Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/00 leq. 1
  • Tsoelang Pele le Bolela!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsoelang Pele le Bolela!
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsoelang Pele Le Bolela ka ’Muso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • “E-eang ’me le Etse Batho ba Lichaba Tsohle Barutuoa”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Tsoela Pele U Bolela?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Ke Hobane’ng ha re Tsoela Pele ho Khutlela?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
km 11/00 leq. 1

Tsoelang Pele le Bolela!

1 Ke thato ea Molimo hore “mefuta eohle ea batho e pholohe ’me e fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.” (1 Tim. 2:4) Ka lebaka lena o re abetse ho bolela litaba tse molemo. (Mat. 24:14) Haeba re utloisisa hore na ke hobane’ng ha re lokela ho tsoela pele re bolela, ho nyahama leha e le hofe kapa ntho e ka ’nang ea e-ba tšitiso ho rōna e ke ke ea re thibela.

2 Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Phehella? Ho na le litšitiso tse ngata lefatšeng tse etsang hore batho ba lebale kapa ba nke seo re ba bolellang sona habobebe. Kahoo re tlameha ho ’na re ba hopotsa ka molaetsa oa Molimo oa poloko. (Mat. 24:38, 39) Ho phaella moo, maemo bophelong ba batho a lula a ntse a fetoha. Esita le maemo a lefatše a ka fetoha hampe ka tšohanyetso. (1 Bakor. 7:31) Hosane, bekeng e tlang, kapa khoeling e tlang, batho bao re ba pakelang ba ka ’na ba tobana le mathata a macha kapa lintho tseo ba amehileng ka tsona tse ba etsang hore ba nahane ka ho teba ka litaba tse molemo tseo re ba tlisetsang tsona. Na ha u lebohe hore ebe Paki e ileng ea u tlisetsa ’nete e ne e phehella?

3 Ho Etsisa Mohau oa Molimo: Ka mamello Jehova o lumelletse hore ho fete nako pele a liha kahlolo ho ba khopo. O ’nile a re sebelisa, ha a ipiletsa ho ba lipelo li lokileng hore ba khutlele ho eena ’me ba pholohe. (2 Pet. 3:9) Re ne re tla ba molato oa mali haeba re ne re sa bolelle batho molaetsa oa Molimo oa mohau le ho ba lemosa ka kahlolo e tlang ea Molimo ho bohle ba sa furalleng litsela tsa bona tse mpe. (Ezek. 33:1-11) Le hoja boboleli ba rōna bo sa amoheloe hantle kamehla, le ka mohla ha rea lokela ho khoehlisa ho etseng boiteko leha e le bofe ho thusa ba tšepahalang ho ananela mohau oa Molimo o moholo.—Lik. 20:26, 27; Baroma 12:11.

4 Ho Bontša Lerato la Rōna: Ke Jehova Molimo, ka Jesu Kreste, ea laetseng hore litaba tse molemo li boleloe lefatšeng lohle. (Mat. 28:19, 20) Esita leha batho ba hana ho mamela, re na le monyetla oa ho bontša lerato la rōna le boinehelo ba rōna ho Molimo ka ho phehella ho etsa se nepahetseng.—1 Joh. 5:3.

5 E se eka re ka lula re ikemiselitse ho bolela! A re etseng joalo ka cheseho ha e sa ntse e le ‘letsatsi la Jehova la poloko.’—2 Bakor. 6:2.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela