Lebokose la Lipotso
◼ Bahlokomeli ba ka thusa batsoali joang hore ba thuse bana ba bona hore ba laolehe hantle libokeng?
Ka tlhaho bana ba mafolofolo, ha baa tloaela ho lula fatše nako e telele. Ka mor’a seboka, bana ba na le matla a bipellaneng a ka ’nang a ba etsa hore ba mathe le ho lelekisa bana ba bang ka Holong ea ’Muso kapa libakeng tse ling tsa liboka, moo ho pakoang likoloi, kapa mathōkong a tsela. Leha ho le joalo, maele ana ke ’nete: ‘Ngoana ea tlohetsoeng feela o hlabisa motsoali oa hae lihlong.’—Liprov. 29:15, BPN.
Hoa soabisa ho bolela hore ba bang ba bara le barali babo rōna ba hōlileng ba ’nile ba ntšoa likotsi tse mpe ke bana ba ileng ba ba thula ’me ba ba lihela fatše. Sena se ka ’na sa baka mahlomola a sa lokelang le ho bakela batsoali le phutheho litšenyehelo tse sa hlokahaleng. Molemong oa ho sireletseha ha bona le ha ba bang, bana ha baa lokela ho lumelloa ho matha le ho bapalla ka hare kapa ka ntle ho Holo ea ’Muso.
Batsoali ba na le boikarabelo ba Mangolo ba ho koetlisa bana ba bona hore ba hlomphe libaka tsa rōna tsa borapeli ka tsela e loketseng. (Moek. 5:1a) Libokeng tsa rōna tsa Bokreste, likopanong tse khōlō le tse nyenyane, bahlokomeli ba abeloa hore ba bone hore ‘lintho tsohle li etsahala ka mokhoa o hlomphehang’ le hore ho na le “tlhophiso e ntle.” (1 Bakor. 14:40; Bakol. 2:5) Ba tlameha ho lula ba falimehile pele ho lenaneo, nakong ea lona le ka mor’a lona, ka ntle le ka hare. Haeba ngoana a matha-matha kapa a fetoha ea sa laoleheng, mohlokomeli a ka emisa ngoana eo hantle ’me a ka hlalosetsa ngoana eo hore na ke hobane’ng ha liketso tse joalo li sa amohelehe. Hape, motsoali oa ngoana le eena o tlameha ho bolelloa ka mosa ka bothata boo le hore ho hlokahala hore a lise ngoana eo. Motsoali o lokela ho arabela hantle.
Rea utloisisa hore ka linako tse ling masea le bana ba banyenyane ba ka ’na ba lla kapa ea e-ba ba sitisang nakong ea liboka. Ka ho fihla bonyane metsotso e 20 pele lenaneo le qala, bahlokomeli ba ka boloka mela e seng mekae ea litulo tse ka morao holong bakeng sa batsoali ba ka ratang ho lula le bana ba bona moo. Kaofela ha rōna re tlameha ho sebelisana le bona ka hore re ba siele litulo tseo.
Haeba ngoana a sitisa, motsoali o lokela ho nka bohato bo itseng. Haeba motsoali a sa etse joalo ’me ho tšoenya ha ngoana ho sitisa, mohlokomeli o lokela hore ka mosa a kōpe motsoali hore na a ka rata ho ntšetsa ngoana ka ntle ho holo. Ha re memela ba bacha ba nang le bana ba banyenyane libokeng, re lokela ho lula le bona ’me re ithaopele ho ba thusa ka bana haeba ba lla kapa ba sitisa ka litsela tse ling.
Hoa re thabisa ho bona bana ba lilemo tsohle Holong ea ’Muso le ho bona boitšoaro ba bona bo botle ka har’a ntlo ea Molimo. (1 Tim. 3:15) Ka ho hlompha tokisetso ea Jehova ea borapeli, baa mo tlotlisa ’me ba ananeloa ke bohle ka phuthehong.