Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/98 leq. 7
  • Likete Tse Mashome a Tšeletseng a Metso e Mehlano!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Likete Tse Mashome a Tšeletseng a Metso e Mehlano!
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na August e Tla ba Khoeli e Khethehileng?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Litaba tsa Puso ea Molimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • August e Tla ba Khoeli e Ikhethang!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
  • Na re ka Etsa Hore April 2000 e be Khoeli e Molemohali ho Feta Tsohle ho Rōna?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
km 7/98 leq. 7

Likete Tse Mashome a Tšeletseng a Metso e Mehlano!

Eo ke palo ea bahoeletsi eo re ratang ho e bona e tlaleha Afrika Boroa ka August 1998. Linaheng tsa boahisani, re rata ho bona ho tlaleha bahoeletsi ba 1200 Botswana, ba 2400 Lesotho, ba 1000 Namibia, ba 165 St. Helena le ba 2000 Swaziland. Na ho ka etsahala hore re finyelle lipakane tsee? E, ho ka etsahala! Lenane leo re nang le lona hona joale la liphutheho Afrika Boroa le bontša kakaretso ea bahoeletsi ba 68 451. Leha ho le joalo, tlhōrō e fetang tsohle bakeng sa Afrika Boroa e bile ka January 1998 ha ho ne ho tlalehile ba 64 514. Re ka feta rekoto eo joang? Ho ka etsoa haeba mohoeletsi e mong le e mong ka phuthehong a etsa litokisetso tse tiileng tsa ho kopanela tšebeletsong ka August ’me a tlaleha tšebeletso eo kapele. Kaha matsatsi a mabeli a pele a khoeli ke Moqebelo le Sontaha, ’me liphutheho tse ngata li tla qala phutuho ea tsona ea tšimo e sa abuoang, ke hobane’ng ha u sa etse litokisetso tsa ho kopanela tšebeletsong ea tšimo bofelong boo ba beke? Haeba u tla be u le kopanong ea potoloho kapa letsatsing le khethehileng la kopano, mohlomong u ka khona ho etsa bopaki bo sa reroang bofelong boo ba beke ebe joale u kopanela tšebeletsong ea tšimo le phutheho bofelong ba beke e latelang. Ka ho qalella ha khoeli e qala, re ke ke ra hlōleha ho qeta nako e itseng mosebetsing oa ho paka ka August. Mongoli le bakhanni ba thuto ea buka ba lokela ho etsa bonnete ba hore hase litlaleho tsa August feela empa le litlaleho tsa likhoeli tse fetileng tse liehileng ho tlisoa tse kopanyelletsoang tlalehong ea August. Ka boiteko bo kopanetsoeng, re lokela ho bona tlhōrō e ncha e fetang tsohle ea bahoeletsi ba fetang 65000 ka lekhetlo la pele mona Afrika Boroa, hammoho le litlhōrō tse ncha linaheng tsa boahisani. Eo e tla ba thoriso e kaakang ho Jehova!—Pes. 47:1.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela