Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/99 leq. 3
  • Lebokose la lipotso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebokose la lipotso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Khanna Lithuto Tsa Bibele ka Buka ea Rapela Molimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Kofuto e Ncha ea ho Thusa Batho ho Ithuta Lintho Tseo Molimo a li Hlokang
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • “Nka Tseba Joang Ntle Leha e Mong a ka Ntataisa?”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • Na U Sebelisa Bukana ea Seo a se Hlokang ho Qalisa Lithuto Tsa Bibele?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
km 7/99 leq. 3

Lebokose la lipotso

◼ Ke lingoliloeng life tseo re lokelang ho ithuta tsona le ba bacha pele ba kolobetsoa?

Pele motho a nehela bophelo ba hae ho Jehova le ho kolobetsoa, o tlameha ho fumana tsebo e nepahetseng. (Joh. 17:3) O tla fumana boitsebiso boo a bo hlokang ka ho ithuta ka bobeli bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? le buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Mabakeng a mangata ho tla ithutoa bukana ea Seo a se Hlokang pele. Leha ho le joalo, haeba ho ile ha qaloa thuto ka buka ea Tsebo, ho lokela ho ithutoa bukana ea Seo a se Hlokang ka mor’a hore ho qetoe buka eo. Ke hobane’ng ha see se hlokahala?

Bukana ea Seo a se Hlokang e fana ka kakaretso ea lithuto tsa motheo tsa Bibele. Haeba ho ithutoa eona pele, e tla fa seithuti kutloisiso ea motheo ea lintho tse hlokahalang ho thabisa Jehova. Haeba ho qetelloa ka eona, e tla sebeletsa e le tlhahlobo e ntle ea se akarelitsoeng bukeng ea Tsebo. Maemong ao ka bobeli, khothalletsa seithuti ho sheba mangolo a tšehetsang taba le ho nahana ka ’ona. Etsa bonnete ba ho lebisa tlhokomelo litšoantšong, kaha ke lithuso tse sebetsang haholo tsa ho ruta.—Bona Molula-Qhooa oa January 15, 1997, leqepheng la 16-17.

Hang ha seithuti sa Bibele se qetile lingoliloeng tseo ka bobeli, se ka ’na sa khona ho arabela lipotso tsohle tseo baholo ba tla li hlahloba le sona ha se lokisetsa kolobetso. Haeba ho joalo, ho ke ke ha hlokahala ho tšoara thuto e hlomamisitsoeng le sona ka buka leha e le efe, le hoja mokhanni a lokela ho tsoela pele a thahasella ho bona tsoelo pele ea sona.—Bona Molula-Qhooa oa January 15, 1996, leqepheng la 14, 17.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela