Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/11 leq. 2
  • U se ke Ua Tsilatsila

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U se ke Ua Tsilatsila
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bacha—Ruang Molemo Thutong ea Lōna Sekolong
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Sekolo se Atlehileng se Leng Lefatšeng ka Bophara
    Tsoha!—1996
  • Na Bana ba Hao ba se ba le Malala-a-laotsoe?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
  • “Tšimo e Khethehileng”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
km 10/11 leq. 2

U se ke Ua Tsilatsila

1. Sebete se hlokahala neng, hona hobane’ng?

1 Na u kile ua tsilatsila ho paka sekolong ka lebaka la ho tšaba hore u tla songoa? Ka sebele ho hlokahala sebete hore u bue, haholo-holo haeba u motho ea lihlong. Ke eng e tla u thusa?

2. U ka seka-seka boemo joang ha u lokela ho paka sekolong?

2 Seka-seka Boemo: Le hoja e le ho loketseng ho talima sekolo e le tšimo ea hao, u lokela ho hopola hore ha hoa lebelloa hore u qale puisano ea Bibele le motho e mong le e mong joalokaha u ne u ka etsa ha u bolela ka ntlo le ntlo. Seka-seka boemo hantle ho bona hore na u ka bua neng. (Moek. 3:1, 7) Taba eo ho buisanoang ka eona ka tlelaseng kapa mosebetsi oa sekolo li ka u fa monyetla oa hore u bue ka tumelo ea hao. Ka linako tse ling seithuti-’moho le uena se ka u botsa hore na ke hobane’ng ha u sa etse lintho tse itseng le bana ba bang. Ha likolo li buloa mathoasong a selemo, Bakreste ba bang ba tsebisa matichere a bona hore ke Lipaki Tsa Jehova ’me ba a fa lingoliloeng tse hlalosang litumelo tsa rōna. Ba bang ba tlohela lingoliloeng lideskeng e le hore ba kenang sekolo le bona ba ba botse lipotso.

3. U ka lokisetsa joang hore u fane ka bopaki sekolong?

3 Itokise Esale Pele: Haeba u lokisetsa, ruri u tla ba sebete. (1 Pet. 3:15) Kahoo nahana esale pele ka lipotso tse ka ’nang tsa hlaha ebe u nahana kamoo u ka li arabang ka teng. (Liprov. 15:28) Haeba ho khoneha, beha Bibele ea hao le libuka tse kang buka ea Ho Bea Mabaka, libuka tsa Bacha Baa Botsa le lingoliloeng tse ling tse buang ka pōpo sekolong, e le hore u ka ba bontša tsona ha ho hlokahala. Kōpa batsoali ba hao hore ho be le mananeo a ho itlhakisa nakong ea borapeli ba lelapa.

4. Ke hobane’ng ha u lokela ho tsoela pele u paka sekolong?

4 E-ba le Maikutlo a Matle: U se ke ua nahana hore bao u kenang sekolo le bona ba tla lula ba u soma ha u bua le bona ka Bibele. Ba bang ba ka ’na ba khahloa ke sebete sa hao mohlomong ba ba ba u mamela. Empa u se ke ua nyahama ha ho se na motho ea u mamelang. Jehova o tla thabisoa ke boiteko ba hao. (Baheb. 13:15, 16) Tsoela pele ho mo kōpa hore a u thuse hore u ‘’ne u bolele ka sebete sohle.’ (Lik 4:29; 2 Tim. 1:7, 8) Nahana kamoo u tla thaba kateng ha e mong a u mamela. Motho eo le eena, a ka qetella e le mohlanka-’moho le uena oa Jehova!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela