Na ua Mamella?
1 “Ha ke na lebaka le leholoanyane la ho leboha ho feta lintho tsena, . . . hore bana ba ka ba tsoela pele ho tsamaea ’neteng.” (3 Joh. 4) Ho mamella ha bana ba Johanne ba moea ho ile ha mo tlisetsa thabo e khōlō. E tlameha e be ho thabisa Ntate oa rōna oa leholimo hakaakang ho bona ba limilione ba bana bao e tlang ho ba ba hae “ba tsoela pele ho tsamaea ’neteng”!—Liprov. 23:15, 16; 27:11.
2 Le hoja batho ba Molimo ka kakaretso ba phehella tšebeletso e chesehang ea Bokreste, ba bang ba ’nile ba fokola butle-butle. Le hoja bana e ka ’na eaba ba ne ba le mafolofolo ha ba qala ho ithuta ’nete, ha lilemo li ntse li feta, ba khutletse mokhoeng oa ho etsa hanyenyane feela kapa ho kopanela ka seoelo mosebetsing oa ho etsa barutuoa.
3 Ka ho utloahalang, ba bang e ka ’na eaba ba fokolitse lebelo ka lebaka la ho holofala le ka lebaka la liphello tsa botsofali. Leha ho le joalo, ba lokela ho babatsoa ka lebaka la mamello ea bona. Ba etsa seo ba ka se khonang. Empa e mong le e mong ea nehetseng bophelo ba hae ho Molimo o lokela ho ipotsa: ‘Na ke itumeletse ho tsepamisa mohopolo linthong tseo ke li phehellang hoo lithahasello tsa ’Muso li nkang sebaka se fokolang feela bophelong ba ka? Na ke fetohile ea batlang a le “foofo,” kapa na ke ntse ke ikitlaetsa “ka matla”?’ (Tšen. 3:15, 16; Luka 13:24) E se eka kaofela ha rōna re ka nahanisisa ka thapelo ka seo re se etsang ’me ra ntlafatsa ha ho hlokahala, re ntse re hopola hore Jehova o tšepisa ho fana ka “khanya le tlhompho le khotso bakeng sa e mong le e mong ea sebetsang se molemo.”—Baroma 2:10.
4 Mokhoa oa ho Mamella: Ke eng e ileng ea thusa Jesu hore a mamelle? Pauluse o ile a hlalosa: “Ka lebaka la thabo e neng e behiloe ka pel’a hae o ile a mamella thupa ea tlhokofatso, a sa natse lihlong, ’me o lutse ka letsohong le letona la terone ea Molimo.” (Baheb. 12:1-3) Thabo e neng e behiloe ka pel’a Jesu e ne e feta hōle liteko tsa nakoana tseo a ileng a tobana le tsona. Ho lula re hopola thabo e behiloeng ka pel’a rōna ho ka re thusa ho mamella le rōna. (Tšen. 21:4, 7; 22:12) Haeba re talima ho Jehova hore a re fe matla ka thuto ea botho, ho ba teng libokeng kamehla le ho tiisetsa thapelong, re tla khona ho mamella mosebetsing oo a re fileng oona hore re o etse.
5 Jehova o thabela ha ba tšepahalang ba hae ba mamella. Kahoo a re eketseng thabo ea hae ka ho tsoela pele re “tsamaea ’neteng.”