Re Tla Ithuta Buka Ea Thabo Ea Lelapa
Le tla thabela ho tseba hore ho qala ka beke ea la 6 October, 1997, re tla ithuta buka ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa Thutong ea Buka ea Phutheho. Ha ho ea tla rata ho fosoa ke monyetla oa ho ba teng thutong ea buka eo ho eona ho tla sebelisoa tataiso ena e sebetsang ea Mangolo bakeng sa bophelo ba lelapa bo thabileng. