Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 3/09 leq. 3
  • The Bible—A Book of Fact and Prophecy

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • The Bible—A Book of Fact and Prophecy
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • The Bible—Its Power in Your Life
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
  • Karolo 2—Kamoo Bibele e Tlileng ho Rōna Kateng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • O Utloile Molimo e le ’Musi Ho E-na le Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Ntoa ea Casiodoro de Reina Bakeng sa Bibele ea Sepanishe
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
km 3/09 leq. 3

The Bible—A Book of Fact and Prophecy

Mankind’s Oldest Modern Book ke video ea pele ho tse tharo tse hlahang ho DVD ea The Bible—A Book of Fact and Prophecy. Ha u qeta ho shebella video ena, araba lipotso tse latelang:

(1) Bibele e lumellana le saense ka litsela life? (2) Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Libibele tsa rōna tsa kajeno li tšoana hantle le mangolo a pele-pele? (3) Ke eng se ikhethang ka libuka tsa pele tsa Bibele tse ngotsoeng ka letsoho? (4) John Wycliffe, Johannes Gutenberg, William Tyndale, John Hus, Martin Luther, Casiodoro de Reina le Charles Taze Russell ba ile ba ba le seabo sefe ho phatlalatsoeng ha Lentsoe la Molimo lefatšeng lohle, hona kereke e ile ea hanyetsa Bibele ka mabifi joang? (5) Keletso ea Bibele e thusitse batho joang hore ba tobane le mathata a ho kula (Pes. 34:8), ho lemalla ho becha (1 Tim. 6:9, 10), ho arohana ha balekane ba lenyalo le ho se tšepahale lenyalong (1 Bakor. 13:4, 5; Baef. 5:28-33), le ho tšoenyeha ho tlōla ka maruo (Mat. 16:26)? (6) Ho na le bopaki bofe ba hore ho sebelisa melao-motheo ea Mangolo ho ka thusa motho ho hlōla lehloeo la lichaba, litso le merabe (Luka 10:27)? (7) Ho khomarela melao-motheo ea Bibele ho u tliselitse thabo e eketsehileng ka litsela life? (8) U ka sebelisa video ee joang ho thusa ba bang?—Sheba Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea February 2006 leqepheng la 8.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela