ea qetellong ea 1975, Mokhatlo oa Watch Tower o ne o hatisa lingoliloeng tsa Bibele mehahong ea oona linaheng tse 23 tse qhalakaneng ho pota lefatše—libuka linaheng tse tharo; libukana kapa limakasine kapa ka bobeli libakeng tseo tsohle tse 23. Linaheng tse ling tse 25, Mokhatlo o ne o boetse o hlahisa likhatiso tse nyenyane mechineng eo o nang le eona.
Matla a Mokhatlo a ho hlahisa libuka tse sekoahelo se thata le oona a ne a ntse a eketsoa. Ho kopanya libuka ho ne ho ntse ho etsoa Switzerland le Jeremane khale bohareng ba bo-1920. Ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, ka 1948, baena Finland ba ile ba etsa libuka tse sekoahelo se thata (pele, boholo e le ka letsoho) hore ba hlokomele haholo-holo tlhoko ea naha eo. Lilemo tse peli hamorao lekala la Jeremane le ne le boetse le sebelisa sebaka seo ho kopanyetsoang libuka ho sona, ’me ka mor’a nako la boetse la ikopanyetsa libuka tse neng li etsoa ke Switzerland.
Joale, ka 1967, ho e-na le Lipaki tse fetang millione lefatšeng ka bophara ’me e le ha ho hlaha libuka tse lekanang pokotho tseo li ka li sebelisang tšebeletsong ea tsona, tlhoko bakeng sa mofuta ona oa lingoliloeng tsa Bibele e ile ea phahama. Ka nako ea lilemo tse robong ho ne ho e-na le keketseho e imenneng ka makhetlo a fetang a tšeletseng moo ho kopanngoang libuka Brooklyn. Ka 1992, Mokhatlo oa Watch Tower o ne o e-na le litsi tse 28 tsa ho kopanya libuka tse sebetsang linaheng tse fapaneng tse robeli.
Hona selemong seo, ka 1992, Mokhatlo oa Watch Tower o ne o sa hatise lingoliloeng tsa Bibele feela ka lipuo tse 180 United States empa mechine e mene e meholo ea oona ea khatiso e Latin America e ne e fana ka lingoliloeng tse ngata tse hlokahalang sebakeng seo le linaheng tse ling karolong eo ea lefatše. Litsi tse ling tse 11 tsa khatiso li ne li hlahisa lingoliloeng Europe, ’me kaofela li ne li thusa ho khotsofatsa tlhoko ea lingoliloeng ea linaha tse ling. Ho tsena, ka mehla Fora e ne e fepela linaha tse 14 ka lingoliloeng, ’me Jeremane, e neng e hatisa ka lipuo tse 40, e ne e romela phepelo e khōloanyane linaheng tse 20 le tse fokolang linaheng tse ling tse ngata. Afrika, litsi tsa khatiso tse tšeletseng tsa Watch Tower li ne li hlahisa lingoliloeng tsa Bibele ka kakaretso ea lipuo tse 46. Litsi tse ling tse 11 tsa khatiso—tse ling e le tse khōlō, tse ling e le tse nyenyane—li ne li fepela Bochabela bo Hare le Bochabela bo Hōle, lihleke-hleke tsa Pacific, Canada, le libaka tse ling ka lingoliloeng bakeng sa ho sebelisoa ho haseng molaetsa o potlakileng ka ’Muso oa Molimo. Hape linaheng tse ling tse 27, Mokhatlo o ne o hatisa lintho tse nyenyane tse hlokoang ke liphutheho e le hore li ka sebetsa habonolo.
Mekhoa e Mecha, Thepa e Ncha
Ka bo-1960 le bo-1970, ho ile ha ba le phetoho e khōlō indastering ea khatiso. Ka lebelo le makatsang, khatiso ea letterpress e ile ea lahloa ka lebaka la khatiso ea offset.d Mokhatlo oa Watch Tower ha oa ka oa potlakela ho fetohela mekhoeng e mecha ea khatiso. Lipoleiti tse neng li fumaneha bakeng sa mechine ea khatiso ea offset li ne li sa lokela hantle bakeng sa ho hatisa lintho tse ngata haholo tseo Mokhatlo o neng o li hloka bakeng sa lingoliloeng tsa oona. Ho feta moo, phetoho ea mofuta ona e ne e tla hloka mekhoa e mecha ka ho felletseng ea ho seta litlhaku le tlhophiso ea boitsebiso. Ho ne ho tla hlokahala mechine e mecha ea khatiso. Ho ne ho tla tlamehoa ho ithuta theknoloji e ncha. Hoo e ka bang thepa eohle ea khatiso lifekthering tsa Mokhatlo e ne e tla tlameha hore e nkeloe sebaka ke e ’ngoe. Litšenyehelo e ne e tla ba tse tšosang.
Leha ho le joalo, ka mor’a nako ho ile ha hlokomeleha hore phepelo ea thepa ea khatiso ea letterpress e ne e ke ke ea hlola e fumaneha halelele. Ho tšoarella ha lipoleiti tsa offset ho ne ho ntlafala ka potlako. Ho ne ho tlameha ho etsoa phetoho.
Khale ka 1972, ka lebaka la thahasello ea tsona e khōlō ho ntšetseng pele khatiso ea offset, litho tse tharo tsa lelapa la Bethele Afrika Boroa li ile tsa reka mochine oa khatiso o kileng oa sebetsa oa sheetfed offset. Ho ile ha fumanoa phihlelo ka ho etsa mesebetsi e menyenyane ea khatiso ka oona. Joale, ka 1974, mochine oo o ile oa sebelisoa ho hatisa ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng, buka e lekanang pokotho, ka puo ea Seronga. Ho khona ha bona ho etsa joalo kapele ho ile ha etsa hore ho be bonolo ho isa taeo ea bohlokoa ea Bibele ho batho ba likete ba lapetseng ’nete pele mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o boetse o thibeloa sebakeng seo moo batho bao ba neng ba phela teng. Mochine o mong oa sheetfed offset, o ileng oa fuoa lekala la Mokhatlo la Afrika Boroa ka mor’a hore baena ba rōna ba reke oa pele, o ile oa romeloa Zambia ’me o ile oa ea sebelisoa moo.
