Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
Beke e Qalang ka la 14 August
12 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Bua ka tlaleho ea tšebeletso ea tšimo ea July ea phutheho ea lōna. Ho setse mafelo-beke a mabeli feela ka August, kahoo khothalletsa e mong le e mong hore a kopanele tšebeletsong pele khoeli e fela. Hlahloba kemiso ea mafelo-beke ea liboka tsa tšebeletso ea tšimo.
15 mets: “Loana Ntoa e Ntle ea Tumelo.” Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ’me ho latele puisano ka lipotso le likarabo. Batla litlhaloso tse eketsehileng bukeng ea Tšebeletso ea Rōna, leqepheng la 44-5, ka kamoo bakhanni ba Thuto ea Buka ea Phutheho ba hlophisang mosebetsi oa tšebeletso ea tšimo kateng bakeng sa lihlopha tsa bona ’me ba lebise tlhokomelo ho mang le mang ea hlokang ho thusoa hore a kopanele tšebeletso kamehla le hore a e tlalehe.
18 mets: Kamoo U ka Ruang Molemo ka ho Kena Sekolo. Ntate o bua le bana ba hae ho ba thusa ho ananela hore na ke hobane’ng ha thuto ea lefatše e le molemo. (Bona buka ea Bacha Baa Botsa, leqepheng la 133-9.) Bacha ba bangata ba na le maikutlo a hore ho kena sekolo ke phephetso ea sebele sechabeng sa kajeno se sa laoleheng. Hape ba ikutloa ba borehile, ba fihlela qeto ea hore seo ba ithutang sona se tla ba le molemo o fokolang. Ntate o hlahloba melao-motheo ea Mangolo le mabaka a utloahalang a hore na ke hobane’ng ha e le bohlale ho fumana thuto e lekaneng ea lefatše. O khothalletsa bana ba hae ho ithuta hantle le ho mamela ka tlelaseng.
Pina 127 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 21 August
12 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete. Etsa pontšo e lokiselitsoeng hantle ea tšebeletso ea tšimo e bontšang kamoo ho ka arajoang potso ena kateng: “Ke hobane’ng ha Molimo ea lerato a ka lumella ho hlomoha hore ho tsoele pele halelele hakaale?” (Bona buka ea Ho Bea Mabaka, leqepheng la 132-3.) Khothalletsa e mong le e mong hore a kopanele tšebeletsong bofelong ba beke ena.
8 mets: “Lenaneo le Lecha la Letsatsi le Khethehileng la Kopano.” Puo. Tsebisa letsatsi la kopano e latelang e khethehileng, haeba le se le tsejoa, ’me u khothalletse bohle hore ba be teng letsatsi lohle. Khothalletsa bahoeletsi hore ba meme batho ba sa tsoa thahasella le liithuti tsa Bibele.
25 mets: “Na U Rua Molemo?” Lipotso le likarabo.
Pina 152 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 28 August
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bohle hore ba tlise litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa August. Bakhanni ba Thuto ea Buka ea Phutheho ba lokela ho bonana le e mong le e mong ea sehlopheng sa bona e le hore litlaleho tsohle li be li bokeletsoe ka la 6 September. Bua ka lintlha tse amehang tse lengolong le tsoang ho Mokhatlo le eang ho liphutheho tsohle la la 1 July, 2000, mabapi le ho tlaleha. Tlaleha ka tsoelo-pele e entsoeng tšimong e sa abuoang. Tsebisa phutheho ka litokisetso tsa September. Buisana le a le mong kapa ba babeli ka katleho eo ba e thabetseng ho tla fihlela joale.
15 mets: Litlhoko tsa phutheho.
20 mets: “Liboka li Ruisa Bacha Molemo.” Puisano ea lipotso le likarabo e tsamaisoe ke moholo. Ha le tšohla serapa sa 8, nahana ka lintho tse sebetsang tse khothaletsang ho tsepamisa maikutlo tabeng le ho mamelisisa nakong ea liboka. (Bona Tsoha! ea October 8, 1998, leqepheng la 23-4.) Khothalletsa batsoali hore ba tiee tabeng ea hore bana ba bona ba be teng libokeng tsohle kamehla.—Bona phihlelo e ho Molula-Qhooa oa September 1, 1997, leqepheng la 25.
Pina 176 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 4 September
15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Lebokose la Lipotso. E-re bahoeletsi ba phete liphihlelo tseo ba bileng le tsona ha ba paka ka tsela e sa reroang.
10 mets: Nako ea Rōna e Khethehile. Puo ka moholo, e thehiloeng ho Molula-Qhooa oa November 15, 1996, leqepheng la 22-3.
20 mets: “Na Ua Mamella?” Puo le puisano le bamameli. Khothalletsa bohle hore ba nahane ka katleho ea bona mabapi le ho bonahatsa mamello tšebeletsong ea Bokreste. Haeba bofokoli bo totobala, ho hlokahala hore re imatlafatse moeeng. Kopanyelletsa le litlhaloso tse tsoang ho Molula-Qhooa oa October 1, 1999, leqepheng la 20-1, serapeng sa 17-21. Mema bahoeletsi ba babeli kapa ba bararo ba mameletseng ka botšepehi ka lilemo hore ba phete hore na ba etsa’ng hore ba tiisetse.
Pina 206 le thapelo e koalang.