Sebelisa Liketsahalo Tsa Morao-rao ho Tsosa Thahasello
1 Na u ka rata ho ba le mohloli o sa khaotseng oa likhopolo tse ntle tse tla etsa hore tšebeletso ea hao e lule e khatholla ’me e hapa thahasello ea batho molaetseng oa Bibele? Joale sebelisa se etsahalang lefatšeng le tikolohong ea heno ho qala moqoqo. U ka fumana litaba liketsahalong tsa morao-rao tsa hōle le haufi kapa litabeng tsa machaba. Lintho tsena li lula li fetoha. (1 Bakor. 7:31) Nahana ka mehlala e latelang.
2 Batho ba amehile haholo ka mathata a moruo le theko ea lintho. Kahoo, u ka ’na ua re:
◼ “Na u utloile litabeng hore theko ea [bolela ntho eo] e phahama hape?” Kapa u ka ’na ua bua ka ho hloka mesebetsi haeba k’hamphani e khōlō e lelekile basebetsi ba bangata. Ho itšetlehile ka hore na u batla ho ntšetsa puisano pele joang, u ka latela ka ho botsa potso ena, “Na u kile ua ipotsa hore na ke hobane’ng ha ho le thata hakaale ho iphelisa?” kapa “Na u nahana hore kamehla ho tla ’ne ho be thata ho iphelisa?”
3 Litlaleho tsa pefo, tse kang likoluoa malapeng kapa har’a liithuti tsa sekolo, e ka ba motheo oa puisano e ’ngoe. U ka botsa:
◼ “Na u balile koranteng hore [bolela koluoa e tikolohong eo]?” Joale ebe u botsa potso ena “U nahana hore sesosa sa pefo e kaale lefatšeng ke eng?” kapa “Na u nahana hore ho tla ke ho be le nako eo re tla ke re ikutloe re sireletsehile?”
4 Litaba tsa meroallo e senyang, litšisinyeho tsa lefatše, kapa ho hloka botsitso ha baahi likarolong tse sa tšoaneng tsa lefatše, le hona ho fana ka boitsebiso bo tsosang thahasello. Ka mohlala, u ka ’na ua botsa:
◼ “Na Molimo oa ikarabella bakeng sa [bolela koluoa ea tlhaho]?” Kapa u ka bua ka ho qhoma ha morao-rao ha ho hloka botsitso sechabeng ’me ua re: “Haeba e mong le e mong a batla khotso, ke hobane’ng ha ho le thata hakaale ho e finyella?”
5 Lula u falimehetse liketsahalo tsa morao-rao tseo u ka li sebelisang kenyelletsong ea hao. Litlhahiso tse thusang li fumanoa tlas’a “Liketsahalo Tsa Morao-rao,” leqepheng la 10-11, bukeng ea Ho Bea Mabaka. Leha ho le joalo, qoba ho jela paate litabeng tsa lipolotiki kapa tsa baahi. Ho e-na le hoo, lebisa tlhokomelo Mangolong le ’Musong oa Molimo e le oona feela tharollo ea ka ho sa feleng mathateng a moloko oa batho.