Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/98 leq. 1
  • Bacha—Ruang Molemo Thutong ea Lōna Sekolong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bacha—Ruang Molemo Thutong ea Lōna Sekolong
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Fumana se Molemohali Sekolong
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Sekolo se Atlehileng se Leng Lefatšeng ka Bophara
    Tsoha!—1996
  • Linotlolo Tse Lebisang Thutong E Ntle
    Tsoha!—1996
  • U se ke Ua Tsilatsila
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
km 8/98 leq. 1

Bacha—Ruang Molemo Thutong ea Lōna Sekolong

1 U ikutloa joang ka ho kena sekolo? Na u lakatsa ho rua molemo thutong ea hao ea sekolo? Na u sebelisa menyetla eo sekolo se u bulelang eona ea ho abela bana bao u kenang tlelaseng e le ’ngoe le bona le matichere ’nete? Re kholisehile hore u batla ho etsa se molemohali sekolong.

2 E-ba Seithuti se Setle: Haeba u lokiselitse hantle ha u e-ea lithutong tsa hao ka tlelaseng ’me u mamela ka hloko, u tla fumana melemo e sa feleng. Khothalla ho etsa mosebetsi oa sekolo o etsetsoang lapeng, empa u se ke ua lumella mosebetsi oa hao oa sekolo hore o kena-kenane le mesebetsi ea puso ea Molimo.—Bafil. 1:10.

3 Qalisa selemo se seng le se seng sa sekolo ka ho bala bukana ea Lipaki Tsa Jehova le Thuto. Joale, uena kapa batsoali ba hao, u lokela ho fa e mong le e mong oa matichere a hao kopi. A tsebise hore lipotso leha e life tseo a ka bang le tsona li tla arabeloa. Sena se tla a thusa hore a utloisise hamolemo melao-motheo ea hao le litumelo le ho sebelisana le uena ha u sebelisa seo u se rutiloeng. Hape se tla tiisetsa matichere a hao hore uena le batsoali ba hao le lakatsa ho sebelisana le ’ona ha a ntse a u thusa ho fumana thuto ea bohlokoa.

4 E-ba Paki e Ntle: Ke eng ha u sa nke sekolo e le tšimo ea hao ea bopaki bo sa reroang? Nakong ea selemo sa sekolo, u na le menyetla e ikhethang ea ho paka. U na le tsebo e ntle ea moea eo ha u e kopanela le ba bang e ka ‘pholosang uena hammoho le ba u mamelang.’ (1 Tim. 4:16) Ka ho tsoela pele u e-na le boitšoaro ba Bokreste bo behang mohlala le ka ho paka neng le neng ha ho loketse hore u etse joalo, u tla itsoela molemo uena hammoho le ba bang.

5 Mora e mong oabo rōna e monyenyane o ile a pakela liithuti-’moho le eena ka tsela e sa reroang. Har’a tse ileng tsa arabela hantle ho ne ho e-na le Mok’hatholike, ea latolang boteng ba Molimo ea neng a atisa ho soma ba lumelang ho Molimo le mocha ea neng a tsuba mocha-o-chele a bile a noa haholo. Ka kakaretso, mora enoa oabo rōna e monyenyane o ile a thusa lithaka tsa hae tse 15 ho fihlela li inehela le ho kolobetsoa!

6 Kahoo bacha, ikitlaelletseng ho ithuta le ho sebetsa tšimo ea lōna e ikhethang ea ho paka. Ke moo le tla thabela molemo o moholohali oa ho kena sekolo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela