Itokisetse ho Ithuta Boprofeta ba Esaia!
1 “Barapeli ba tšepahalang ba ka kholiseha hore Jehova . . . ha a na ho lumella lefatše la Satane hore le tsoele pele leha e le ka letsatsi le le leng feela halelele ho feta kamoo toka e hlokang kateng.” Ke polelo e khothatsang hakaakang! E qotsitsoe hokae? Bukeng ea Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong Oohle oa Batho I. Na boprofeta ba Esaia bo re fa lebaka la ho fihlela qeto e joalo e thabisang? E! Bukeng eo ea Bibele, taba ea poloko e hlaha e hlakile e bile e utloahala. (Esa. 25:9) Ke ka lebaka leo e tla ba khothatso e khōlō ho rōna ho ithuta karolo ena ea Lentsoe la Molimo Thutong ea Buka ea Phutheho. Na re tla ba teng ho e thabela beke e ’ngoe le e ’ngoe? Ke hobane’ng ha re lokela ho ba teng?
2 Ho Esaia 30:20, Jehova o bitsoa ‘Morupeli oa rōna e Moholo.’ Mokreste e mong le e mong o lokela ho mamela ka hloko ha Jehova a bua le rōna ka Lentsoe la hae le ka lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng tse lokiselitsoeng ke “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Mat. 24:45; Esa. 48:17, 18) Ka sebele sena ke ’nete ka buka ena ea Boprofeta ba Esaia I. U ka rua molemo ho eona joang?
3 Itokisetse ho ba le Seabo: Behella ka thōko nako e lekaneng beke e ’ngoe le e ’ngoe hore u lokisetse thuto ea buka. Bala boitsebiso bo serapeng se seng le se seng. Nahana ka potso e ’ngoe le e ’ngoe e hatisitsoeng. Tšoaea likarabo bukeng ea hao. Litemana tse qotsitsoeng ho Esaia li ngotsoe ka mongolo o motenya o motšo. Li bale ka hloko. Ha e le ka mangolo a mang a boletsoeng, a phetle u bone hore na a amana joang le boitsebiso boo. Thuisa ka seo u ithutang sona. Joale ebe u arolela sehlopha sa thuto ea hao ea buka lintlha tseo u li fumaneng ha u lokisetsa.
4 Mor’abo rōna ea khannang thuto ea buka o lokela ho thusa bohle ba teng hore ba sebelise Bibele hamolemo le ho ananela bohlokoa ba boitsebiso bo akaretsoang. Haeba u suptjoa hore u fane ka tlhaloso pele, fana ka karabo e bonolo le e tobileng. Haeba ho e-na le ea seng a entse joalo, u ka hahella holim’a ntlha eo ho buisanoang ka eona. Mohlomong u ka bontša kamoo lengolo la sehlooho le tšehetsang sehlooho seo kateng. Leka ho hlalosa ka mantsoe a hao, ’me u thabele monyaka oa ho kopanela puisanong eo.
5 A re hlahlobeng ka cheseho hammoho molaetsa oa bohlokoa o bukeng ena ea Esaia. O tla re khothalletsa ho phela letsatsi le leng le le leng re lebeletse ka thabo poloko ea Jehova!—Esa. 30:18.