Fumana se Molemohali Sekolong
1 Ha selemo se ntse se tsamaea, bacha ba tla tlameha ho etsa liqeto tse amang mesebetsi ea bona ea sekolo. Le hoja ho ka ’na ha e-ba le liphephetso le matšoenyeho tse amanang le ho kena sekolo, ho boetse ho na le melemo e mengata e ka fumanoang ke batho ba bacha ba ikitlaetsang e le hore ba ka fumana se molemohali thutong ea bona.
2 Thuto e ntle ea motheo e ka tlatsetsa tsoelo-peleng ea motho ea moea. Seo motho a se etsang ha a sa ntse a le mocha se amana haholo le seo a ka se finyellang ha a se a hōlile. Esita le tabeng ea ho kena sekolo, “leha e le sefe seo motho a se jalang, sena ka ho tšoanang o tla se kotula.” (Bagal. 6:7) Bacha ba ithutang lithuto tsa bona tsa sekolo ka thata ba ka fumana tsebo e tla etsa hore e be ba ka sebelisoang hamolemo ke Jehova.
3 Hore motho a tle a etse liqeto tse nepahetseng tsa lithupelo tsa sekolo, ho hlokahala hore a nahanele seo ka hloko. Batsoali ba lokela ho thusa bana ba bona ho khetha tse tla ba fa koetliso e sebetsang hamolemo e le hore ba ka finyella lipakane tsa moea bophelong. Ka ho hlaolela tsebo ea bona, bacha ba tla ba le monyetla oa ho khona ho iphelisa mosebetsing oa bopula-maliboho. Thuto ea bona ea motheo e lokela ho ba thusa ho rorisa Jehova ho sa tsotellehe hore na ba sebeletsa hokae.
4 Bacha, lekang ho fumana se molemohali lilemong tsa lōna tsa sekolo. Ka ho etsa joalo, tsepamisang mohopolo ho pheleng bophelo bo khotsofatsang tšebeletsong e halalelang, ho e-na le ho hahamalla mosebetsi oa lefatše. Ikemisetseng ho sebelisa bophelo ba lōna ho etseng thato ea Jehova. Ka tsela eo, le tla atlehisa tsela ea lōna, thorisong ho Jehova.—Pes. 1:3.