Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/06 leq. 1
  • Etsisa Jehova, ‘Molimo oa Rōna ea Thabileng’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Etsisa Jehova, ‘Molimo oa Rōna ea Thabileng’
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Ho Tlisa Litaba Tse Molemo Tsa ho Hong ho Molemo’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Re Bolela Litaba Tse Molemo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • Jehova o Rata Batho ba Fanang ba Thabile
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • “Molimo o Rata ea Fanang a Thabile”
    Binelang Jehova Lithoriso
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
km 7/06 leq. 1

Etsisa Jehova, ‘Molimo oa Rōna ea Thabileng’

1 Ka sebele Jehova o batla hore batho ba thabe. Lentsoe la hae le etsa hore re lule re lebeletse mahlohonolo a hlollang ao a a tšepisitseng moloko oa batho. (Esa. 65:21-25) Batho ba bang ba lokela ho bona hore re thabela ho ba bolella “litaba tse molemo tse khanyang tsa Molimo ea thabileng.” (1 Tim. 1:11) Tsela eo re bolelang molaetsa oa ’Muso ka eona e lokela ho bontša hore re rata ’nete le hore ka sebele re thahasella batho bao re buang le bona.—Bar. 1:14-16.

2 Ke ’nete hore ka linako tse ling ho ka ba thata hore re lule re thabile. Masimong a mang, re fumana batho ba seng bakae ba thabelang molaetsa oa ’Muso. Ho ka ’na ha e-ba le linako tseo ka tsona re tobanang le mathata a bophelo. E le hore re lule re thabile, e ka ba hantle ho nahana kamoo e leng habohlokoa kateng hore batho ba tšimong ea rōna ba utloe ba be ba utloisise litaba tse molemo tsa ’Muso tseo re li bolelang. (Bar. 10:13, 14, 17) Ho thuisa ka sena ho tla re thusa ho tsoela pele re tsebahatsa ka thabo litokisetso tsa poloko tseo Jehova a li entseng ka lebaka la mohau oa hae.

3 Bua Haholo-holo ka Lintho Tse Khothatsang: Re boetse re lokela ho ela hloko seo re se buang. Ke ’nete hore re ka ’na ra qala moqoqo ka ho bolela bothata kapa ntho e itseng e hlahileng litabeng e sa tloheng malemeng a batho, leha ho le joalo re lokela ho qoba ho bua haholo ka lintho tse nyahamisang ho sa hlokahale. Mosebetsi oa rōna ke ho bolela “litaba tse molemo tsa ho hong ho molemo.” (Esa. 52:7; Bar. 10:15) Litaba tsena tse molemo ke molaetsa o thehiloeng litšepisong tsa Molimo tse buang ka bokamoso bo molemo. (2 Pet. 3:13) Ka lebaka leo, ‘tlamisa ba robehileng lipelo’ ka ho sebelisa Mangolo. (Esa. 61:1, 2) Sena se tla thusa e mong le e mong oa rōna hore a lule a thabile ’me a bue ka lintho tse khothatsang.

4 Ha ho pelaelo hore batho ba tla bona hore re lula re thabile ha re ntse re kopanela mosebetsing oa boboleli. Ka hona, e se eka ka linako tsohle re ka etsisa Jehova, ‘Molimo oa rōna ea thabileng,’ ha re ntse re bolella batho ba tšimong ea rōna litaba tse molemo tsa ’Muso.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela