Bona Matla a Bibele!
Joang? Ka ho shebella video ea The Bible—Its Power in Your Life. Ke ea boraro letotong la lik’hasete tsa video tse nang le sehlooho se reng, The Bible—A Book of Fact and Prophecy.
Na u batla lenyalo le atlehileng? Na u hloka thuso bakeng sa ho tobana le mehla ee e thata? Ke joang bacha ba ka hōlang ho ba batho ba baholo ba nang le boikarabelo? Bibele e ka thusa, joalokaha video ena e bontša. Mamela ha batho ba bua ka matla a ho etsa se setle ao Bibele e faneng ka ’ona bophelong ba bona. Mamela ha ba hlalosa kamoo melao-motheo ea eona e ba thusitseng kateng ho tobana le mathata a bophelo bona.
Video ena ke kofuto ea bohlokoa bakeng sa ho thusa batho ba sa tsoa thahasella ho bona melemo ea ho sebelisa Lentsoe la Molimo e le tataiso bophelong ba bona. Mokhatlo o na le video ea The Bible—Its Power in Your Life setokong. U ka ’na ua odara e ’ngoe ho mohlanka oa libuka oa phutheho.