Ho Etsa Mosebetsi oa Boboleli Lefatšeng le Feto-fetohang
1 Lintho li ka fetoha kapele-pele! Ka ho panya ha leihlo, batho ba ka iphumana ba se ba bua ka koluoa ea tlhaho, ho oa ha moruo, morusu oa lipolotiki kapa ketsahalo e ’ngoe e tsebahalang. Leha ho le joalo, kapele ka mor’a moo, batho ba ka lebisa tlhokomelo ea bona nthong e ’ngoe. (Lik. 17:21; 1 Bakor. 7:31) Lefatšeng lee le feto-fetohang, re ka hapa thahasello ea batho joang ka morero oa ho bua le bona ka molaetsa oa ’Muso?
2 Lemoha Lintho Tseo Batho ba Tšoenyehileng ka Tsona: Tsela e ’ngoe ea ho hapa thahasello ea batho ke ka ho bua ka liketsahalo tsa morao-rao. Ka lekhetlo le leng ha Jesu a ne a khothalletsa bamameli ba hae ho nahana ka ho teba ka kamano ea bona le Molimo, o ile a bua ka liketsahalo tse sehlōhō tsa morao-rao tse neng li ntse li luma ka likelellong tsa bona. (Luka 13:1-5) Ka mokhoa o tšoanang, ha re bolela litaba tse molemo, re tla be re etsa hantle ha re ka kopanyelletsa taba e ’ngoe ea morao-rao kapa ntho e ’ngoe e amang bophelo ba batho ba tšimong ea rōna. Leha ho le joalo, ha re bua ka litaba tse joalo, re lokela ho ba hlokolosi hore re se nke lehlakore litabeng tsa lipolotiki kapa tsa sechaba.—Joh. 17:16.
3 Re ka tseba taba ea morao-rao eo batho ba nahanang ka eona joang? Mohlomong tsela e molemohali ke ho botsa potso ’me ka mor’a moo re mamele. (Mat. 12:34) Ho thahasella batho ho tla re susumelletsa ho lemoha maikutlo a bona le hore ka bohlale re etse lipatlisiso tse eketsehileng. Ho ka ’na ha etsahala hore mong’a ntlo a bue ntho eo batho ba bangata ba sebakeng seo ba tšoenyehileng ka eona ’me seo se ka fana ka monyetla oa ho fana ka bopaki.
4 Ho Lokisetsa Nehelano: Ha re lokisetsa tšebeletso ea tšimo lefatšeng lena le feto-fetohang, re ka sebelisa buka ea Ho Bea Mabaka. Litlhahiso tse sebetsang tsa kamoo re ka kopanyelletsang liketsahalo tsa morao-rao nehelanong ea rōna li fanoe leqepheng la 10-11, tlas’a sehlooho se reng “Bokebekoa/Tširelo” le se reng “Liketsahalo Tsa Morao-rao.” Boitsebiso bo tšoanang bo ka fumanoa Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea September 2000, leqepheng la 3. Ha u lokisetsa nehelano, etsa bonnete ba hore u kopanyelletsa lengolo le loketseng.
5 Ha re ntse re lemoha lintho tse feto-fetohang tseo batho ba tšimong ea rōna ba tšoenyehileng ka tsona, le rōna re lokela ho feto-fetola nehelano ea rōna ea litaba tse molemo ho ikamahanya le maemo. Ka tsela eo, re tla be re bua le batho ka seo ba amehileng ka sona. Ka ho etsa joalo, re tla thusa ba bangata ka ho eketsehileng ho tseba Eo litšobotsi tsa hae le melao ea hae li sa fetoheng.—Jak. 1:17