Lenaneo le Lecha la Kopano ea Potoloho
Ke melemo efe eo u e fumanang hona joale ka ho tsamaea le Jehova? U ka thibela teko ea ho lumella lipakane tseo e seng tsa puso ea Molimo joang hore li se ke tsa tlosa lithahasello tsa ’Muso sebakeng sa pele bophelong ba hao? (Mat. 6:33) Na u ho fumana ho le thata ho lemoha se nepahetseng ho se fosahetseng lefatšeng le etsang hore se fosahetseng se hlahe eka se nepahetse? (Baheb. 5:14) Litaba tsena li tla tšohloa kopanong ea potoloho ea “Rua Molemo Hona Joale ka ho Tsamaea Litseleng Tsa Molimo,” e tla qala ka September 1999.—Pes. 128:1.
Tšobotsi e ncha ka Moqebelo kopanong ena ea potoloho e tla ba Seboka sa Tšebeletso sa mohlala. Molebeli oa lōna oa potoloho o tla tsebisa liphutheho hore na ho reriloe eng e le hore bohle ba ka tla ba itokiselitse ho tla thabela lenaneo ka botlalo.
Puo e nang le sehlooho se reng, “Bo-pula-maliboho—Hlokomelisisang Hore na le Tsamaea Joang” e tla re bontša hore na re sebelise bohlale le kahlolo e molemo joang e le hore re ka reka nako e loketseng bakeng sa tšebeletso ea bopula-maliboho. (Baef. 5:15-17) Puo e reng, “Hlokomela Litsela Tse Bonahalang Eka li Nepahetse” e tla re ruta hore na re etse bonnete joang ka se amohelehang ho Molimo tšobotsing e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo. Puo e reng, “Kamoo Boprofeta bo Phethahetseng bo re Amang Kateng” e tla thusa ho tlatsa likelello tsa rōna le lipelo tsa rōna ka lerato bakeng sa Lentsoe la Molimo. Puo ea phatlalatsa e reng, “Litsela Tsa Molimo li Molemo Hakaakang!” e tla hatisa melemo e sebetsang e fumanoang hona joale ka ho ba tumellanong le litlhoko tse lokileng tsa Jehova.
Na ke takatso ea hao ho bontša phatlalatsa ka kolobetso ea metsing hore u batla ho tsamaea litseleng tsa Molimo u le e mong oa bahlanka ba hae ba inehetseng? Joale bua le molebeli ea okamelang e le hore ho ka etsoa litokisetso tse hlokahalang.
Ikemisetse hore u ke ke ua fetoa ke kopano ena ea potoloho e nakong. E-ba teng lenaneong lohle la matsatsi a mabeli, hobane “ho lehlohonolo motho ka mong ea tšabang Jehova, ea tsamaeang litseleng tsa hae.”—Pes. 128:1.