Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/98 leq. 1
  • Na August e Tla ba Khoeli e Khethehileng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na August e Tla ba Khoeli e Khethehileng?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Likete Tse Mashome a Tšeletseng a Metso e Mehlano!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Na U ’Moleli oa ’Muso oa Kamehla?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • August e Tla ba Khoeli e Ikhethang!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
  • Litaba tsa Puso ea Molimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
km 8/98 leq. 1

Na August e Tla ba Khoeli e Khethehileng?

1 Selemo sa 1963 e ne e le se khethehileng ho batho ba Jehova. Na u tseba lebaka? Ke ka nako eo moo lefatšeng ka bophara lenane la bahoeletsi le ileng la fihla tlhōrong ea milione. Haeba u ne u le ’neteng ka nako eo, mohlomong u hopola hore na re ile ra thaba hakaakang ha ho e-ba le ba bangata hakaalo ba bolelang molaetsa oa ’Muso! Hona joale, ho na le bahoeletsi ba bangata hakaalo United States feela. Leha ho le joalo, khoeli e ’ngoe le e ’ngoe mona Afrika Boroa, ka karolelano, ba 4500 har’a rōna ha ba tlalehe hore ba kile ba ba le karolo e itseng tšebeletsong.

2 Amohela Phephetso: Ka August re leka ka matla ho finyella tlhōro e phahameng ka ho fetisisa ea bahoeletsi ba 65 000 Afrika Boroa. Haeba boiteko ba rōna bo atleha, ka sebele August e tla ba khoeli e khethehileng! Re ka etsa sena haeba kaofela re phetha karolo ea rōna.

3 Ba rerang ho ea phomolong, ba ka sebetsa nako e itseng tšebeletsong pele ba tloha. Nka lipampitšana, libukana kapa limakasine e le hore u ka pakela batho bao u teanang le bona nakong ea hao ea phomolo. Hape, moo u etelang teng, u ka thabela ho kopanela tšebeletsong le bahoeletsi ba sebakeng seo.

4 Haeba u sekooa, u ntse u ka kopanela tšebeletsong. U ka ’na ua khona ho pakela lingaka, baoki kapa baeti. Mohlomong u ka paka ka lengolo kapa ka thelefono.

5 Ha ho pelaelo hore ba bang ba tla hloka thuso hore ba kopanele tšebeletsong ea tšimo ka August. Baholo, bahlanka ba sebeletsang le bakhanni ba thuto ba lokela ho lokisetsa hore ho fanoe ka thuso ena. Leka ka hohle hore u se ke ua lebala ho fana ka tlaleho ea hao ea tšebeletso ea tšimo kapele qetellong ea khoeli e le hore u baloe u le mohoeletsi ka August.

6 Nka Tokelo Ena e le ea Bohlokoa: Tšebeletso ke ‘letlotlo le letle.’ (2 Tim. 1:14) Re ananela tokelo eo re e filoeng ea ho bolela litaba tse molemo. (1 Bathes. 2:4) Ha re nahana ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Jehova a re etselitseng eona, re lokela ho susumelletseha ho kopanela kamehla, selemo kaofela, mosebetsing ona oa bohlokoa haholo. Ha ho letho le lokelang ho lumelloa ho re sitisa ho bolela kamehla. A re etseng August ea selemo sena khoeli e khethehileng tšebeletsong ea Jehova ’me re ikemisetse ho paka ka eena khoeli e ’ngoe le e ’ngoe ka mor’a moo!—Pes. 34:1.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela