Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 11/1 maq. 26-31
  • Mathata a Lelapa a Rarolloa Keletso ea Bibele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mathata a Lelapa a Rarolloa Keletso ea Bibele
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Ho Utloelana Bohloko’ ke Habohlokoa
  • Sireletsa Pelo ea Ngoana oa Hao
  • “Bohlale bo Sebetsang”
  • Itšetlehe ka Jehova
  • Tokelo ea Molao ea ho Hlokomela Ngoana Pono e Leka-lekaneng
    Tsoha!—1997
  • Tokelo ea Molao ea ho Hlokomela Ngoana Bolumeli le Molao
    Tsoha!—1997
  • Mathata a Mangata a Tobaneng le Batsoali ba se Nang Balekane
    Tsoha!—2002
  • Ho Sebeletsa Lithahasello Tse Molemohali Tsa Ngoana oa Hao
    Tsoha!—1988
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 11/1 maq. 26-31

Mathata a Lelapa a Rarolloa Keletso ea Bibele

1, 2. (a) Lisosa tse ling tse arolang malapa ke life? (b) Ke hobane’ng ha mathata a ba leng malapeng a arohaneng a lokela ho ama bohle? (1 Ba-Korinthe 12:26)

“BASALI [ba khetha] ho hlaloa, bana ba amohuoa tokelo ea lefa, . . . ho e-na le ho se tšepahale ho Kreste,” ho ngolile Arnobius, ea neng a ipolela e le Mokreste lekholong la bone la lilemo.a E, esita le mehleng eo, khanyetso e bohloko ea bolumeli ea bao e seng balumeli e ne e arola malapa. Jesu o boletse hore ba “ratang haholo” litho tsa lelapa ho mo feta ha ba mo tšoanela. Ka hona ho ne ho tla ba le “lerumo” le arolang malapa a mang, kahobane ea lumelang a rata hanyenyane lelapa la hae, “le bona bophelo ba hae.” (Mattheu 10:34-37; Luka 14:26) Likarohano tsena malapeng li tsoela pele ho fihlela mehleng ea rōna.

2 Le hoja Mokreste a ka etsa sohle se matleng a hae ho boloka lelapa le kopane, balekane ba bang ba sa lumeleng ha “ba lumele ho lula” le Mokreste, ’me ba batla karohano kapa tlhalo. (1 Ba-Korinthe 7:12-16) Hape ho arohana ha malapa ho bakoa ke hore nakong ena ea “ho fela ha tsamaiso ea lintho” lerato ho Molimo le melaong ea oona le ‘tapile,’ ho akarelletsa le melao ea lenyalo. (Mattheu 19:6, 9, NW; 24:3, 12) United States tlhalo e eketsehile ka karolo ea 236 lekholong pakeng tsa 1960 le 1980! Erekaha banyalani ba bararo ho ba bahlano ba hlalang United States ba na le bana, malapa a arohaneng a talimane le mathata a maholo. Hangata ha batho ba ithuta ’nete ea Lentsoe la Molimo, bophelo ba bona ba lelapa boa ntlafala, empa batho ba bang ba ile ba hlala kapa ba hlaloa pele ba fetoha Lipaki tsa Jehova. Ka linako tse ling esita le Mokreste ea hlōlehang ho sebelisa ka khothalo keletso ea Bibele lelapeng la hae o ee a qetelle a hlalile. (Johanne 13:17) Batsoali ba Bakreste ba iphumanang maemong ao ba ka etsa eng ho hōlisa bana ka tsela e tla etsa hore ba rate Jehova?

‘Ho Utloelana Bohloko’ ke Habohlokoa

3. Ke bohloko bofe bo hlahisoang ke tlhalo?

3 Mehleng ea Malakia banna ba bang ba Baiseraele ba ne ba hlala basali ba bona ka bolotsana. ‘Lillo le mefehelo’ ea basali bao ba lahliloeng ba kōpang thuso ea Molimo li ne li “tlatsa aletare ea Jehova ka meokho.” (Malakia 2:13-16) Kajeno karohano ea lenyalo e utloisa bohloko ka tsela e tšoanang, esita le haeba e e-tsoa metheong ea Mangolo. Le hoja hoo ho hlokofatsa monna le mosali, hangata bana ba hlokofala haholo.

4. (a) Ke ka litsela life bana ba hlokofalang ha batsoali ba bona ba hlala? (b) Motsoali a ka thusa ngoana joang?

4 Le hoja tlhalo e lokolla banyalani ho tšoaraneng hampe, bophelo bohle ba ngoana bo arohana likoto. Ka hona ho hlokahala hore motsoali ea lumelang a bontše lerato le kutloisiso tse fetang tse tloaelehileng ha a sebetsana le boemo bo joalo. “Ka mehla ke ne ke le lipakeng. Ke ne ke ikutloa ke arohane,” ho hlalositse mocha eo ntate oa hae oa Mokreste a hlalileng motheong oa Mangolo ha moshanyana eo a ne a le lilemo li hlano. “Ke ile ka boloka maikutlo a ka sefubeng. Ka tepella haholo kelellong.” Motsoali o lokela ho bontša ‘kutloelo-bohloko’ le “mosa” ha a thusa ngoana ho hlōla maikutlo a hae a tebileng. (1 Petrose 3:8, TLP) Ngoana a ka lula a khutsitse ka baka la maikutlo a molato, a inģosa ka tlhalo eo. Ka mamello motsoali o lokela ho mo hlalosetsa kamoo a mo ratang kateng le hore tlhalo hase molato oa ngoana.

5. Ke hobane’ng ha motsoali oa Mokreste a leka ho felisa lehloeo le eo e neng e le molekane oa hae?

5 Bora bo ka hōla pakeng tsa batsoali, haholo-holo haeba litseko tsa bolumeli li ameha. Empa, ho e-na le hore motsoali ea lumelang a ‘phetetse bobe ka bobe,’ o lokela ho nahanela katleho ea ngoana. (1 Petrose 3:9) Bukeng Growing Up Divorced, ea Linda Francke, o itse: “Batsoali ba hloeaneng ba totisa mathata a ngoana le ho a etsa a kotsi. Ngoana a ka koekoetla likamano tse ntle le batsoali ka bobeli hobane a sa batle ho ipea kotsing ea ho ba arola.” E, “mōna o bohloko le khang” ha se feela hore li fosahetse empa hape li ka arola ngoana ho lōna. (Jakobo 3:14, 16) Lipolelo tsa booatla tse hlaselang molekane ea sa lumeleng li ka utloisa ngoana bohloko. (Liproverbia 12:18) Haeba eo e neng e le molekane a batla ho tsoela pele ka ntoa, ‘ha ho ka etsahala, boloka khotso le batho bohle, ho ea kamoo [uena ea lumelang] u ka khonang kateng.’—Ba-Roma 12:18-21, TLP.

Sireletsa Pelo ea Ngoana oa Hao

6. Kamor’a hore ho ahloloe hore na ke mang ea tla fumana bana, batsoali ba bang ba ka ba le bothata bofe?

6 Hang ha ho ahlotsoe taba ea hore na ngoana e tla ba oa mang, ho na le mathata a mang a lokelang ho lokisoa. “Bothata bo bong bo boholo,” ho tlalehile lekala la Mokhatlo oa Watch Tower Australia, “ke hore motsoali ea neiloeng ngoana o qala ho tlohella lintho . . . Esita le motsoali ea ’neteng o lebala lebaka la motheo le entseng hore a batle ho neoa bana. Lebaka la sehlooho ke ho batla ho ba hōlisa hore e be barapeli ba ’nete ba Jehova.” Ho etsa joalo ho hloka boiteko bo sa khaotseng.—Ba-Efese 6:4.

7. (a) Ke hobane’ng ha ngoana a lokela ho rutoa ho hlonepha motsoali ea sa lumeleng? (b) U ka bea mabaka joang le ngoana haeba ea sa lumeleng a itšoara ka tsela e nyatsoang ke Bokreste?

7 Hangata lekhotla le lumella motsoali ea sa neoang ngoana litokelo tsa ho mo etela. Na litokelo tseo li ka hlonephuoa empa ka nako e tšoanang ho sireletsoa pelo ea ngoana? E, ngoana o lokela ho hlompha motsoali ea sa lumeleng. Haeba nakong eo ea sa lumeleng a etileng a itšoara ka tsela eo e seng ea Bokreste, ho e-na le hore motsoali ea lumelang a hōlise lehloeo le nyatsang motsoali eo, a ka hlalosetsa ngoana hore Molimo o beile litekanyetso tsa boitšoaro ka Bibeleng le hore “motho ka mong ho rōna o tla ikarabela ho Molimo [Moahloli e moholo] bakeng sa tsa hae.” (Ba-Roma 14:12) Empa u bontše ka ho hlakileng hore boitšoaro bo joalo ha boa lokela ho etsisoa. Ka bohlale bontša hore le hoja batho ba bang ba sa phele ka litekanyetso tsena, hamorao ba bang ba ee ba fetohe ka baka la ho bona mohlala oa Bokreste ngoaneng le ho eo e neng e le molekane. Ka tsela eo, ho ka etsahala hore ngoana a hlomphe motsoali eo. Liphapano tsa balekane ba hlalileng ka baka la bolumeli ha li ea lokela ho sitisa motsoali ho susumelletsa ngoana tseleng e ntle. Motsoali oa Mokreste o tla ‘lumella hore kahlolo ea hae e molemo e tsejoe ke batho bohle.’ (Ba-Filippi 4:5, NW) Empa ho thoe’ng haeba ea sa lumeleng a leka ho nyenyefatsa hlakiso ea bomolimo?

8. Ke joang batsoali ba babeli ba ileng ba lokisetsa bana ba bona liketelo tsa balekane ba bona ba pele ba hanyetsang?

8 Senotlolo e ka ba ho lokisetsa liketelo tsa ngoana! ’Mè e mong oa Mokreste eo monna oa hae oa pele e leng mokoenehi o tlalehile: “Pele ho ketelo, ke ne ke ithuta le bana le kamoo Jehova a talimang boitšoaro ba bona. Re ne re etsa pontšo ea sebele ea ketelo. Ke ne ke re ho bona: ‘Haeba ntate oa lōna a le bolella hore le hore, le ne le tla mo araba joang?’” Mokreste e mong ea ileng a hlaloa kahobane e le Paki o’a eketsa: “Pele [bacha ba ka ba babeli] ba tloha ho ea etela ntate oa bona ka mafelo-beke, re ne re etsa thapelo re kōpa Jehova hore a be le bona le ho ba thusa ho nea ntate oa bona bopaki, haholoholo ka boitšoaro ba bona bo botle.”

9. Batsoali ba Bakreste ba ka etsisa mohlala oa ’mè oa Moshe joang?

9 Motsoali ea sa lumeleng ea nang le litokelo tsa ho etela ngoana a ka leka ho mo eka ka limpho tse ngata, boithabiso ba licheletehali, le menyaka e meng ea boikhathollo. Jakobede, ’mè oa Moshe, (le Amrame haeba a ne a phela) o ne a tseba se neng se tla etsahalla Moshe ha a neoa morali oa Faro. Ha ho pelaelo hore o mo thusitse ho hōlisa pono ea hae ka lintho tsa bohlokoa ha Moshe a ne a sa le ho eena. (Exoda 2:1-10) Le hoja Moshe a ne a talimane le “matlotlo a Egepeta” a lekang, a latela metheo ea Molimo. A mpa a “ikhethela” litokelo tsa moea e le matlotlo a sebele! (Ba-Heberu 11:23-26) Ka ho tšoanang batsoali ba Bakreste ba lokela ho lokisetsa bana ba bona ho thulana le liteko tse joalo ka ho buisana le bona litaba tsa Mangolo tse hatisang haholo matlotlo a moea.b Bana ba ee ba bone mokhoa oa boikaketsi oa motsoali ea lekang ho reka lerato la bona.—Liproverbia 15:16, 17.

10. Boemong bo feteletseng, ke mabaka afe a mang ao batsoali ba lokelang ho a nahanela?

10 Mabakeng a mang a feteletseng, liketelo tse joalo li ka bea ngoana kotsing e tebileng ea ho sokeloa. Motsoali a ka etsa qeto ka seo a tla se etsa maemong ao, ka thapelo a nahanele botebo ba tšokelo, thuso ea molao e fumanehang, le liphello tsa ho hanela litokelo tsa ho etela bana.c Qoba ho potlakela ho nka mehato e tla etsa hore ho tšoaneleha ha hao u le motsoali ho belaeloe.—Ba-Galata 6:5; Ba-Roma 13:1; Liketso 5:29; 1 Petrose 2:19, 20.

“Bohlale bo Sebetsang”

11. Ha motsoali oa Mokreste a sa neoe ngoana, o lokela ho hlokomela eng?

11 Ho thoe’ng haeba e le motsoali oa Mokreste ea neuoeng tumello ea ho etela ngoana? Ha ngoana a se lelapeng la Bokreste, motsoali eo o na le taolo ea moea e fokolang holim’a ngoana. (1 Ba-Korinthe 7:14) Ka mohlala, ho ka etsahala hore Abrahama mopatriareka ea tšepahalang o ile a phehella hore mora oa hae Ishmaele, joaloka Isaaka, a nyale molumeli hammoho le eena. Empa kamor’a hore Ishmaele, a sa le mocha, le ’mè oa hae Agare ba lelekoe lelapeng, Abrahama o ne a se na matla a ho thibela Agare ho lokisetsa lenyalo la Ishmaele le Moegepeta eo ka ho hlakileng e neng e se morapeli oa Jehova Molimo.—Genese 21:14, 21; 24:1-4.

12. (a) Motsoali oa Mokreste ea sa neoang ngoana o lokela ho etsa eng? (b) Bontša kamoo bohlale ‘bo ka tsosang masene’ bakeng sa motsoali oa Mokreste.

12 Ho sa tsotellehe menyetla e fokolang ea motsoali oa Mokreste ea sa neoang ngoana, a ka leka ka matla ho jala lerato le tebileng la Jehova ngoaneng. Ha motsoali eo a etsa joalo, o lokela ho ‘sireletsa bohlale bo sebetsang le matla a ho nahana.’ (Liproverbia 3:21, NW) E, ho hlokahala boiteko bo fetang feela matla. “Ha tšepe e le botsoa, e sa leotsoe, ea sebetsang ka eona o tšoanetse ho etsa ka matla [empa liphello e le tse fokolang]; bohlale bo ka tsosetsa motho masene.” (Moeklesia 10:10) Ka mohlala, ka nako e ’ngoe ea sa lumelang a ka etsa seipato ho u sitisa ho bona ngoana. Ho e-na le hore motsoali a tsose khang, a ka fumana liphello tse molemo ka ho sebelisa Liproverbia 25:15, NW: “Mamello e hlōla molaoli oa lebotho, ’me leleme le bonolo le roba masapo.” Mamello le bonolo li ka nolofatsa motho ea thata joaloka lesapo, le hoja ho se bonolo ho li bontša ha lithibelo li hloka toka. (Bapisa 2 Timothea 2:23-25.) Hangata likhang li ka qojoa ka ho boloka nako le ho latela litlhahiso (tse sa nyatsoeng ke Mangolo) tsa motsoali ea neiloeng ngoana. Haeba u khathatsehile ka hore motsoali ea sa lumeleng o bea melao e hatellang ka ngoana, hopola 1 Petrose 2:15: ‘Ka ho etsa hantle, u thiba melomo ea batho ba maoatla, ba sa tsebeng letho.’ Haeba u bea mohlala o motle, ngoana o tla bona hore ea nepileng ke mang.—Liproverbia 20:7.

13. Motsoali ea lumelang a ka etsa hore ketelo e be e molemo joang?

13 Linakong tsa ketelo, leka ho kenya Lentsoe la Molimo pelong ea ngoana ka ho ithuta le eena litaba tsa moea le ho mo isa libokeng tsa phutheho, ha ho khoneha. Esita le moo ho entsoeng lithibelo tsa molao, motsoali a ka ’na a bontša ngoana ka tsela e sa tobang mesebetsi ea pōpo ea Molimo, ’me ka litsela tse ling a rute ngoana ho rata Molimo. (Ba-Roma 1:19, 20; Mattheu 6:28-30) Jesu o ne a hlokomela kutlo e fokolang ea bamameli ba hae. O ne a ‘ba bolella lentsoe, kamoo ba neng ba ka khona ho mo utloa kateng.’ (Mareka 4:33, 34, NW) Ho phaella lipuisanong tse tebileng tsa litaba tsa moea, kopanyelletsa ngoana mesebetsing e meng e hahang, e kang ho etela metsoalle e molemo, ho akarelletsa le lithaka tsa hae. (Liproverbia 13:20) Thabelang boikhathollo bo botle hammoho. Etsa hore ketelo e be ketsahalo ea bohlokoa. Khalemelo e loketseng e bontša lerato. (Liproverbia 13:24) Leha ho le joalo, ka linako tse ling mathata a ka bonahala a le maholo haholo. Likhatello li ka hlaha mahlakoreng ’ohle. Tsena tsohle li ka mamelloa joang?

Itšetlehe ka Jehova

14. Pesaleme ea 37:23, 24 e fana ka tiisetso efe?

14 Mabapi le motho eo tsela ea hae ea bophelo e ‘khahlisang’ Jehova, Davida o ngolile: “Leha a ka oa, ha a oele ruri, hobane Jehova o mo nenesa ka letsoho.” (Pesaleme ea 37:23, 24) E, ka linako tse ling ha Mokreste a ntse a loantšana le likhatello tsa lelapa le arohaneng a ka “oa” ka hore a tepelle maikutlo, a soabisoe, qeto e sa thabiseng ea molao kapa boemo bo senyehang ba lichelete, empa a ke ke a ‘oela ruri.’ Kapa joaloka ha The New Berkeley Version e ngola polelo ena: “Ha a oa, a ke ke a robala fatše e be ho felile ka eena.” Lebaka? Hobane Jehova o mo nenesa ka letsoho ka moea oa hae o halalelang le ka barapeli ba hae ba lerato.—Jakobo 1:27.

15, 16. Ba bang malapeng a arohaneng ba ile ba tšehetsoa joang, e le phethahatso ea tšepiso efe?

15 Mosali e mong oa Mokreste, kamor’a hore eo pele e neng e le monna oa hae ea hanyetsang a neoe bana ba hae ba babeli ba banyenyane, o itse: “Ha litaba li tsoile ka ho feletseng matsohong a ka, ka ithuta ho itšetleha ka Jehova ka ’nete. Ka ithuta ho amohela seo a se lumelletseng ’me ke se leke ho inkela litaba matsohong. Ke sa ntsane ke ithuta ho amohela sena. Ke thuto e boima.” Leha ho le joalo, o sebelisa ha molemo litokelo tsa ho etela bana ’me o fumane matšeliso e seng feela ho monna oa hae e mocha, moholo ea tšepahalang oa Mokreste, empa hape le ho ba bang ka phuthehong.

16 Mokreste e mong eo monna oa hae oa pele oa mokoenehi a neng a bolokile bana ka likhoeli le hoja hoo ho ne ho le khahlanong le molao oa lekhotla, o itse: “Ke ne ke nyahame haholo hoo ke neng ke nahana hore ke tla phatloha ka lehare. Ntho e ileng ea nthusa hore ke se kopane hlooho nakong eo ebile ho kopanela tšebeletsong ea tšimo.” Morali oa hae, ea neng a le lilemo li tšeletseng, a ema a tiile bakeng sa Jehova, esita le ho mamella ho shapuoa ke ntate oa hae ka baka la ho hana ho bala lingoloa tsa hae tsa bokoenehi. Ha a khutlela ho ’m’ae, a ikemisetsa ho khomarela Jehova haholo. Bahlanka bana le ba bang ba tšepahalang ba bone ho phethahala ha Pesaleme ea 54:2-7: “Molimo, u mamele thapelo ea ka, . . . Bonang, Molimo ke mothusi oa ka, Morena ke e mong oa ba emelang bophelo ba ka. . . . Hobane u ntopolotse litsietsing tsa ka kaofela.” E, re ka tšepa tšehetso ea Jehova!—1 Ba-Korinthe 10:13.

17. Batsoali malapeng a arohaneng ba ka thusa bana ba bona joang, hona moputso e ka ’na ea ba ofe?

17 Haeba u motsoali lelapeng le arohaneng, arabela maikutlong a ngoana oa hao. Tiisa pelo ea hae ka Lentsoe la Molimo. Haeba u neiloe feela tumello ea ho mo etela, bontša “bohlale bo sebetsang” ka ho sebelisa hamolemo liketelo tse joalo. Tšepa matla a Lentsoe la Molimo a jaloang pelong e amohelang. (1 Ba-Thessalonika 2:13) Ho bona ngoana a qala ho rata Jehova ke boiteko bo loketseng ka hohle.

[Mengolo o botlaaseng ba leqephe]

a Against the Heathen, Buka II, 5.

b Bona “Monyetla o Moholohali oa Bacha” khatisong ea rōna ea la 15 Phato, 1985, le “U Talima Matlotlo a Bonahalang Joang?” bukeng Bocha ba hao—ho Fumana se Molemohali ho Bona, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

c Molao oa Lenyalo le Hlalo United States o re: “Motsoali ea sa neoang ngoana o lumeletsoe litokelo tsa ho mo etela ntle le haeba lekhotla le fumana hore kamor’a ho mamela nyeoe, ketelo e bea bophelo ba ngoana kotsing kapa e sitisa haholo khōlo ea hae ea maikutlo.”

Na U sa Hopola?

◻ Motsoali oa Mokreste ea neuoeng tlhokomelo ea ngoana a ka sireletsa pelo ea hae joang?

◻ “Bohlale bo sebetsang” bo ka thusa joang motsoali ea lumelang ea neuoeng feela Iitokelo tsa ho etela ngoana?

◻ Ke tiisetso efe e fanoeng Pesalemeng ea 37:23, 24, ’me Jehova o phethahatsa joang tšepiso ena?

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Sebelisa litokelo tsa ho etela ngoana ho jala ’nete pelong ea hae, empa u kopanyelletse le mesebetsi e meng e metle

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela