“U Bolele Lentsoe . . . ka ho Phehella ka Potlako”
1 Ha u amohela ntho e tšoailoeng hore “E POTLAKILE,” u e talima joang? Lentsoe ‘potlaka’ le bolela “ho batla tlhokomelo ea kapele.” Ke ka lebaka le letle moapostola Pauluse a ileng a laela Bakreste hore ba “bolele lentsoe . . . ka ho phehella ka potlako.” (2 Tim. 4:2) Na u arabela ka ho lebisa tlhokomelo ea kapele mosebetsing oo?
2 E ka ’na eaba Pauluse o ile a tlaleheloa hore ba bang ba barab’abo ba ne ba bonahatsa tšekamelo ea ‘ho ba botsoa mosebetsing oa bona’ empa e le Bakreste. (Baroma 12:11) Sena se fokolitse liphello tsa mesebetsi ea bona hammoho le thabo eo ba ka beng ba e fumane ka ho thusa ba bang.
3 Pono ea Jesu ka Tšebeletso: Ke thabo e kaakang eo Jesu a ileng a e fumana ka ho phetha tšebeletso ea hae! O ile a re: “Lijo tsa ka ke hore ke etse thato ea ea nthomileng le hore ke qete mosebetsi oa hae.” Mohlala oa Jesu o ile oa susumetsa barutuoa ba hae, bao a ileng a ba khothatsa ka ho ba bolella hore ‘masimo a soeufaletse kotulo.’ (Joh. 4:34, 35) Boikutlo ba ho potlaka boo a ileng a bo bonahatsa tšebeletsong eohle ea hae bo ile ba totobala ha a bolella barutuoa ba hae hore ba “kōpe Mong’a kotulo hore a romele basebetsi kotulong ea hae.” (Mat. 9:38) Jesu o ne a ananela hore thōmo ea hae e ne e le ea ho bolela, ’me o ne a ikemiselitse hore ha ho letho le neng le tla mo thibela hore a etse joalo.
4 Ho Thoe’ng ka Rōna? Kajeno, ho potlakile haholoanyane ho feta leha e le neng pele hore re hatele pele ka mosebetsi oa ho bolela. Likarolong tse ngata tsa lefatše, masimo a butsoelitse hore a kotuloe. Esita le linaheng tseo ho bonahalang eka ho fanoe ka bopaki ka ho feletseng ho tsona, ho ntse ho kolobetsoa ba likete selemo le selemo. Kaha bofelo ba tsamaiso ena ea lintho bo atamela ka potlako, ho na le “ho hongata hoo [re] ka ho etsang mosebetsing oa Morena.” (1 Bakor. 15:58) Ke habohlokoa hore re ikitlaetse ka matla ho feta leha e le neng pele ho arolela ba bang molaetsa oa ’Muso.
5 A re tšoareheng haholo ka ho finyella ba bang ka litaba tse molemo, ka ntlo le ntlo le kae kapa kae moo batho ba ka fumanoang teng tšimong. Ka ho kopanela ka botlalo mosebetsing oa ho bolela, re bontša ka ho hlakileng hore re behile ’Muso pele bophelong ba rōna. (Mat. 6:33) Ho tšepahala ha rōna ho boleleng lentsoe ka ho phehella ka potlako ho tla re tlisetsa thabo e khōlō.