Fektheri ea Mokhatlo Jeremane le eona e hlile ea qalella ka khatiso ea offset. Ka April 1975 baena ba ile ba qala ho sebelisa mochine oa sheetfed press ho hatisa limakasine pampiring ea Bibele bakeng sa Lipaki tsa Jehova Jeremane Bochabela, moo Lipaki li neng li thibetsoe ka nako eo. Selemong se latelang, sena se ile sa lateloa ke ho hlahisoa ha libuka mochineng oo oa offset bakeng sa baena bao ba hlorisoang.
Hoo e ka bang ka nako e tšoanang, ka 1975, Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa qala ho sebelisa mochine oa oona oa pele oa web offset bakeng sa limakasine Argentina. Leha ho le joalo, o ile oa sebetsa feela nako e fetang selemo hanyenyane, pele ’muso oa Argentina o thibela mosebetsi oa Lipaki ’me o koala khatiso ea tsona. Empa mesebetsi ea khatiso ea offset linaheng tse ling e ile ea ’na ea tsoela pele ho atoloha. Mathoasong a 1978, mehahong ea ntlo-khōlō ea Mokhatlo oa Watch Tower e Brooklyn, New York, mochine oa web offset o ile oa qala ho hatisa libuka ka mebala e meraro.e Mochine oa bobeli o ile oa rekoa hona selemong seo. Leha ho le joalo, ho ne ho hlokahala thepa e eketsehileng haholo e le hore ho ka phethisisoa phetoho ena.
Sehlopha se Busang se ne se kholisehile hore Jehova o tla fana ka se neng se hlokahala e le hore ho ka phethoa mosebetsi oo a neng a batla hore o etsoe. Ka April 1979 le ka January 1980, ho ile ha romeloa mangolo liphuthehong United States a hlalosang boemo boo. Menehelo e ile ea kena—pele e ne e kena butle, empa ka mor’a nako e ile ea lekana hore ho ka hlomelloa mosebetsi oa lefatše lohle oa lifektheri tsa Watch Tower bakeng sa khatiso ka offset.
Ho sa le joalo, e le ho sebelisa thepa e teng hantle le ho potlakisa phetoho ena, Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa etsa konteraka ea hore mofuta o mocha oa mochine oa khatiso oa MAN o fetoleloe ho oa khatiso oa offset. Linaha tse 12 li ile tsa fuoa mechine ena, ho akarelletsa tse tšeletseng tseo pele li neng li sa hatise limakasine tsa tsona sebakeng seo.
Khatiso ea Mebala e Mene
Lekala la Finland e bile lona la pele la ho hatisa limakasine tsa lona ka offset ka mebala e mene, ka ho qala ka mokhoa o bonolo ka tokollo ea January 1981 ’me hanyane ka hanyane la tsoela pele ho sebelisa mekhoa e ntlafalitsoeng ea mahlale. Ka mor’a moo, Japane e ile ea sebelisa khatiso e mebala e mene bakeng sa libuka tse sekoahelo se thata. Libaka tse ling tsa khatiso tsa Watch Tower li ile tsa etsa se tšoanang ha li fumana thepa. E meng ea mechine ena ea khatiso e ile ea rekoa le ho romeloa ke ntlo-khōlō ea lefatše. E meng e ’nile ea tšehetsoa ka lichelete ke Lipaki tsa Jehova tse ka hare ho naha ka ’ngoe moo fektheri e leng hona teng. Mabakeng a mang hape, Lipaki naheng e ’ngoe li fane ka mpho ea thepa e hlokahalang ho baena ba tsona naheng e ’ngoe.
Nakong ea ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, lefatše ka ho khetheha le ile la sekamela le ho thahasella taba e hatisitsoeng e nang le litšoantšo, ’me ho sebelisa mebala ea sebele ho ile ha etsa hore lingoliloeng li shebahale li ipiletsa haholoanyane. Ho sebelisoa hona ha mebala ho entse hore likhatiso li hohele haholoanyane ’me kahoo li hapa thahasello ea ho bala. Libakeng tse ngata ho ile ha fumanoa hore ho abjoa ha Molula-Qhooa le Tsoha! ho ile ha eketseha haholo ka mor’a hore ponahalo ea tsona e ntlafatsoe.
Ho Qapa Litsamaiso tse Loketseng tsa Computer
E le ho tšehetsa khatiso ea mebala e mene, ho ile ha tlameha ho qaptjoa tsamaiso ea computer ea ho lokisetsa taba e ngotsoeng bakeng sa khatiso; ’me qeto ea hore ho tsoeloe pele ka sena e ile ea etsoa ka 1977. Lipaki tseo e neng e le litsebi lefapheng leo li ile tsa ithaopela ho ea sebetsa ntlo-khōlō ea lefatše ho ea thusa Mokhatlo ho finyella litlhokahalo tsena kapele. (Kapele ka morao ho mona, ka 1979, sehlopha se seng Japane seo qetellong se ileng sa akarelletsa Lipaki tse ka bang 50 se ile sa qala ho sebetsa mananeo a computer a hlokahalang bakeng sa puo ea Sejapane.) Ho ile ha sebelisoa thepa e fumanehang ea li-computer ea khoebo, ’me Lipaki li ile tsa lokisetsa mananeo e le hore a ka thusa ho khotsofatsa litlhoko tsa tsamaiso ea Mokhatlo le tsa ho hatisa ka lipuo tse ngata. E le ho boloka boemo bo phahameng le ho tenyetseha ho hlokahalang, ho ile ha hlokahala ho qapa mananeo a khethehileng bakeng sa ho seta litlhaku le ho hlophisa boitsebiso. Ho ne ho se na mananeo a khoebo a fumanehang bakeng sa ho kenya le ho seta litlhaku ka ho li fota tsa lipuo tse ngata tse 167 tseo Mokhatlo oa Watch Tower o neng o hatisa ka tsona nakong eo, ka hona Lipaki li ile tsa tlameha ho iketsetsa a tsona.
Ka nako eo lefatše la khoebo le ne le sa bone monyetla oa ho fumana chelete ka lipuo tse sebelisoang ke palo e fokolang ea batho kapa ke batho ba fumanang chelete e fokolang haholo, empa Lipaki tsa Jehova li thahasella bophelo. Ka nako e batlang e le khutšoaane, mananeo a ho seta litlhaku a neng a qapiloe a ne a sebelisoa ho hlahisa lingoliloeng ka lipuo tse fetang 90. Mabapi le mosebetsi oa tsona Seybold Report on Publishing Systems e hlomphehang e itse: “Ha ho letho leo re ka le etsang haese ho rorisa mokhatlo ona, batho ba Watchtower ba khona ho qapa le ho bontša temoho. Ho na le ba fokolang kajeno ba lakatsang kapa ba nang le sebete ka ho lekaneng hore ba ka etsa mosebetsi o joalo, haholo-holo ha ho bonahala o qaloa fatše.”—Moqolo 12, No. 1, September 13, 1982.
Tšebetso ea khatiso le ho bolokoa ha eona e ne e tla nolofatsoa haholo haeba thepa e sebelisoang lefatšeng ka bophara e ne e lumellana ka ho felletseng. Kahoo ka 1979 ho ile ha etsoa qeto ea hore Mokhatlo oa Watch Tower o iketsetse tsamaiso ea oona ea ho seta litlhaku ka ho li fota. Sehlopha se neng se sebetsa ho eona se ne se lokela ho etsa mechine ka boeona, ho e-na le ho itšetleha haholo ka thepa ea khoebo.
Kahoo, ka 1979 sehlopha sa Lipaki tsa Jehova tse neng li sebeletsa setsing sa tsona Watchtower Farms, Wallkill, New York, se ile sa qala ho qapa le ho haha Multilanguage Electronic Phototypesetting System (MEPS). Ka May 1986 hase feela hore sehlopha se neng se sebetsa morerong ona se ne se qapile se bile se hahile li-computer tsa MEPS, mechine e setang litlhaku ka ho li fota, le oa graphics empa, habohlokoa le ho feta, se ne se boetse se qapile mananeo a computer a hlokahalang bakeng sa ho lokisa boitsebiso bakeng sa khatiso ka lipuo tse 186.
E le ho lumellana le tsoelo-pele ena ea mananeo a computer ho ne ho e-na le tšebetso e khōlō ea lipalo. Hona ho ile ha hloka ho ithuta ho tebileng ka litšobotsi tse ikhethang tsa puo ka ’ngoe. Ho ile ha tlameha ho etsoa litšoantšo bakeng sa tlhaku ka ’ngoe puong e itseng (ka mohlala, tlhaku e ’ngoe le e ’ngoe ka litlhaku tse khōlō le tse nyenyane, hammoho le matšoao a ho roesoa ha litlhaku le matšoao a puo—kaofela e le ka boholo bo sa tšoaneng ba litlhaku), e nang le litšoantšo tse arohaneng bakeng sa mongolo ka mong (o kang, o mosesaane, o tšekaletseng, o motenya, le o motenyahali), mohlomong e le ka mengolo e ’maloa e khethollehileng, kapa mekhoa ea mongolo. Lialfabeta tsa seroma li ne li hloka litlhaku tse 202. Ka hona, mengolo e 369 ea seroma e ne e hloka kakaretso ea litlhaku tse 74 538. Ho lokisetsa mengolo ea Sechaena ho ile ha hloka ho etsoa ha litšoantšo tsa litlhaku tse 8 364 bakeng sa o mong le o mong, ’me ho tla etsoa litlhaku tse ling hamorao.
Ka mor’a hore ho etsoe litšoantšo tseo, ho ile ha qaptjoa mananeo a computer a neng a tla etsa hore ho be bonolo ho hatisa litlhaku tsena ka mokhoa o hlakileng le o tobileng. Mananeo a computer a ne a lokela ho khona ho sebetsana e seng feela le alfabeta ea Seroma empa hape le Sebengali, Secambodia, Cyrillic, Segerike, Sehindi, le Sekorea hammoho le Searabia le Seheberu (tseo ka bobeli li baloang ho tloha ho le letona ho ea ho le letšehali) le Sejapane le Sechaena (tse sa sebeliseng lialfabeta). Ka 1992 ho ne ho e-na le mananeo a computer bakeng sa ho sebetsa boitsebiso ka lipuo tse fetang 200, ’me mananeo bakeng sa lipuo tse ling tse sebelisoang ke batho ba limillione a ne a ntse a etsoa.
Ho kenngoa ha phetoho ena makaleng ho ile ha hloka ho amohela mekhoa e mecha le ho ithuta mahlale a macha. Ho ile ha romeloa basebetsi ntlo-khōlō ho ea ithuta ho kopanya, ho sebelisa, le ho boloka mechine ea web offset e ntse e sebetsa. Ba bang ba ile ba rutoa ho etsa mosebetsi oa ho arola mebala ka laser scanner. Basebetsi ba eketsehileng ba ile ba koetlisetsoa ho sebelisa thepa ea li-computer le ho e boloka e ntse e sebetsa. Kahoo, ha mathata a tlhahiso a ka hlaha kae kapa kae lefatšeng, a ka lokisoa kapele e le hore mosebetsi o ka ’na oa tsoela pele.
Sehlopha se Busang se ile sa hlokomela hore haeba Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara li ne li ithuta boitsebiso bo tšoanang libokeng tsa tsona tsa beke le beke ’me li aba lingoliloeng tse tšoanang tšebeletsong ea tšimo, hona ho ne ho tla ba le phello e matla haholo ea ho kopanya. Nakong e fetileng, lingoliloeng tse hatisitsoeng ka Senyesemane hangata li ne li sa fumanehe ka lipuo tse ling ho fihlela bonyane likhoeli tse ’nè hamorao; lipuong tse ngata e ne e e-ba selemo, kapa hangata e e-ba lilemo hamorao. Empa joale phetoho e ne e etsahala. Ho ba le thepa e tšoanelehang ka ho felletseng makaleng a hatisang e ne e le ntlha ea bohlokoa bakeng sa ho khona ho hatisa lingoliloeng ka nako e le ’ngoe ka lipuo tse sa tšoaneng. Ka 1984, ho ile ha finyelloa khatiso e tsoang ka nako e le ’ngoe ea Molula-Qhooa ka lipuo tse 20. Ka 1989, ha molaetsa o matla o fuperoeng ke Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi! o abeloa batho likhoeli tse seng kae feela ka mor’a hore e lokolloe, buka eo e ne e fumaneha ka lipuo tse 25. Ka 1992, likhatiso tse tsoang ka nako e le ’ngoe tsa Molula-Qhooa li pharalletse ho akarelletsa lipuo tse 66, tse sebelisoang ke karolo e khōlō ea baahi ba lefatše.
Ho tloha ha morero oa MEPS o qala ka 1979, indasteri ea li-computer e entse tsoelo-pele e khōlō haholo. Li-computer tse matla tse ka sebelisetsoang mesebetsi e mengata haholo hona joale li fumaneha ka theko e tlaase haholo ho feta thepa ea pele. E le ho tsamaisana le se hlokoang ke mosebetsi oa oona oa khatiso, Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa etsa qeto ea ho sebelisa li-computer tsena, hammoho le mananeo a oona a li-computer. Hona ho ile ha potlakisa tlhahiso haholo. Ho boetse ha etsa hore ho khonehe ho fana ka melemo ea mananeo a khatiso makaleng a Mokhatlo a eketsehileng, ’me palo ea makala a li sebelisang e ile ea nyolohela ho 83 ka potlako. Ka 1992 Mokhatlo oa Watch Tower, lefatšeng ka bophara, o ne o e-na le mechine e fetang 3 800 eo ho eona o neng o sebelisa mananeo a oona a computer. Hase makala kaofela a hlomelletsoeng joalo a hatisang, empa lekala leha e le lefe le nang le computer e nyenyane le mananeo a Mokhatlo a computer, hammoho le printhara e nyenyane ea laser, le khona ho etsa mosebetsi oa pele ho khatiso ho lipampitšana, limakasine, libuka, le khatiso leha e le efe eo ho hlokahalang hore e etsoe.
Tšehetso e Ekelitsoeng ea Computer Bakeng sa Bafetoleli
Na li-computer li ne li ka boetse tsa sebelisoa ho tšehetseng haholoanyane ba etsang mosebetsi oa ho fetolela? Bafetoleli ba lingoliloeng tsa Watch Tower hona joale ba etsa mosebetsi oa bona, mabakeng a mangata, mechineng ea li-computer. Ba bangata ba bona ba liofising tsa makala a Mokhatlo. Ba bang, bao e ka ’nang eaba ba fetolela ba le hae ’me ba entse mosebetsi oa bona ka lilemo tse ngata ka mechine ea ho thaepa kapa esita le ka letsoho, ba thusitsoe ho ithuta ho kenya phetolelo ea bona ho li-computer tse hokahantsoeng kapa li-computer tse ka behoang liropeng (e leng tse nyenyane hamonate) tse rekiloeng ke Mokhatlo. Liphetoho phetolelong li ka etsoa habonolo hona sekrining sa computer. Haeba phetolelo e etsetsoa kae-kae ho e-na le ofising ea lekala moo ho tlang ho etsetsoa khatiso teng, sohle se hlokahalang ke ho fetisetsa boitsebiso boo disking e tšesaane, e tenyetsehang le ho e romela lekaleng le hatisang bakeng sa ho lokisetsoa khatiso.
Ka 1989-90, ha ho etsahala liphetoho tse potlakileng mebusong linaheng tse ngata, puisano ea machaba e ile ea e-ba bonolo. Ka potlako, Lipaki tsa Jehova li ile tsa tšoara seboka sa ho rupela bafetoleli ba tsona ba tsoang Europe Bochabela. Sena se ne se reretsoe ho ba thusa ho ntlafatsa boleng ba mosebetsi oa bona, ho etsa hore ba khone ho rua molemo thepeng e teng ea li-computer, le ho etsa hore ho be bonolo ho ba le likhatiso tse tsoang ka nako e le ’ngoe tsa Molula-Qhooa ka lipuo tsa habo bona. Ho phaella moo, bafetoleli Asia ka Boroa-bochabela ba ile ba thusoa ka tsela e tšoanang.
Empa na computer e ne e ka sebelisetsoa ho potlakisa mosebetsi oa phetolelo kapa ea ntlafatsa boleng ba oona? E. Ka 1989, litsamaiso tse matla tsa computer li ne li sebelisoa ke Lipaki tsa Jehova ho thusa phetolelong ea Bibele. Ka mor’a mosebetsi o batsi oa selelekela, ho ile ha fanoa ka lifaele tsa boitsebiso bo kentsoeng mochineng tse tla nolofalletsa mofetoleli hore kapele a hlahise boitsebiso sekrining sa computer ba lentsoe leha e le lefe la puo ea pele ea Bibele hammoho le tlaleho ea litsela tsohle tseo le ’nileng la fetoleloa ka tsona ka Senyesemane, tumellanong le moelelo oa taba, ho New World Translation. A ka boetse a totobatsa lentsoe la sehlooho la Senyesemane ’me a etsa hore mantsoe ’ohle a puo ea pele a hlahe ao ho oona (’me mohlomong le mantsoe a nang le moelelo o tšoanang) ho nkiloeng lena. Hangata sena se senola hore sehlopha sa mantsoe a neng a sebelisoa ka Senyesemane ho fetisa khopolo se kenyellelitsoe lentsoeng le le leng la puo ea pele. Kapele se ne se tla fa mofetoleli pono e tebileng ea hore na o fetolela eng. Se ne se tla mo thusa ho fumana kutloisiso e ikhethang ea polelo ea motheo ea puo ea pele hammoho le se boleloang ka nepo ke moelelo oa taba ’me kahoo a o fetise ka ho nepahetseng ka puo ea habo.
Ka ho sebelisa lifaele tsena tsa computer, bafetoleli ba nang le phihlelo ba ne ba tla hlahloba hohle moo lentsoe leo le hlahang teng ka Bibeleng ’me ba fane ka lentsoe le tšoanang la puo ea sebaka seo bakeng sa lentsoe le leng le le leng moo le hlahang ho ea ka seo moelelo oa taba o se hlokang. Hona ho ne ho tla tiisa hore ho ba le ho lumellana ka tsela e phahameng. Mosebetsi oa mofetoleli e mong le e mong o ne o tla hlahlobjoa ke ba bang ba sebetsang sehlopheng seo e le hore phetolelo e ka rua molemo o tsoang phuputsong le phihlelong ea bona kaofela. Ka mor’a hore ho etsoe sena, computer e ka sebelisoa ho bontša serapa se itseng sa Mangolo, e bontše lentsoe le leng le le leng boitsebisong ba Senyesemane, e leng senotlolo ho se neng se hlaha puong ea pele, le lentsoe le tšoanang la puo ea sebaka seo le khethiloeng. Hona ho ne ho ke ke ha phetha mosebetsi. Mofetoleli ho ntse ho hlokahala hore a batalatse kaheho ea polelo eo ’me a etse hore e balehe hantle ka puo ea habo. Empa ha a ntse a etsa sena, e tla ba habohlokoa hore a be le kutloisiso e hlakileng ea moelelo oa mangolo. Ho mo thusa ho etsa sena, o ne a nolofallelitsoe ho fumana ka computer tlhaloso ea Watch Tower e hatisitsoeng ka temana ea Bibele kapa polelo leha e le efe e ka ho eona.
Kahoo nako ea ho fuputsa e ka fokotsoa, ’me ho ka finyelloa ho lumellana ka tsela e phahameng. Ka ho ntšetsa pele sena se ka ’nang sa e-ba le molemo, ho tšepjoa hore lingoliloeng tsa bohlokoa li ka etsoa hore li fumanehe ka potlako le ka lipuo tse nang le basebeletsi ba fokolang ba bafetoleli. Ho sebelisoa ha lithulusi tsena bakeng sa ho fana ka lingoliloeng tse tšehetsang boboleli ba molaetsa oa ’Muso ho butse tšobotsi e khōlōhali ea ho hatisa.
Kahoo, joaloka metsoalle ea tsona ea Bakreste ba pele, Lipaki tsa Jehova mehleng ea kajeno li sebelisa mekhoa ea morao-rao ho hasa Lentsoe la Molimo. E le hore ho ka fihleloa batho ba bangata kamoo ho ka khonehang ka litaba tse molemo, ha lia ka tsa tšaba ho nka liphephetso tse ncha tšobotsing ea khatiso.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka 1896 lebitso la mokhatlo oo le ile la fetoloa ka molao ho ba Watch Tower Bible and Tract Society.
b Ena e ne e le feme ea Charles Taze Russell. Ka 1898 o ile a fetisetsa thepa ea Tower Publishing Company ho Watch Tower Bible and Tract Society e le monehelo.
c Ho hlōleha ho fumana mashala hona e ne e se feela ka lebaka la khaello ea nako ea ntoa. Hugo Riemer, eo e neng e le setho sa basebetsi ba ntlo-khōlō ka nako eo, hamorao o ile a ngola hore haholo-holo e ne e le ka lebaka la ho hlouoa ha Liithuti tsa Bibele ho neng ho atile haholo New York ka nako eo.
d Khatiso ea letterpress e etsetsoa sebakeng se phahamisitsoeng seo ho sona ho hlahang setšoantšo se bonahatsang se tlang ho ba pampiring e hatisitsoeng. Sebaka sena se phahamisitsoeng se tlotsoa ka enke ’me se petelletsoa pampiring. Khatiso ea offset e etsoa ka hore enke e poleiting e petelletsoe holim’a cylinder e koahetsoeng ka rabara ’me e be e fetisetsa khatiso eo pampiring.
e Ho tloha ka 1959 ho ea ho 1971, Mokhatlo o ne o ile oa sebelisa mochine oa khatiso oa sheetfed offset mehahong ea oona Brooklyn ho hlahisa lialmanaka tse mebala e mene tse bontšang lihlooho tse amanang le ho boleloa ha litaba tse molemo.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 578]
“A re etse teko ka mashala”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 595]
Ho hlomella mosebetsi oa lefatše lohle oa lifektheri tsa Watch Tower bakeng sa khatiso ka “offset”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 596]
“Ha ho letho leo re ka le etsang haese ho rorisa . . . batho ba Watchtower”
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 581]
Ho Seta Litlhaku
Pele, ho ne ho etsoa ka letsoho, tlhaku e le ’ngoe ka nako
Afrika Boroa
Ho tloha ka 1920 ho fihlela ka bo-1980, ho ne ho sebelisoa mechine ea Linotype
United States
Libakeng tse ling ho seta litlhaku ho ne ho etsoa ka thepa ea Monotype
Japane
Hona joale ho etsoa ka mokhoa oa ho seta litlhaku ka ho li fota ho sebelisoa “computer”
Jeremane
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 582]
Ho Etsa Lipoleiti
Ho tloha ka bo-1920 ho ea ho bo-1980, ho ile ha etsoa lipoleiti tsa loto bakeng sa khatiso ea “letterpress”
[Litšoantšo]
1. Mela ea mongolo bakeng sa maqephe a taba e hatisitsoeng a ile a notlelloa ka li- foreimeng tsa tšepe tse bitsoang li-“chase”
2. Tlas’a khatello, khatiso ea mongolo e ne e etsoa holim’a ntho e neng e ka sebelisoa e le foromo
3. Loto e chesang e ne e tšeloa ka foromong ho etsa lipoleiti tsa khatiso tsa tšepe tse kobehileng
4. Tšepe e neng e sa batlehe e ne e tlosoa holim’a poleiti
5. Lipoleiti li ne li entsoe ka “nickel” bakeng sa ho tšoarella
Morao tjena, liriti tsa maqephe a hlahisitsoeng ka ho fotoa ka motlakase li behoa boemong bo itseng ’me litšoantšo li kenngoa sebakeng se loketseng. Lihlopha tsa maqephe li fetisetsoa ka ho fotoa lipoleiting tse tenyetsehang tsa mochine oa khatiso
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 585]
‘Bopaki ba Moea oa Jehova’
Charles Fekel o ile a re: “Ho hatisoa ha libuka le Libibele ka katleho ka mechine ea khatiso ea ‘rotary’ ke batho ba nang le phihlelo e fokolang kapa ba sa kang ba e-ba le eona pele [’me e le nakong eo ba bang ba neng ba e-s’o ho etse] ke bopaki ba bolebeli ba Jehova le tataiso ea moea oa hae.” Moena Fekel o ne a tseba hantle se neng se ameha, hobane o ne a ile a kopanela tsoelo-peleng ea mesebetsi ea ho hatisa ntlo-khōlō ea Mokhatlo ka lilemo tse fetang mashome a mahlano. Lilemong tsa hae tsa ho qetela, o ile a sebeletsa e le setho sa Sehlopha se Busang.
[Setšoantšo]
Charles Fekel
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 586]
Ho Itšetleha ka Molimo ea Matla ’Ohle
Phihlelo e phetiloeng ke Hugo Riemer, eo e kileng ea e-ba moemeli ea rekelang Mokhatlo oa Watch Tower, e bontša tsela eo ka eona Mokhatlo oa Watch Tower o phethang mosebetsi oa oona.
Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, pampiri ea khatiso e ne e abjoa ka ho lekanyetsoa United States. Boipiletso bakeng sa phepelo bo ile ba tlameha ho etsoa ho komiti e khethiloeng ke ’muso. Ka lekhetlo le leng o mong oa mekhatlo e ka sehloohong ea Bibele o ne o e-na le babuelli ba molao, banna ba baholo ba khoebo, baboleli, le ba bang ba le teng moo ho tla ba emela ka pele ho komiti ena. Ba ile ba fuoa ka tlaase haholo ho seo ba neng ba se batlile. Ka mor’a hore ho utluoe kōpo ea bona, komiti eo e ile ea bitsa Watchtower Bible and Tract Society. Ha Hugo Riemer le Max Larson ba atamela, molula-setulo o ile a botsa: “Ke lōna le le babeli feela?” Karabelo: “E. Re tšepa hore Molimo ea Matla ’Ohle le eena o na le rōna.” Ba ile ba fuoa phepelo eohle eo ba neng ba e hloka.
[Setšoantšo]
Hugo Riemer
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 587]
Mechine e Hatisang
Mechine ea khatiso ea mefuta e mengata e ’nile ea sebelisoa ke Mokhatlo oa Watch Tower mesebetsing ea oona ea khatiso
[Litšoantšo]
Ka lilemo tse ngata ho ile ha sebelisoa mechine ea “flatbed” ea mefuta e mengata (Jeremane)
Mechine e menyenyane e ’nile ea sebelisoa ho hatisa e seng liforomo le limemo feela empa hape le limakasine (U.S.A.)
Likhatisong tsa oona tse sa tšoaneng, e 58 ea mechine ena ea khatiso ea MAN ea “rotary” e tsoang Jeremane e ne e sebelisoa (Canada)
Hona joale, mechine ea khatiso ea “web offset” ea mebala e mene ea lebelo le phahameng e entsoeng linaheng tse sa tšoaneng ea sebelisoa likhatisong tse khōlō tsa Mokhatlo
Italy
Jeremane
[Litšoantšo tse leqepheng la 588, 589]
Ho Kopanya Libuka
Ho kopanngoa ha libuka lifekthering tsa Watch Tower ho ne ho etsoa ka letsoho pele (Switzerland)
Tlhahiso ka tekanyo e khōlō United States e ne e hloka mesebetsi e mengata e arohaneng
1. Ho bokella likarolo tsa buka
2. Ho li rōkella hammoho
3. Ho khomaretsoa ha maqephe a qalang le a qetellang
4. Ho pongoa hantle
5. Ho khabisa likoahelo
6. Ho beha likoahelo libukeng
7. Ho hatella libuka ho fihlela ha sekhomaretsi se tiile
Hona joale, ho e-na le ho rōka, hangata ho sebelisoa mokhoa o matla oa ho kopanya, ’me mechine e lebelo le phahameng e ka hlahisa libuka tse 20 000 kapa ho feta ka letsatsi
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 594]
Ho Ntšetsa Pele Tsebo ea ’Muso oa Molimo
Ka linako tse sa tšoaneng Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa hlahisa libuka ka lipuo tse sa tšoaneng tse fetang 290. Ka 1992 o ne o hatisa libuka ka lipuo tse ka bang 210. Sena sohle se entsoe e le ho thusa batho hore ba tsebe ka ’Muso oa Molimo le seo o se bolelang bakeng sa bona. Har’a lithuso tsa bona tsa ho ithuta Bibele tse ileng tsa abjoa ka ho pharalletseng ho fihlela kajeno ke tse latelang:
“’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng” (1968, ka Senyesemane): likopi tse 107 553 888, ka lipuo tse 117
“U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng” (1982): likopi tse 62 428 231, ka lipuo tse 115
“Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng!” (1982): likopi tse 76 203 646, ka lipuo tse 200
Lipalo tse fanoeng ka holimo ke tsa ho fihlela ka selemo sa 1992.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 598]
Moo ho Rekotoang Lik’hasete tsa “Audio”
Ka ntle le ho sebelisa lingoliloeng mosebetsing oa boevangeli, ho tloha ka 1978 Mokhatlo oa Watch Tower o ’nile oa hlahisa lik’hasete tsa “audio”—likopi tse ka holimo ho limillione tse 65 o sebelisa thepa ea oona United States le Jeremane.
“New World Translation” kaofela ha eona e fumaneha ka lik’hasete tsa “audio” ka Sefora, Sejapane, Sejeremane, Senyesemane, Sepanishe, le Setaliana. Ka 1992 likarolo tse sa tšoaneng tsa phetolelo ena ea Bibele li ne li boetse li fumaneha ka lik’hasete tsa “audio” ka lipuo tse ling tse robeli.
E le thuso mabapi le ho ruta bana ba banyenyane, ho boetse ho entsoe litheipi tse rekotiloeng tsa lingoliloeng tse kang “My Book of Bible Stories” le “Listening to the Great Teacher,” tse neng li etselitsoe bacha ka ho khetheha.
Ho phaella moo linaheng tse ling litheipi tsa “audio” li hlahisoa bakeng sa ho hasoa seea-le-moeeng.
Ho rekotiloe ’mino o hlahisitsoeng ke “orchestra” e entsoeng ka Lipaki kaofela. Litheipi tsena li sebelisoa bakeng sa ho tsamaisana le tsona ha ho binoa likopanong tsa Lipaki tsa Jehova. Litokisetso tse ntle tsa “orchestra” tsa ’mino ona li boetse lia fumaneha bakeng sa ho thabeloa lapeng.
Litšoantšiso tse rekotiloeng (litlaleho tsa kajeno le tsa Bibele) lia sebelisoa likopanong, moo batšoantšisi ba Lipaki ba thusang bamameli hore ba bone liketsahalo tseo ka pono. Hamorao li sebelisoa bakeng sa boithabiso ba lelapa bo laeang le bo thabisang.
Limakasine tsa “Molula-Qhooa” le “Tsoha!” lia fumaneha ka lik’hasete tsa “audio” ka Senyesemane le Sefinnishe. “Molula-Qhooa” o boetse oa fumaneha ka Sefora, Sejeremane, Sedanishe, Senorway, le Swedish. Qalong li ne li reretsoe batho ba nang le pono e mpe ea mahlo, li boetse li ananeloa ke ba bang ba bangata ba likete.
[Setšoantšo]
J. E. Barr setudiong sa ho rekota
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 600, 601]
Ho Sebelisoa ha Lik’hasete tsa “Video” Boboleling ba ’Muso
Ka 1990 Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa kena karolong e ncha ka ho lokolla k’hasete ea oona ea pele ea “video” e reretsoeng ho abeloa sechaba.
Ho ile ha hakanngoa selemong seo hore malapa a ka holimo ho 200 000 000 ho pota lefatše a na le li-VCR (“videocassette recorders”) tsa mefuta e sa tšoaneng. Esita le linaheng tseo ho tsona ho se nang litsi tsa thelevishene, li-VCR li ne li sebelisoa. Kahoo, ho sebelisoa ha lik’hasete tsa “video” e le mokhoa oa taeo ho fane ka tsela e ncha ea ho finyella bamameli ba libakeng tse pharalletseng ka mokhoa o atlehang haholo.
Khale ka 1985, mosebetsi oa ho bontša “video” o ne o se o qalile ho e meng ea mesebetsi ntlo-khōlō ea lefatše ea Mokhatlo, molemong oa ba etelang meaho ea oona. Ka mor’a nako, linehelano tsa “video” li boetse li ipakile li boloka nako bakeng sa ho tloaetsa litho tse ncha tsa lelapa la Bethele makhulo. Na mokhoa oo oa taeo o ne o ka sebelisoa ka litsela tse ling ho thusa mosebetsing oa lefatše ka bophara oa ho etsa barutuoa? Ba bang ba baena ba ne ba lumela joalo.
Ka lebaka leo, ka October 1990, ho ile ha lokolloa k’hasete ea “video” “Jehovah’s Witnesses—The Organization Behind the Name.” Karabelo e ile ea e-ba e ikhethang. Ho ile ha amoheloa likōpo tse phallang tsa mananeo a joalo a eketsehileng. E le ho tlatsa tlhoko ena, ho ile ha thehoa lefapha le lecha le bitsoang Video Services.
Lipaki tseo e neng e le litsebi tšobotsing eo li ile tsa thabela ho fana ka thuso. Ho ile ha fumanoa thepa. Ho ile ha hlongoa lisetudio. Sehlopha sa bo-ralik’hamera se ile sa qala ho etela linaheng tse sa tšoaneng ho ea nka batho le lintho tse ka sebelisoang linehelanong tsa “video” tse reretsoeng ho haha tumelo. “Orchestra” eo e leng Lipaki feela ea machaba eo khafetsa e ’nileng ea thusa ka merero e khethehileng bakeng sa ho lokisetsa ’mino e ile ea phahamisa boleng ba linehelano tsa “video.”
Ho ile ha etsoa litokisetso tsa ho finyella lihlopha tse eketsehileng tsa lipuo. Bohareng ba 1992, “video” “Jehovah’s Witnesses—The Organization Behind the Name” e ne e romeloa ka lipuo tse ngata. E ne e rekotiloe ka lipuo tse 25, ho akarelletsa tse ling tsa Europe Bochabela. Ho phaella moo, litokisetso li ne li ntse li tsoela pele ho e rekota ka Mandarin hammoho le ka Cantonese bakeng sa Machaena. Mokhatlo o boetse oa fumana litokelo tsa ho boela o hlahisa le ho aba “Purple Triangle,” e leng “video” e buang ka botšepehi ba lelapa le leng la Lipaki Jeremane mehleng ea Manazi. Ka nako ea lilemo tse peli, lik’hasete tsa “video” tse ka holimo ho millione li ne li hlahisitsoe bakeng sa ho sebelisoa ke Lipaki tsa Jehova tšebeletsong ea tsona.
Ho ile ha lebisoa tlhokomelo e khethehileng ho se hlokoang ke litholo. Tokollo ea “Jehovah’s Witnesses—The Organization Behind the Name” e ile ea hlahisoa ka Puo ea Matsoho ea Amerika. ’Me ho ile ha etsoa phuputso ka tebello ea ho lokisetsa li-“video” tse tla tšoanelehela batho ba litholo linaheng tse ling.
Ha ho ntse ho etsoa sena, mosebetsi o ne o ntse o tsoela pele oa ho hlahisa letoto le tla thusa ho haha tumelo bukeng eo e leng eona motheo oa tumelo ea Bokreste, Bibele. Ka September 1992, karolo ea pele ea lenaneo leo, “The Bible—Accurate History, Reliable Prophecy,” e ne e phethiloe ka Senyesemane, ’me ho ne ho ntse ho lokisetsoa litokollo tse ling ka lipuo tse ling.
Ho hang lik’hasete tsa “video” ha li nkele lingoliloeng sebaka kapa bopaki ba botho. Lingoliloeng tsa Mokhatlo li ntse li tsoela pele ho phetha karolo ea bohlokoa ho haseng litaba tse molemo. Mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova oa ho ea ka ntlo le ntlo o sala e ntse e le tšobotsi e tiileng e theiloeng Mangolong ea tšebeletso ea tsona. Leha ho le joalo, lik’hasete tsa “video” hona joale li tlatsa tsena e le likofuto tsa bohlokoa bakeng sa ho hlaolela tumelo litšepisong tsa Jehova tsa bohlokoa le ho susumelletsa kananelo bakeng sa mosebetsi oo a reng o etsoe lefatšeng mehleng ea rōna.
[Litšoantšo]
1. Ka mor’a hore ho fumanoe likahare tsa motheo, ho theipuoa “video” ha ho ntse ho ngoloa boitsebiso
2. Ho khethoa litšoantšo ’me ho latellana ha tsona ho lekanyetsoa nakong ea tlhophiso
3. ’Mino oa “orchestra” o hlophisitsoeng ka ho khetheha oa rekotoa bakeng sa ho phahamisa boleng ba nehelano ena
4. ’Mino le molumo li hlophisoa le ho tsamaisana le tlhaloso le litšoantšo
5. Litšobotsi tsa “audio” le litšoantšo li hlophisoa qetellong
[Litšoantšo tse leqepheng la 576]
Khatiso ea sebele ea lingoliloeng tsena tsa pele e ne e etsoa ke lifeme tsa khoebo
[Setšoantšo se leqepheng la 577]
C. A. Wise o ile a etsa teko ho bona hore na Liithuti tsa Bibele li lokela ho boetse li hloma ntlo-khōlō Brooklyn
[Litšoantšo tse leqepheng la 579]
Mochine oa pele oa Mokhatlo oa “rotary” o ile oa sebelisoa ho hatisa likopi tse 4 000 000 tsa “Golden Age” No. 27 e phomellang ka ho tšotehang
[Setšoantšo se leqepheng la 580]
R. J. Martin (ka ho le letona), molebeli oa pele oa fektheri ea Mokhatlo e Brooklyn, ba eletsana le Moena Rutherford
[Setšoantšo se leqepheng la 583]
E ’ngoe ea libaka tsa pele tsa khatiso tsa Mokhatlo Europe (Bern, Switzerland)
[Litšoantšo tse leqepheng la 584]
Magdeburg, Jeremane, Mokhatlo o ile oa hloma setsi sa khatiso ka bo-1920
[Setšoantšo se leqepheng la 590, 591]
Elandsfontein, Afrika Boroa (1972)
[Setšoantšo se leqepheng la 590]
Numazu, Japane (1972)
[Setšoantšo se leqepheng la 590]
Strathfield, Australia (1972)
[Setšoantšo se leqepheng la 590]
São Paulo, Brazil (1973)
[Setšoantšo se leqepheng la 591]
Lagos, Nigeria (1974)
[Setšoantšo se leqepheng la 591]
Wiesbaden, Jeremane (1975)
[Setšoantšo se leqepheng la 591]
Toronto, Canada (1975)
[Setšoantšo se leqepheng la 597]
Ho ngola ka lipalo ka mokhoa o batsi ho ’nile ha etsoa ke Lipaki ho khotsofatsa tlhoko ea tsona ea lingoliloeng tsa Bibele ka lipuo tse ngata (Brooklyn, N.Y.)
[Setšoantšo se leqepheng la 599]
Li-“computer” tsa ’mala li nolofalletsa baetsi ba litšoantšo hore ba behe litšoantšo moo li loketseng teng, ho li lekanya, le ho li ntlafatsa ka thuso ea mechine
[Setšoantšo se leqepheng la 602]
Lipaki tsa Jehova li sebelisa tsamaiso ea “computer” ho potlakisa le ho ntlafatsa mosebetsi oa phetolelo ea Bibele (Korea)