Na U na le Moea oa Boitelo?
1 Kananelo ea seo Jesu Kreste a se finyeletseng molemong oa moloko oa batho ntle ho boithati e lokela ho re susumelletsa bohle hore re sebelise tsebo ea rōna, matla a rōna le mokoka ka tsela ea boitelo. Mangolo aa re phehella: “Le hlahise ’mele ea lōna e le sehlabelo se phelang, se halalelang, se amohelehang ho Molimo, e le tšebeletso e halalelang.” (Baroma 12:1) Ho itlhahloba nako le nako ho tla u thusa ho bona hore na ebe u bonahatsa moea oa mofuta oo ka botlalo ho latela kamoo maemo a hao a u lumellang kateng.
2 Ho Phehelleng Tsebo ea Bibele: Na u beheletse ka thōko nako ea ho ipalla Bibele le ho ithuta kamehla? Na u khomarela kemiso eo? Na u itloaelitse ho lokisetsa liboka tsa phutheho hantle? Haeba u hlooho ea lelapa, na u na le thuto ea Bibele ea kamehla le ba lelapa la hao? Ho etsa lintho tsena ho tla hloka hore ho teloe nako e itseng e qetoang ka pel’a thelevishene kapa k’homphieutheng, kapa ho phehelleng lintho tse ling. Leha ho le joalo, ke boitelo bo fokolang hakaakang boo u tlamehang ho bo etsa, kaha re tseba hore nako eo u e qetang u bala Lentsoe la Molimo e tla u lebisa bophelong bo sa feleng!—Joh. 17:3.
3 Ho Koetliseng Bana ba Hao: Nako e molemohali ea ho qala ho ithuta tsela ea boitelo ke bongoaneng. Ruta bana ba hao hore le hoja ho e-na le nako ea ho bapala, ho boetse ho tlameha ho be le nako ea ho sebetsa le nako ea litšebeletso tsa puso ea Molimo. (Baef. 6:4) Ba abele mesebetsi e molemo eo ba ka e etsang lapeng. E-ba le kemiso ea kamehla ea hore u kopanele tšebeletsong le bona. Matlafatsa taeo ea hao ka ho beha mohlala o motle.
4 Mesebetsing ea Phutheho: Phutheho ea natlafala ha e mong le e mong a ithaopela ho itela ho finyella lintho molemong oa bohle. (Baheb. 13:16) Na ho ka etsahala hore u qete nako e eketsehileng mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso le ho etseng barutuoa? Na u ka ithaopela ho thusa ba kulang kapa ba hōlileng, mohlomong u ba thuse ka ho ba isa libokeng ka koloi?
5 Pele Jesu a tela bophelo ba hae ba nama la ho qetela, o ile a eletsa barutuoa ba hae hore ba tsepamise mahlo a bona lithahasellong tsa ’Muso, a beha ntho e ’ngoe le e ’ngoe bophelong sebakeng sa bobeli. (Mat. 6:33) Ho phehella moea o joalo oa boitelo ho tla re tlisetsa thabo e khōloanyane ha re tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka thabo.