Na U na le Odara e Tobileng?
1 Na u se u kile ua ea sebokeng sa tšebeletso ea tšimo ’me ua fumana hore ha u na limakasine ka mokotlaneng oa hao oa ho paka? Joale, hopola kenyelletso ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea September 1995 e neng e e-na le sehlooho se reng, “Sebelisa Limakasine Tsa Rōna Hamolemo.” E ile ea re bolella hore re ‘etse odara e tobileng ea limakasine,’ e re: “Kenya odara e u loketseng ea palo e tobileng ea likopi tsa tokollo ka ’ngoe ho mor’abo rōna ea sebetsanang le limakasine. Ka tsela ena, uena le lelapa la hao le tla ba le phepelo ea kamehla le e lekaneng ea limakasine.” Na u entse see?
2 Ke hobane’ng ha u sa etse odara e tobileng ea limakasine? U tla ikutloa u e-na le boikarabelo ba ho aba limakasine tseo beke le beke, ’me u tla ba le thabo e eketsehileng ka ho etsa joalo. Haeba u se u ntse u e-na le odara e tobileng, hlahloba hape ho bona hore na u fumana palo eo u e hlokang bakeng sa karolelano ea khoeli tšebeletsong. Ke ’nete hore re batla ho tšepahalla ho nka odara ea rōna beke le beke ’me re lokela ho ikutloa re tlamehile ho etsa joalo. Haeba u tla ba sieo phuthehong ka nako e telele, tsebisa mohlanka oa limakasine hore na u batla a lokollele motho e mong limakasine tsa hao ho fihlela u khutla kapa che.
3 Eona kenyelletso e qotsitsoeng ka holimo e boetse ea bolela hore re lokela ho “etsa kemiso ea kamehla ea letsatsi la limakasine.” Na u ka tšehetsa Letsatsi la Limakasine la beke le beke? Joalokaha ho bontšitsoe ho Almanaka ea Lipaki Tsa Jehova ea 1999, letsatsi lena ke Moqebelo o mong le o mong oa selemo! U se ke ua khella fatše bohlokoa ba ho aba Molula-Qhooa le Tšoha! Ha re etsa boiteko ba ho kopanela ka botlalo tšebeletsong ea limakasine, re ‘tlisa litaba tse molemo tsa ho hong ho molemo’ ho baahelani ba rōna.—Esa. 52:7, NW.