Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 2/02 leq. 8
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Tsoela Pele U Bolela?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Tsoela Pele U Bolela?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsoelang Pele Le Bolela ka ’Muso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • “E-eang ’me le Etse Batho ba Lichaba Tsohle Barutuoa”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • “U ba Bolelle Lentsoe Lena”
    Molimo o Bua le Rōna ka Jeremia
  • Lebaka Leo re Lulang re Khutlela ka Lona
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
km 2/02 leq. 8

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Tsoela Pele U Bolela?

1 Na mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso o entsoe ka nako e telele motseng oa heno? (Mat. 24:14) Haeba ho joalo, u ka ’na ua ba le boikutlo ba hore tšimo ea phutheho ea heno e sebelitsoe ho lekana. Joale ha u bolela, mohlomong batho ba bangata bao u kopanang le bona ba bonahala ba sa thahaselle molaetsa oa ’Muso. Leha ho le joalo, hlokomela se boleloang ka barutuoa ba Jesu ba ’nete leqepheng la 141 la buka ea Boprofeta ba Esaia II: “Libakeng tse ling, ho ka ’na ha bonahala eka litholoana tsa mosebetsi oa bona ke tse sa reng letho ha li bapisoa le mosebetsi le boiteko boo ba bo etsang. Leha ho le joalo, baa mamella.” Empa ke hobane’ng ha re tsoela pele ho bolela?

2 Hopola Jeremia: Ho mamella ha rōna ka botšepehi mosebetsing oa rōna oa ho bolela ha hoa lokela ho itšetleha ka hore na batho baa re mamela kapa che. Jeremia o ile a bolela ka lilemo tse 40 tšimong e le ’ngoe le hoja a ne a mameloa ke ba seng bakae feela ’me ba bangata ba le khahlanong le molaetsa oa hae. Ke hobane’ng ha Jeremia a ile a mamella? Hobane o ne a etsa mosebetsi oo Molimo a mo laetseng hore a o etse, hape, ho tseba ha hae se neng se tla etsahala nakong e tlang ho ile ha mo susumelletsa hore a tsoele pele ho bua.—Jer. 1:17; 20:9.

3 Boemo ba rōna boa tšoana. Jesu o ‘re laetse hore re bolelle batho le ho fana ka bopaki bo phethahetseng ba hore Enoa ke eena ea laetsoeng ke Molimo hore e be moahloli oa ba phelang le oa bafu.’ (Lik. 10:42) Molaetsa oo re o bolelang ke taba ea bophelo le lefu ho ba o utloang. Batho ba tla ahloloa motheong oa hore na ba arabela joang litabeng tse molemo. Ha ho le joalo, re na le boikarabelo ba ho etsa hantle kamoo re laetsoeng kateng. Leha batho ba hana ho mamela, ba re fa monyetla oa ho bontša botebo ba lerato la rōna ho bona le ba boinehelo ba rōna ho Jehova ka ho phehella ho etsa seo re lokelang ho se etsa. Empa ho na le se eketsehileng.

4 Re Rua Molemo: Ho etsa thato ea Molimo ho sa tsotellehe hore na karabelo ke efe tšimong, ho re fa khotso ea kelello, khotsofalo le thabo tse ke keng tsa fumanoa ka tsela leha e le efe e ’ngoe. (Pes. 40:8) Bophelo ba rōna bo ba le morero oa sebele. Ha re kopanela tšebeletsong haholoanyane, lipelo tsa rōna le likelello li tsepama tšepong le thabong ea ho phela lefatšeng le lecha la Molimo. Ho nahana ka ho teba ka litšepiso tsena tsa Mangolo ho ntlafatsa bomoea ba rōna ’me ho matlafatsa kamano ea rōna le Jehova.

5 Le haeba re sa bone liphello tsa kapele mosebetsing oa rōna oa ho bolela, ho ka etsahala hore ebe peō ea ’nete e jetsoe pelong ea motho ea itseng ’me e tla mela ka nako ea Jehova e loketseng. (Joh. 6:44; 1 Bakor. 3:6) Ha ho le ea mong ho rōna ea tsebang hore na ke ba bakae ba sa ntseng ba tla ithuta ka ’Muso ka lebaka la boiteko ba batho ba Jehova, ebang ke sebakeng sa heno kapa lefatšeng ka bophara.

6 Ho feta leha e le neng pele, re lokela ho ela hloko taelo ea Jesu e reng: “Lulang le talimile, le lule le falimehile, kaha ha le tsebe hore na nako e behiloeng e tla ba neng. Empa seo ke le bolellang sona ke se bolella bohle, Le lule le lebetse.” (Mar. 13:33, 37) Ka hona, e se eka kaofela ha rōna re ka tsoela pele ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso, re thabise pelo ea Jehova ha re ntse re halaletsa lebitso la hae le leholo le le halalelang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela