Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/00 leq. 8
  • Etsa Bonnete ba Hore ua Khutlela!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Etsa Bonnete ba Hore ua Khutlela!
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Maeto a ho Boela a Lebisa Lithutong Tsa Bibele
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Itete Sebete ho Etsa Maeto a ho Boela
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Etsa Bonnete ba Hore ua Khutlela
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Thusa ba ‘Nang le Tšekamelo e Nepahetseng’
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
km 4/00 leq. 8

Etsa Bonnete ba Hore ua Khutlela!

1 “Ea tla ea e-ba moqoqo o monate! Ke lokela ho hopola ho khutlela moo.” Na u se u kile ua bua mantsoe ao, ebe hamorao u lebala hore na motho eo o lula hokae? Haeba ho joalo, ua tseba hore tsela feela ea ho etsa bonnete ba hore ua khutlela ke ka ho ngola fatše.

2 Ngola Sohle Fatše: Ha u sa ntse u hopola hantle moqoqo oo u bileng le oona le motho ea thahasellang, iphe nakoana ea ho ngola boitsebiso bohle bo amehang ka ketelo eo. Ngola lebitso la motho eo le tsela eo u tla mo hopola ka eona. Ngola aterese ea hae, empa u se ke ua nahana hore ua e tseba—etsa bonnete ba hore seo u se ngolang se nepahetse. Ngola taba eo le buileng ka eona, mangolo leha e le afe ao le a balileng, le hore na ho tsamaisitsoe sengoliloeng sefe.

3 Haeba u sietse motho eo potso e lokelang ho arajoa ketelong e latelang, e ngole fatše. Na u ithutile ho hong ka motho eo, lelapa la hae kapa bolumeli ba hae? Haeba ho joalo, ngola taba eo fatše. Joale, nakong e tlang ha u fihla, ho bua ka eona ho tla bontša hore u thahasella motho eo. Qetellong, akarelletsa letsatsi le nako tseo u mo etetseng ka tsona ka lekhetlo la pele le nako eo u tšepisitseng hore u tla khutla ka eona. Ka ho ngola lintlha hantle, u tla ba le likhopotso tse hlakileng ’me ho ke ke ha e-ba bonolo ho lebala tšepiso ea hao ea ho khutlela.—1 Tim. 1:12.

4 Hang ha tlaleho ea hao e feletse, e behe hammoho le lintho tsa hao tsa tšebeletso ea tšimo—mokotlana oa libuka, Bibele, buka ea Ho Bea Mabaka le lingoliloeng tse ling—e le hore kamehla u ka e fumana habonolo. Ho molemo ho tlaleha matlo ao ho ’ona ho se nang batho litlalehong tsa ntlo le ntlo tse ka thōko ho tseo u li sebelisang ho ngola maeto a hao a ho boela. Ke ’nete hore ho sa tsotellehe mosebetsi oo u o etsang ho boloka tlaleho e nepahetseng ea ho etsa maeto a ho boela, ntho ea bohlokoa ke ho etsa bonnete ba hore ua khutlela!

5 Nahana ka Motho eo: Ha u lokisetsa tšebeletso, hlahloba lintlha tsa hao tsa maeto a ho boela. Nahana ka ho teba ka motho ka mong le hore na u ka mo atamela hamolemo joang lekhetlong le latelang ha u mo etela. Nahana ka mokhoa oa ho ntšetsa pele thahasello ea motho hore e be thuto ea lehae ea Bibele. Ho lokisetsa lintho joalo ho ka etsa hore u hlahise litholoana tse eketsehileng joaloka mosebeletsi oa litaba tse molemo ’me hoo ha fella ka thabo ho uena.—Liprov. 21:5a.

6 Ka hona, nakong e tlang ha u fumana motho ea u mamelang, u se ke ua nka feela hore u tla hopola ketelo eo habonolo. Ho e-na le hoo, e ngole fatše, u hlahlobe lintlha tseo u li ngotseng, u lule u nahana ka motho eo, ebe u etsa bonnete ba hore ua khutlela!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela