Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 11/1 leq. 31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jesu oa Pholosa—Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lefu, Sera sa ho Qetela, le Etsoa Lefeela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Thekollo ea Kreste Tsela ea Molimo ea Poloko
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 11/1 leq. 31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

◼ Ke ’nile ka utloisisa hore haesale motho a oela sebeng Molimo o ’nile oa sebetsana le batho ka Mora oa ’ona feela. Kahoo ke joang Jehova a neng aa ka sebetsa ka ho toba le Satane, joaloka ha buka eo Jobo e bontša?

Molimo o ’nile oa sebetsana le batho ka Mora oa ’ona pele le kamor’a hore Adama a etse sebe le ho hlahisa moloko o sa phethahalang.—Ba-Roma 5:12.

Ha Ba-Kolosse 1:16, 17, e bolela ka Mora oa letsibolo oa Molimo e re: “Hobane ka eena ho hloliloe tsohle tse maholimong le tse lefatšeng, tse bonoang le tse sa bonoeng . . . Tsohle li hloliloe ka eena, ’me li hloletsoe eena. Ke eena ea leng ka pele ho lintho tsohle, ’me tsohle li eme ka eena.” Johanne 1:1-3 e hlahisa ntlha e tšoanang, empa hape re ithuta hore Mora enoa oa Molimo e ne e le Lentsoe, kapa Logos. Esita le ka nako eo batho bohle ba neng ba ntse ba phethahetse, pele Adama le Eva ba etsa sebe, Molimo o ne o sebetsana le bona le ho buisana le bona ka moemeli oa Oona, Lentsoe. Kahoo ha rea lokela ho nahana hore ho sebetsana ha Molimo le batho ka Mora oa ’ona ke phello ea ho oela ha motho sebeng le ho se phethahaleng.

Bibele ha e re fe tlhaloso e eketsehileng ea hore na ke joang Molimo o buisanang le libopuoa tsa moea. Jobo khaolo ea 1 le 2 e hlalosa hore ka nako e ’ngoe Satane a itlhahisa “pel’a Jehova” kopanong ea mangeloi leholimong. “Jehova a re ho Satane: u tsoa kae?” (Jobo 1:6, 7) Tabeng ena, buka ea Jobo ha e bontše hore Satane o ne a buisana le Jehova ka ’muelli. Hape, moprofeta Mikea o bone pono ea Jehova a lutse teroneng ea Hae. Moprofeta a bona lengeloi le bua le Jehova, ’me ha ho boleloe hore ho ne ho le teng ’muelli. (1 Marena 22:19-23) Logos ha a boleloe liketsahalong tsena ka bobeli. E bang o ne a le teng ha ho boleloe ka ho toba.

Le hoja tsela ea Jehova Molimo ea ho buisana le Adama e sa fetoha ha monna oa pele a etsa sebe, ka sebele boemo ba Adama bo ne bo fapane. Pele Adama a etsa sebe e ne e le “mora oa Molimo” oa motho. (Luka 3:38) Kamor’a moo ha e ea ka ea hlola e e-ba eena. Bana ba Adama le bona ha ba ka ba phethahala, ba silafatsoa ke sebe. Kahoo, Jehova o ne a se boemong ba ho sheba banna le basali ba tšepahalang e le “bara” ba hae, kapa bana ba batho. Leha ho le joalo, a rera phetoho. Jesu a tla le ho neela ka sehlabelo sa topollo, a rala motheo bakeng sa Jehova ho tšoarela libe tsa ba beang tumelo sehlabelong seo. Moapostola Pauluse a hlalosetsa Bakreste: “Hobane esitile re sa ntse re le lira, re bile ra boelanngoa le Molimo ka ho shoa ha Mora oa oona.”—Ba-Roma 5:10; Ba-Efese 1:7.

E, ntle ho hore Jehova a hloke ho loka kapa bohloeki, o ne a ka tšoarela sebe sa batho ba tšepahalang ’me a ba sheba ba hloekile, ba se na sebe, hore ba ka tholoa e le bara ba moea. (Ba-Roma 3:25, 26; 8:15-17) Leha ho le joalo, le hona mona, Molimo o sebelisitse Mora oa ’ona, joalokaha ho bontšoa ke ketsahalo ea Pentakonta ha Jesu a tšolla moea o halalelang.—Liketso 2:33.

Kahoo ho sebetsana ha Molimo le batho ka Lentsoe e ne e se la pele ka lebaka la sebe sa motho, kapa leha e le hore ho lokeloa ho talingoa e le ho fapaneng le seo re se balang bukeng ea Jobo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela