“Lintho Tsohle a li Etsahale Bakeng sa ho Haha”
1 Ha re sebelisana le barab’abo rōna, re lokela ho etsa se molemo se tla ba haha. Hona ho bolela ho ameha ka ho sireletsa lithahasello tsa bona tsa moea. Haeba re etsa mofuta o itseng oa mosebetsi oa boipheliso o amang ho buella ntho e itseng kapa tšebeletso e itseng, ho hlokahala hore re be hlokolosi hore re se khopise barab’abo rōna.—2 Bakor. 6:3; Bafil. 1:9, 10.
2 Ba bang ba kene likhoebong tse sa tšoaneng tsa ho leka letsoho, tseo ho shebiloeng hore Bakreste-’moho e be bona ba rekang. Mekhatlo e meng ea thekiso e khothalletsa baemeli ba eona hore ba talime motho e mong le e mong e le motho ea ka rekang—ho akarelletsa le bao ba leng bolumeling bo le bong le bona. Bara ba bang babo rōna ba ile ba hlophisa liboka tse khōlō tsa Lipaki ka morero oa ho tla ba khothalletsa ho kena morerong o itseng oa khoebo. Ba bang ba buella likhoebo tsa bona ka ho romella balumeli-’moho le bona boitsebiso boo ba sa bo kōpang, libukana, boitsebiso bo ho Internet kapa litheipi. Na e ne e tla ba ho loketseng hore Mokreste a sebelise batho bao a kopantsoeng le bona ke puso ea Molimo hore a nke monyetla ka barab’abo ba moea? Che!—1 Bakor. 10:23, 24, 31-33.
3 Barab’abo Rōna ba Lokela ho Hlokomela: Hona ha ho bolele hore Mokreste a ke ke a ba le khoebo le mor’abo. Eo ke taba ea botho. Leha ho le joalo, ba bang ba qala merero ea khoebo e khothalletsang meharo, ’me ba susumelletsa balumeli-’moho le bona hore e be bahoebi-’moho kapa ba kopanele matsete hammoho. Tse ngata tsa likhoebo tsena lia oa, ebe li batla chelete e ngata ho ba kopanetseng ho tsona. Le hoja ba keneng khoebong eo e ka ’na eaba ba ne ba susumetsoa ke takatso ea ho fumana chelete ka potlako, mohlophisi ha aa lokela ho ikutloa a se na molato haeba morero oo o hlōleha. O lokela ho hlahloba esale pele ka hloko hore na bophelo ba moea le ba ’mele ba barab’abo bo tla ameha joang haeba khoebo eo e ke ke ea atleha. Ka ho khetheha ba nang le boikarabelo ba puso ea Molimo ba lokela ho ba seli ka litsela tsa bona tsa boipheliso kaha ba bang ba ka ’na ba ba talima ka tlhompho ’me ba beha tšepo ea bona e khōlō ho bona. E ka ba phoso ho sebelisa tšepo eo hampe. Mor’abo rōna a ka ’na a lahleheloa ke litokelo tsa tšebeletso e halalelang haeba a se a sa hlompshoe ke ba bang.
4 Sepheo sa rōna e lokela ho ba hore ‘lintho tsohle li etsahale bakeng sa ho haha.’ (1 Bakor. 14:26) Re tlameha ho qoba ho etsa ntho leha e le efe e hlahisang mesebetsi ea khoebo ka phuthehong kapa e e buellang. Lintho tse joalo ha ho na moo li amanang teng le mabaka a rōna a Mangolo a ho kopana hammoho.—Baheb. 10:24, 25.