Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/99 leq. 1
  • Thuto ea Lefatše le Lipakane Tsa Hao Tsa Moea

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thuto ea Lefatše le Lipakane Tsa Hao Tsa Moea
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Thuto e Nang le Morero
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Na Bibele ha e Khothalletse Thuto?
    Tsoha!—1998
  • Fumana se Molemohali Sekolong
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Thuto—E Sebelisetse ho Rorisa Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
km 8/99 leq. 1

Thuto ea Lefatše le Lipakane Tsa Hao Tsa Moea

1 Ho fumana thuto e ntle ea motheo ha u sa le monyenyane ho ka u fa tsebo ea sekolo eo u e hlokang bakeng sa hore u bale le ho ngola hantle le ho fumana kutloisiso e akaretsang ea jeokrafi, histori, lipalo le saense. Ha u ntse u tsoela pele, u ka ithuta ho nahana hantle, ho sekaseka lintlha, ho rarolla mathata, le ho hōlisa likhopolo tse molemo. Thuto e joalo ea sekolo e tla u tsoela molemo bophelong bohle ba hao. Thuto ea hao ea lefatše e ka amana joang le lipakane tsa hao tsa moea bophelong ’me ea u thusa ho fumana “bohlale le kutloisiso”?—Liprov. 3:21, 22.

2 E-ba ea ka Sebelisoang Tšebeletsong ea Molimo: Ha u sa le sekolong, mamelisisa ka tlelaseng ’me u etse likabelo tsa mosebetsi o etsetsoang hae hantle. Ha u se u tseba ho bala hantle ’me o e-na le mekhoa e metle ea ho ithuta, u ka nolofalloa haholoanyane ho hlahloba Lentsoe la Molimo le ho ipoloka u le matla moeeng. (Lik. 17:11) Tsebo e batsi e tla u thusa ho buisana le batho ba litso, lithahasello le litumelo tse sa tšoaneng ha u ntse u kopana le bona tšebeletsong. Thuto eo u e fumanang sekolong e tla ba molemo ha u tsoela pele ho jara boikarabelo ba hao ba Bokreste mokhatlong o hlophisitsoeng oa Molimo.—Bapisa le 2 Timothea 2:21; 4:11.

3 Ithute ho Iphelisa: Haeba u ikitlaetsa, u ka boetse ua ithuta tsebo e hlokahalang bakeng sa ho iphelisa ka mor’a ho qeta sekolong. (Bapisa le 1 Timothea 5:8.) Khetha lithuto tsa hao ka hloko. Ho e-na le ho tsepamisa mohopolo lefapheng le nang le menyetla e fokolang ea ho hiroa, nahanela ho ithuta mosebetsi o itseng oa boipheliso kapa tsebo e tla u nolofalletsa ho fumana mosebetsi o loketseng kae kapa kae. (Liprov. 22:29) Koetliso e joalo e tla etsa hore ho be bonolo hore u iphelise haeba u etsa qeto ea ho ea sebeletsa moo tlhokahalo e leng khōloanyane.—Bapisa le Liketso 18:1-4.

4 Ho fumana thuto e ntle ea motheo ha u ntse u le sekolong ho ka u thusa ho atolosa tšebeletso ea hao. Sebetsa ka thata ho fumana tsebo e hlokahalang bakeng sa ho iphelisa u ntse u ntšetsa pele tšebeletso ea Jehova. Kahoo ho kena ha hao sekolo ho tla sebeletsa e le thuso ea ho finyella lipakane tsa hao tsa moea.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela