Ho Eketsa Matla a ho Paka ha Bofelo bo Ntse bo Atamela
1 Nako ea kotulo ke nako e thabisang. Hape ke nako ea ho sebetsa ka thata. Ho na le nako e lekanyelitsoeng feela ea ho bokella lijalo. Basebetsi ha baa tlameha ho ba botsoa mosebetsing oa bona.
2 Ha a bua ka tšoantšetso, Jesu o ile a bapisa “qetello ea tsamaiso ea lintho” le nako ea kotulo. (Mat. 13:39) Re phela qetellong ea tsamaiso ena ea lintho, re saletsoe ke nako e fokolang ea ho fana ka bopaki “lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona.” (Mat. 24:14) Ha bofelo bo ntse bo atamela haholoanyane, ho hlokahala re eketse matla a ho kopanela ha rōna tšebeletsong ena. Hobane’ng? Jesu o ile a hlalosa: “Kotulo e khōlō, empa basebetsi ha ba bakae.”—Mat. 9:37, 38; Baroma 12:11.
3 E-ba ho Oona ka ho Potlaka: Ha Jesu a ne a qala mosebetsi oa hae o moholo oa ho bolela, o ne a e-na le lilemo tse tharo feela hore a phethe seo a neng a abetsoe hore a se etse. O ile a bolela a e-na le boikutlo ba ho potlaka, a re: “Ke lokela ho bolela litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo, hobane ke rometsoe bakeng sa sena.”—Luka 4:43.
4 Jesu o ile a kenya ka ho barutuoa ba hae boikutlo bo tšoanang ba ho potlaka. (Mar. 13:32-37) Ke ka lebaka leo “letsatsi le leng le le leng ka tempeleng le ka ntlo le ntlo ba [ileng ba] tsoela pele ba sa khaotse ho ruta le ho bolela litaba tse molemo mabapi le Kreste, Jesu.” (Lik. 5:42) Mesebetsi eo e seng ea bohlokoa e ne e sa nke sebaka sa pele bophelong ba bona. Le hoja ba ne ba fokola hakaalo, ba ile ba atleha ho bolela litaba tse molemo “pōpong eohle e tlas’a leholimo.”—Bakol. 1:23.
5 Hona joale ho na le lebaka le leholoanyane le ho feta ho rōna la ho hlaolela boikutlo bo tšoanang ba ho potlaka, kaha “bofelo ba lintho tsohle bo atametse.” (1 Pet. 4:7) Jehova o behile letsatsi le hora bakeng sa bofelo ba tsamaiso ena ea lintho. (Mat. 24:36) Mosebetsi oa ho bolela o tla be o phethiloe ka nako e setseng. Ke ka lebaka leo re tsoelang pele ho eketsa boiteko ba rōna ba ho finyella batho ba eketsehileng ka litaba tse molemo.
6 Ka ho eketsa matla a ho kopanela ha rōna mosebetsing oa ho paka ha bofelo bo ntse bo atamela, re tla khotsofalla hore re re ho Jehova, joalokaha Jesu a entse: ‘Re qetile mosebetsi oo u re fileng oona hore re o etse.’—Joh. 17:4.