Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 11/15 maq. 21-23
  • Sebelisa Monyetla Ona o Ikhethang!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sebelisa Monyetla Ona o Ikhethang!
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Etsa Qeto e Bohlale
  • Nako ea Rōna e Khethehile
  • ‘Evangeli e Lokela ho Boleloa Pele’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • “Le ’ne le Batle ’Muso Pele”
    Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
  • Na Tšebeletso e U Loketse?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Na U Sebeletsa Molimo ka Botlalo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 11/15 maq. 21-23

Sebelisa Monyetla Ona o Ikhethang!

PETER o ne a tsoetse pele haholo lithutong tsa hae tsa bongaka ha molaetsa oa Bibele oa poloko o hapa thahasello ea hae. Ha a qeta sekolong ’me a qala ho sebetsa e le ngaka sepetleleng se itseng, baokameli ba hae ba ne ba mo khothalletsa ba sa khaotse hore a ithutele ka ho khetheha ho ba ngaka ea methapo ea kutlo. Ona e ne e le monyetla oo lingaka tse ngata tse ncha li neng li sa tl’o qea-qea ho o sebelisa.

Empa, Petera o ile a etsa qeto ea ho tlohela monyetla ona. Hobane’ng? Na o ne a mpa a se na takatso le tšusumetso tse hlokahalang? Che, hobane Peter o ile a nahana ka hloko ka tlhahiso ena. Ka mor’a ho ba Paki ea Jehova e inehetseng le ho kolobetsoa, o ile a lakatsa ho sebelisa nako e ngata kamoo ho ka khonehang litšobotsing tse sa tšoaneng tsa tšebeletso ea Bokreste. O ile a nahana hore hang ha a tšoanelehela ho ba ngaka ea methapo ea kutlo, mosebetsi oa hae o ne o tla hloka nako le matla tse eketsehileng. Na e ne e le sethoto hore ebe o tetse tebello ee e ikhethang kapa na o ne a le bohlale?

Ho ba bang, ho ka etsahala hore ebe qeto ea Peter e ile ea bonahala e le bothoto. Leha ho le joalo, o ile a nahana ka litemana tsa Bibele tse kang Baefese 5:15, 16. Moo moapostola Pauluse o ile a phehella Bakreste-’moho le eena: “Le lule le lebetse ka tieo hore kamoo le tsamaeang kateng hase joaloka batho ba seng bohlale empa ke joaloka ba bohlale, le ithekela nako e loketseng, hobane matsatsi a khopo.”

Ka kōpo hlokomela polelo “nako e loketseng.” E fetoletsoe ho tloha lentsoeng la Segerike le sebelisitsoeng ka Bibeleng haholo-holo ha ho buuoa ka nako kapa mehla e tšoauoang ka litšobotsi tse itseng kapa e loketseng mosebetsi o khethehileng. Mona Pauluse o ile a hatisa hore Bakreste ba lokela ho ipha nako ea lintho tsa bohlokoa. Ka sebele, ho hlokahala hore ba ‘nepisise lintho tsa bohlokoa.’ (Bafilippi 1:10) Ke taba ea ho hlophisa lintho tse tlang pele.

Joale, he, morero oa bomolimo ke ofe bakeng sa nako ea rōna? Thato ea Molimo ke efe bakeng sa ba mo ratang? Boprofeta ba Bibele bo khetholla ka ho hlaka mehla ea rōna e le ‘nako ea bofelo,’ kapa ‘matsatsi a ho qetela.’ (Daniele 12:4; 2 Timothea 3:1) Ha ho pelaelo hore Kreste Jesu o ile a hlakisa hore na seo e neng e tla ba sa bohlokoa ka ho fetisisa bakeng sa mehla ea rōna ke sefe. Ka ho khetheha o ile a bolela hore pele ho bofelo ba tsamaiso ena e khopo ea lintho, ‘litaba tsena tse molemo tsa ’muso li ne li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle.’ Ke feela ka nako eo bofelo bo neng bo tla tla.—Matheu 24:3, 14.

Ka lebaka leo, ho hlokahala hore re sebelise monyetla o mong le o mong ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso le ho etsa barutuoa. (Matheu 28:19, 20) Kaha mesebetsi ena e ke ke ea hlola e phetoa, ona ke monyetla oa ho qetela oa ho etsa sohle seo re ka se khonang mosebetsing ona o pholosang bophelo. “Joale ke nako e amohelehang ka ho khethehileng.” Ka sebele, “joale ke letsatsi la poloko.”—2 Bakorinthe 6:2.

Ho Etsa Qeto e Bohlale

Peter—mohlankana eo ho buuoeng ka eena qalong—o ile a nahana ka hloko ka qeto ea hae ’me a seka-seka menyetla eo a ka khethang ho eona. O ile a hlokomela hore e ne e ke ke eaba o fositse ha a ithutela ho ba ngaka ea methapo ea kutlo. Empa seo e neng e le sa bohlokoa ka ho fetisisa ho eena e ne e le sefe? E ne e le mosebetsi oa hae tšebeletsong ea Bokreste, a nahana ka ho potlaka ha mosebetsi ona. Ka nako e tšoanang, o ne a e-na le boikarabelo boo a neng a tlamehile ho bo phethahatsa. O ne a nyetse ’me a tlameha ho phelisa mosali oa hae, ea kopanelang mosebetsing oa ho bolela ka nako e tletseng. (1 Timothea 5:8) Hape Peter o ne a tlameha ho lefa melato e mabapi le thuto ea hae. Joale, eaba o etsa qeto efe?

Peter o ile a etsa qeto ea ho ithutela ka ho khetheha ho sebetsana le li-X-ray le ho etsa litlhahlobo tsa ultrasound. Mosebetsi ona ke oo a neng a tla o etsa ka nako ea mosebetsi e tloaelehileng. Hape o ne a tla koetlisoa ka nako ea mosebetsi e tloaelehileng. E, ba bang ba ka ’na ba nka boemo bona e le bo tlaasana, empa bo ne bo tla mo fa nako e eketsehileng eo a neng a tla e sebelisa mesebetsing ea moea.

Ho na le lebaka le leng le ileng la susumelletsa Peter hore a etse qeto ena. Le hoja a sa ahlole ba bang bao e ka ’nang eaba ba entse qeto e fapaneng, o ne a tseba hore ho ameha haholo ka litaba tsa boipheliso ho hlahisetsa Mokreste kotsi. Ho ka etsa hore a hlokomolohe boikarabelo ba moea. Sena se bontšoa ke mohlala o mong o neng o likoloha tabeng ea khiro.

’Moleli e mong oa ’Muso oa nako e tletseng e ne e le moetsi oa litšoantšo ea koetlisitsoeng. O ne a khona ho iphelisa ka ho rekisa litšoantšo tsa hae. Le hoja a ne a nehela boholo ba nako ea hae tšebeletsong ea bohlokoa ka ho fetisisa ea Bokreste, o ne a ka iphelisa ka ho khotsofatsang ka tsela eo. Leha ho le joalo, takatso ea ho tsoela pele ka mosebetsi oa hae oa ho etsa litšoantšo e ile ea qala ho hōla. O ile a kenella haholo lefatšeng la ho etsa litšoantšo le mesebetsi e etsoang ka bokhabane, a tlohela tšebeletso ea nako e tletseng, ’me qetellong a khaotsa ka ho feletseng ho etsa mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso. Qetellong, o ile a kopanela boitšoarong boo e seng ba Mangolo, ka lebaka leo a khaotsa ho ba karolo ea phutheho ea Bokreste.—1 Bakorinthe 5:11-13.

Nako ea Rōna e Khethehile

Re le ba sebeletsang Jehova hona joale, ka sebele re batla ho lula re tšepahala ho eena. Rea tseba hore re phela nakong e ikhethang ka ho fetisisa historing ea motho. E le hore re ka tsoela pele ho sebeletsa Molimo le ho sebetsana ka katleho le maemo a kajeno, ho ka ’na ha hlokahala hore re etse liphetoho tse sa tšoaneng. Re ka bapisa sena le nako ea kotulo bakeng sa molemi. Nako eo ke ea mosebetsi o khethehileng, eo ka eona batho ba sebetsang polasing ba lebeletsoeng ho ikitlaetsa ho feta ka ho tloaelehileng le ho sebetsa nako e teletsana. Hobane’ng? Hobane kotulo e tlameha ho bokelloa ka nako e lekanyelitsoeng.

Ho na le nako e lekanyelitsoeng feela e saletseng tsamaiso ea hona joale e khopo ea lintho. Hona joale ho feta leha e le neng pele, ho hlokahala hore Mokreste oa ’nete a ikitlaelletse ho latela mohlala oa Jesu ’me a tsamaee mehatong ea hae. Tsela ea hae ea bophelo lefatšeng e ile ea bontša ka ho hlaka seo e neng e le sa bohlokoa ka ho fetisisa ho eena. O itse: “Re lokela ho sebetsa mesebetsi ea ea nthomileng ha e sa ntse e le motšehare; bosiu boa tla ba ha ho se motho ea ka sebetsang.” (Johanne 9:4) Ka ho re bosiu boa tla, Jesu o ne a bua ka nako ea teko ea hae, ho khokhotheloa ha hae thupeng le lefu la hae, ha tšebeletso ea hae ea lefatšeng e ne e tla fela ’me a ke ke a khona ho etsa mesebetsi ea Ntate oa hae oa leholimo.

Ka sebele, nakong ea tšebeletso ea hae ea lilemo tse tharo le halofo, Jesu o ile a qeta nako e itseng ea hae a etsa mehlolo ’me a folisa ba kulang. Leha ho le joalo, o ile a sebelisa boholo ba nako ea hae bakeng sa ho bolela molaetsa oa ’Muso le ho “bolella baholehuoa [ba bolumeli ba bohata] tokollo.” (Luka 4:18; Matheu 4:17) Jesu o ile a leka ka matla ho etsa tšebeletso ea hae hape a nka nako ho koetlisa barutuoa ba hae e le hore ba ka haha holim’a motheo oo a neng a o ralile le ho tsoela pele ka mosebetsi oa ho bolela ka katleho. Jesu o ne a sebelisa monyetla o mong le o mong ho ntšetsa pele lithahasello tsa ’Muso ’me o ne a batla hore barutuoa ba hae ba etse se tšoanang.—Matheu 5:14-16; Johanne 8:12.

Joaloka Jesu, rōna bao re leng balateli ba hae ba kajeno ho hlokahala hore re bone boemo ba moloko oa batho joalokaha Jehova Molimo a bo bona. Nako ea tsamaiso ena ea lintho ea fela, ’me Molimo ka mohau o batla hore bohle ba be le monyetla oa ho bolokeha. (2 Petrose 3:9) Ka lebaka leo, na e ne e ke ke ea e-ba ho bohlale ho beha lithahasello tse ling tsohle ka mor’a ho etsoa ha thato ea Jehova? (Matheu 6:25-33) Haholo-holo nakong e khethehileng joaloka ena, ntho eo ka tloaelo e neng e tla nkoa e le ea bohlokoa ho ka etsahala hore e se be ea bohlokoa hakaalo bophelong ba rōna re le Bakreste.

Na leha e le mang ho rōna le ka mohla a ka ikoahlaela ho etelletsa thato ea Molimo pele bophelong ba hae? Che ka sebele, hobane tsela ea Bokreste ea boitelo e putsa ka ho tsotehang. Ka mohlala, Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae: “Kannete ke re ho lōna, Ha ho le ea mong ea siileng ntlo kapa barab’abo kapa baralib’abo kapa ’mè kapa ntate kapa bana kapa masimo ka lebaka la ka le ka lebaka la litaba tse molemo ea se nang ho fumana halekholo hona joale nakong ena, matlo le barab’abo le baralib’abo le bo-’mè le bana le masimo, hammoho le mahloriso, ’me tsamaisong ea lintho e tlang bophelo bo sa feleng.”—Mareka 10:29, 30.

Ha ho motho ea ka lekanyetsang ka chelete meputso e thabeloang ke ba sebelisang nako ea bona ho rorisa Jehova le ho bolela molaetsa oa ’Muso. Ba thabela litlhohonolofatso tse ngata haholo! Tsena li akarelletsa metsoalle ea sebele, khotsofalo ea ho etsa thato ea Molimo, kamohelo e mofuthu ea Molimo, le tebello ea bophelo bo sa feleng. (Tšenolo 21:3, 4) ’Me ho thusa batho moeeng le ho tlisa tlhompho lebitsong le halalelang la Jehova re le Lipaki tsa hae ke tlhohonolofatso e kaakang! Ha ho pelaelo hore ho “ithekela nako e loketseng” ka sebele ke tsela e bohlale le e putsang. Hona joale ho feta leha e le neng pele ke nako ea ho kopanela boboleling ba litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Na u tla sebelisa monyetla oo o ikhethang le ho o khomarela?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lebitso le fetotsoe.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela