Na U ’Moleli oa ’Muso oa Kamehla?
1 Kaofela re ile ra thaba ha re utloa hore Afrika Boroa e fihletse tlhōrō ea bahoeletsi ba 67 069 ka August 1999. Ruri ke boiteko bo kopanetsoeng le bo bontšang boikemisetso! Kamoo ho bonahalang kateng, likhoeling tse latelang ba bang ba bahoeletsi bana ba bile le bothata ba ho lula e le baboleli ba ’Muso ba kamehla, hobane ho tloha ka nako eo khoeli le khoeli ka karolelano ho bile le ba ka bang 63-300. Hona ho bontša hore mohoeletsi a le mong ho ba 16 ha aa ka a tlaleha hore o kopanetse tšebeletsong khoeli e ’ngoe le e ’ngoe. Re lumela hore khothatso e latelang e tla thusa ho phekola boemo bona.
2 Ananela Tokelo Ena: Re lokela ho ananela ka ho teba tokelo eo re nang le eona ea ho arolela ba bang litaba tse molemo tsa ’Muso. Tšebeletso ena e thabisa pelo ea Jehova ’me e thusa ba lipelo li tšepahalang hore ba ithute tsela e isang bophelong. (Liprov. 27:11; 1 Tim. 4:16) Ho paka kamehla ho haha phihlelo ea rōna tšebeletsong ’me ho fella ka maikutlo a thabo le ho finyella ho hong.
3 Tlaleha Tšebeletso: Ba bang ba kopanelang tšebeletsong ea tšimo ba hlokomoloha ho tlaleha tšebeletso ea bona ka nako. Le ka mohla ha rea lokela ho ikutloa eka boiteko ba rōna hase bo ka tlalehoang. (Bapisa le Mareka 12:41-44.) Re lokela ho tlaleha seo re se entseng ka hohle-hohle! Ho ba le tloaelo e itseng lapeng, e kang ea ho sebelisa almanaka, bakeng sa ho tlaleha nako e qetiloeng tšebeletsong, ho tla thusa ho u hopotsa kamehla hore u fane ka tlaleho e nepahetseng ka potlako qetellong ea khoeli e ’ngoe le e ’ngoe.
4 Fana ka Thuso e Hlokahalang: E ka ’na eaba litokisetso tsa phutheho li lokela ho ntlafatsoa bakeng sa ho thusa ba hlokang thuso hore ba kopanele tšebeletsong ba sa khaotse. Mongoli oa phutheho le bakhanni ba thuto ea buka ba lokela ho lokisetsa hore bahoeletsi ba nang le phihlelo ba thuse. Haeba u e-na le bana kapa liithuti tse ling tsa Bibele tseo e leng bahoeletsi ba sa kolobetsoang, ba koetlise hore ba tlalehe tšebeletso ea bona khoeli e ’ngoe le e ’ngoe.
5 Hopola pale ea bophelo e reng, “Ke Ananela Bophelo bo Bolelele Tšebeletsong ea Jehova,” e hlahang ho Molula-Qhooa oa October 1, 1997. Morali’abo rōna Ottilie Mydland oa Norway e ile ea e-ba mohoeletsi oa kamehla oa litaba tse molemo pele a kolobetsoa ka 1921. Lilemo tse 76 hamorao, a le lilemo li 99, o itse: “Kea thaba hore ebe ke ntse ke khona ho ba mohoeletsi oa kamehla.” Ke boikutlo bo babatsehang hakaakang boo bahlanka bohle ba Jehova ba ka bo etsisang!