Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/10 leq. 1
  • The Bible—Its Power in Your Life

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • The Bible—Its Power in Your Life
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bona Matla a Bibele!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
  • Bibele e ka Ntlafatsa Bophelo ba Hao Joang?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Bibele e ka Ntlafatsa Bophelo ba Hao Joang?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Selelekela sa Thuto ea Bibele
  • The Bible—A Book of Fact and Prophecy
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
km 9/10 leq. 1

The Bible—Its Power in Your Life

Bibele e thusitse batho ba limilione hore ba ntlafatse bophelo ba bona. Ke melao-motheo efe ea Bibele eo ha re e sebelisa e tla re thusa ho hlōla mathata ao re tobanang le ’ona kajeno? Ha ho potang hore u tla rata ho fumana karabo ea potso ena ka ho shebella video ea The Bible—Its Power in Your Life, e leng ea bobeli ho tse tharo tse ho DVD ea The Bible—A Book of Fact and Prophecy. Ka mor’a ho shebella video ena, na u ka khona ho araba lipotso tsee?

(1) Ke hobane’ng ha re ka re Bibele hase feela buka e ngotsoeng ka bokhabane? (Baheb. 4:12) (2) Haeba Bibele e thusa batho ho ntlafatsa bophelo ba bona, ke hobane’ng ha moloko oa batho o le mathateng a mangata hakaale? (3) Sehlooho sa Bibele ke sefe? (4) Ke mangolo afe a Bibele a hlahang videong ee a ka thusang banyalani ho (a) ntlafatsa tsela eo ba buisanang ka eona le ho (b) laola bohale? (5) Tsela eo Mokreste a talimang lenyalo ka eona e ntlafatsa bophelo ba lelapa joang? (Baef. 5:28, 29) (6) Jehova o behetse batsoali mohlala o phethahetseng joang? (Mar. 1:9-11) (7) Batsoali ba ka etsa’ng hore thuto ea lelapa e be monate? (8) Ntle le ho ruta bana Bibele ke eng eo Lentsoe la Molimo le khothalletsang batsoali hore ba e fe bana ba bona? (9) Keletso ea Bibele e ka thusa malapa joang hore a atlehe litabeng tsa lichelete? (10) Ke melao-motheo efe ea Bibele e mabapi le bohloeki, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, joala le e mabapi le ho imeloa kelellong eo ha re e sebelisa e tla fokotsa menyetla ea ho kula? (11) Re ka matlafatsoa ke litšepiso life tsa Bibele? (Jobo 33:25; Pes. 145:16) (12) Lithuto tsa Lentsoe la Molimo li u thusitse joang hore u ntlafatse bophelo ba hao? (13) U ka sebelisa video ee joang ho thusa ba bang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela