August e Tla ba Khoeli e Ikhethang!
Ho Tla Ajoa Pampitšana e Ncha Lefatšeng Lohle
1. Lefatšeng ka bophara ho tla ba le phutuho efe e khethehileng ha re ea re lebile lilemo tse 100 esale ’Muso oa Molimo o thehoa?
1 Kaha re ea re lebile lilemo tse 100 esale ’Muso oa Molimo o thehoa e ka ba ho loketseng hore re tlotlise Jehova ka phutuho e khethehileng! Ka August re tla kopanela phutuhong e tla etsoa lefatšeng lohle ea ho aba pampitšana e ncha e nang le sehlooho se reng Re ka Fumana Likarabo Tsa Lipotso Tsa Bohlokoa Bophelong Hokae? Pampitšana ena e khothalletsa batho ho batla likarabo ka Bibeleng hape e hlalosa kamoo Websaete ea jw.org e ka ba thusang kateng.
2. Re ka kenya letsoho joang ‘mohoong oa ho rorisa Jehova’ khoeling ea August?
2 Mohoo oa Thoriso: Ho thusa bahoeletsi hore ba eketse tšebeletso ea bona ho entsoe tokisetso ea hore ba ratang e be bo-pula-maliboho ba thusang ka August. Bahoeletsi ba kolobelitsoeng ba tla lumelloa ho nka bopula-maliboho ba lihora tse 30. Kaha August e na le mafelo-beke a mahlano, bahoeletsi ba bangata ba sebetsang le ba kenang sekolo ba tla khona ho ba bo-pula-maliboho ba thusang. Haeba u e-na le seithuti se hatelang pele kapa ngoana ea lakatsang ho ba mohoeletsi buisana le mohokahanyi oa sehlopha sa baholo hang-hang. E tla ba ho khothatsang hakaakang hore batho ba joalo ba sebetse le rōna khoeling ena e khethehileng! Le hoja bo-pula-maliboho ba bangata ba kamehla ba ea phomolong khoeling ena, ha ba se ba finyelletse lihora tsa bona, ba ka lokisa maemo a bona e le hore ba kopanele ka botlalo phutuhong ena e khethehileng. Hona joale ke nako ea hore malapa a buisane ka hore na a ka kenya letsoho joang ‘mohoong oa ho rorisa Jehova’ khoeling ea August.—Esdr. 3:11; Liprov. 15:22.
3. Re tšepa hore ho tla etsahala’ng phutuhong ee e khethehileng?
3 Le hoja nakong e fetileng re kile ra etsa liphutuho tsa mofuta ona re lumela hore ena e tla roba rekoto. Na re ka roba rekoto palong ea lihora, ea bahoeletsi le ea bo-pula-maliboho ba thusang khoeling ea August? Ha selemo sa tšebeletso sa 2014 se ea bofelong e se eka Jehova a ka hlohonolofatsa boiteko ba bahlanka ba hae lefatšeng ka bophara khoeling ea August eo re tšepang hore e tla ba e ikhethang historing ea boboleli!—Mat. 24:14.