Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 3/00 leq. 1
  • Re Bolela Litaba Tse Molemo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re Bolela Litaba Tse Molemo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Ho Tlisa Litaba Tse Molemo Tsa ho Hong ho Molemo’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Etsisa Jehova, ‘Molimo oa Rōna ea Thabileng’
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • A re Boleleng Litaba Tsena
    Binelang Jehova le Thabile
  • A Re Boleleng Litaba Tsena tsa ’Muso
    Binelang Jehova Lithoriso
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
km 3/00 leq. 1

Re Bolela Litaba Tse Molemo

1 Re na le tokelo e babatsehang hakaakang ea ho ba bajari ba “litaba tse molemo tsa lintho tse molemo!” (Baroma 10:15) Re na le molaetsa o khathollang oo re ka o arolelang batho ba pota-potiloeng ke morusu le ho nyahama. Re ka ba thusa joang hore ba hlokomele hore re fana ka “litaba tse molemo tsa ho hong ho molemo”?—Esa. 52:7, NW.

2 Lokisetsa Molaetsa o Kholisang: Moqoqo oa rōna tšebeletsong o tla ba le maphomela a matle haeba re tsepamisa mohopolo linthong tse hahang. Ka hona, ha re lokisetsa nehelano ea rōna le ho hlahloba lingoliloeng tseo re tla fana ka tsona, ho hlokahala hore re totobatse litšobotsi tse ntle tsa molaetsa. Ka ho fana ka tšepo ea rōna e thehiloeng Bibeleng re kholisehile re bile re cheseha, re ka lebella litholoana tse khothatsang.—Liprov. 25:11.

3 Le hoja re utloela batho bohloko ha ba hlalosa kamoo ba anngoeng kateng ke maemo a lefatše a mpefalang, re lokela ho ba totobaletsa tharollo ea sebele mathateng a motho, e leng ’Muso oa Molimo. Esita leha re bua ka ho tla ha “letsatsi la liphetetso” la Jehova, re batla ho bontša hore na sena se hlile se bolela ‘litaba tse molemo ho ba bonolo’ joang. (Esa. 61:1, 2, NW) Re ka kholisa bamameli ba rōna hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Jehova a e etsang e tla qetella e tlisitse thabo e khōlōhali le liphello tse molemohali.

4 Bolela ’Nete ka Thabo ea Sebele: Ha batho ba hlokomela ho ela ha lifahleho tsa rōna tse khanyang khotso le ho bua ha rōna ka kholiseho, ba batla ba mamela haholoanyane. Haeba re bonahatsa boikutlo ba ho ba le tšepo, bamameli ba rōna ba tla lemoha hore rea ‘thaba tšepong ena.’ (Baroma 12:12) Kahoo, ba ka ’na ba sekamela ho arabela litabeng tse molemo. Ka sebele, re na le lebaka le letle la hore kamehla re bonahatse boikutlo bo nepahetseng le ba ho thaba tšobotsing e ’ngoe le e ’ngoe ea tšebeletso ea rōna.

5 Joaloka basebeletsi ba litaba tse molemo, re etsa ho fetang hōle ho fana feela ka boitsebiso ho batho. Boboleli ba rōna bo fana ka tšepo e tiileng ea bophelo bo molemo hona joale hammoho le nakong e tlang. (1 Tim. 4:8) Ha re atamela motho e mong le e mong, boikutlo ba rōna bo nepahetseng bo tla bonahala ho seo re se buang ’me bo tla thusa batho hore ba amohele litaba tse molemo. Ka ho ela hloko seo re se buang le ka tsela eo re se buang ka eona, a re susumelletseng ba lipelo li tšepahalang hore ba amohele litaba tse molemo tse thabisang tseo re li bolelang!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela