Bahlanka ba Sebeletsang ba Etsa Tšebeletso ea Bohlokoa
1 “Ba bontšitse hore kannete ke banna ba inehetseng bao tumelo ea bona e bonahalitsoeng tšebeletsong e mafolofolo ea ’Muso le ho thuseng ba bang hore ba tiisoe tumelong.” Ho Hlophisetsoa ho Phetha Tšebeletso ea Rōna, leqepheng la 57, e rialo ha e bua ka bahlanka ba sebeletsang. Ka sebele, mohlala o behoang ke bahlanka ba sebeletsang litabeng tsa moea ke o lokelang ho etsisoa. Ho sebetsa le bona le baholo ho “sebeletsa khōlo ea ’mele bakeng sa ho ikaha ha oona ka lerato.”—Baef. 4:16.
2 Bahlanka ba sebeletsang ba etsa mosebetsi oa bohlokoahali ka phuthehong. Nahana ka mesebetsi eohle ea bohlokoa eo ba e etsang! Ba boloka litlaleho tsa lichelete, ba hlokomela libuka, limakasine, lipeeletso le tšimo; ba sebeletsa e le bahlokomeli, ba sebetsana le thepa ea molumo ’me ba thusa ho hlokomela Holo ea ’Muso. Ba nka karolo Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo le Sebokeng sa Tšebeletso. Ba bang ba bona ba fana le ka lipuo tsa phatlalatsa kapa ba khanna liboka tse ling tsa phutheho. Joaloka litho tsa ’mele, bahlanka ba sebeletsang ba etsa mesebetsi eo re e hlokang.—1 Bakor. 12:12-26.
3 Ho bona bahlanka ba sebeletsang ba sebelisana le baholo ka kutloano e le karolo ea sehlopha se le seng sa bahlanka, ba etsa sena ka tlhomphano le ka ho utloisisana, ho khothalletsa ba bang ho etsa se tšoanang. (Bakol. 2:19) Ka ho phetha boikarabelo ba bona ka botšepehi beke le beke le ka ho bontša ba bang thahasello ea botho, ba thusa hore phutheho e tsoele pele moeeng.
4 Re ka etsa’ng ho bontša hore re ananela bahlanka ba sebeletsang ba sebetsang ka thata? Ho hlokahala hore re tloaelane le mesebetsi eo ba e abetsoeng ’me re bontše hore re ikemiselitse ho sebelisana le bona ha ba hloka hore re ba thuse. Ka lipuo le ka liketso, re ka etsa hore ba tsebe hore re ananela mosebetsi oa bona. (Liprov. 15:23) Ba sebetsang ka thata molemong oa rōna ba tšoaneloa ke kananelo ea sebele.—1 Bathes. 5:12, 13.
5 Lentsoe la Molimo le bontša karolo e phethoang ke bahlanka ba sebeletsang le litšoaneleho tsa bona. (1 Tim. 3:8-10, 12, 13) Tšebeletso ea bona e halalelang ke ea bohlokoa haholo mosebetsing oa phutheho. Banna ba joalo ba tšoaneloa ke khothatso ea rōna e tsoelang pele, kaha kaofela ha bona ba na le ‘ho hongata hoo ba ka ho etsang mosebetsing oa Morena.’—1 Bakor. 15:58.