Menyetla e Eketsehileng ea ho Rorisa Jehova
1. Ke tokisetso efe e ncha e ka re thusang ho “roka Jehova haholo”?
1 Ho tloha ka March selemong sena, ho ile ha qaloa tokisetso e ncha eo bahoeletsi ba ka sebetsang lihora tse 30 e le bo-pula-maliboho ba thusang likhoeling tsa March le April, hape le nakong eo ka tloaelo molebeli oa potoloho a etetseng phutheho ka eona. Haeba ketelo ea molebeli oa potoloho e kopanya likhoeli tse peli, bahoeletsi ba ingolisetsang bopula-maliboho ba lihora tse 30 ba ka khetha hore na ke khoeli efe eo ba lakatsang ho ba bo-pula-maliboho ba thusang ka eona. Bo-pula-maliboho bohle ba thusang ba ka ea sebokeng kaofela seo molebeli oa potoloho a bang le sona le bo-pula-maliboho ba kamehla le ba khethehileng. Sena se bolela hore haeba re sa khone ho sebetsa lihora tse 50 re ntse re ka khona ho “roka Jehova haholo” re le bo-pula-maliboho ba thusang ba sebetsang lihora tse 30, makhetlo a manè ka selemo!—Pes. 109:30; 119:171.
2. Bahoeletsi ba nkang bopula-maliboho bo thusang nakong eo molebeli oa potoloho a etetseng phutheho ka eona ba tla thabela eng?
2 Nakong ea Ketelo ea Molebeli oa Potoloho: Hona joale bahoeletsi ba bangata ba se ba tla khona ho ba bo-pula-maliboho ba thusang ha molebeli oa potoloho a etetse phutheho ea habo bona ebile ba tla thabela ho khothatsana le eena ha ba sebetsa hammoho tšebeletsong. (Bar. 1:11, 12) Mohlomong bo-pula-maliboho ba bangata ba thusang ba ka ipha letsatsi la hore ba sebetse le molebeli oa potoloho. Ba sebetsang har’a beke ba ka mo kōpa ho sebetsa le eena ka Moqebelo kapa ka Sontaha. Ho ekeletsa moo, e tla ba ho khothatsang hakaakang ho bo-pula-maliboho ba thusang ha ba e-ea sebokeng sa bopula-maliboho le bo-pula-maliboho ba kamehla le ba khethehileng!
3. Ke hobane’ng ha nako ea Sehopotso e le ntle haholo bakeng sa bopula-maliboho bo thusang?
3 Ka March le April: Bahoeletsi ba neng ba thabela tokisetso ea pele ea bopula-maliboho bo thusang ba lihora tse 30 nakong ea Sehopotso, hona joale ba ka mena ‘sehlabelo sa bona sa thoriso’ ka makhetlo a mabeli! (Baheb. 13:15) March le April ke likhoeli tse ntle tsa ho eketsa tšebeletso ea rōna re le bo-pula-maliboho ba thusang. Selemo se seng le se seng likhoeling tseo, re thabela ho kenya letsoho phutuhong e thabisang ea ho mema batho hore ba tle Sehopotsong. Ntle ho moo, kaha ba bangata ba eketsa tšebeletso ea bona nakong ea Sehopotso, re ka sebetsa le bahoeletsi ba fapa-fapaneng. Ka mor’a Sehopotso, re khutlela ho ba bileng teng ba bontšitseng hore baa thahasella ’me re ba khothalletsa hore ba be teng puong e khethehileng. Na pelo ea hao e tla u susumelletsa hore u sebelise menyetla ee e eketsehileng ea ho ba pula-maliboho ea thusang?—Luka 6:45.