Lenaneo le Lecha la Kopano ea Potoloho
“Boloka Litaelo Tsa Molimo ’me U Phele” ke sehlooho sa lenaneo la kopano ea potoloho ea matsatsi a mabeli ho qala ka September. (Liprov. 4:4) Le tla hatella lebaka leo ka lona ho mamela litaelo tsa Molimo ho seng boima. Ho feta moo, le tla bontša kamoo ho etsa thato ea Molimo ho tlisang khatholoho le thabo ea ’nete kateng hammoho le tšepo ea bokamoso.—Mat. 11:28-30; Joh. 13:17.
Bao ka ho utloa taelo ea Kreste ba lakatsang ho kolobetsoa kopanong ba lokela ho buisana le molebeli ea okamelang, ’me eena o tla etsa litokisetso tse hlokahalang.—Mat. 28:19, 20.
Puo ea neheletsano e tla hlalosa ka litsela tse sebetsang kamoo re ka bontšang hore re rata Molimo le barab’abo rōna kateng. (Joh. 13:34, 35; 1 Joh. 5:3) Keletso e susumetsang pelo e tsoang ho Pesaleme ea 19 le ea 119 e tla akarelletsoa lenaneong lena. Le hoja keletso e bululetsoeng e leng lipesalemeng tsena e ngotsoe lilemong tse liketekete tse fetileng, re tla bona kamoo e re ruisang molemo kateng ka borōna kajeno.
Puo ea phatlalatsa e tlang ho fanoa ke molebeli oa setereke e na le sehlooho se reng “Tšaba Molimo ’me U Boloke Litaelo Tsa Hae.” (Moek. 12:13) Puo ea ho qetela ea molebeli oa potoloho e tla bontša kamoo bacha ba ka fumanang se molemohali bophelong hona joale le lebaka leo ka lona bacha ba ka bang le kholiseho ka bokamoso bo sa feleng. Molebeli oa setereke o tla phethela lenaneo ka ho bolela melemo e mengata e tlang ka lebaka la ho phela ka “molao oa borena” oa lerato. (Jak. 2:8) Ka sebele, lena ke lenaneo la kopano leo ho seng motho ea tla rata ho fosoa ke lona!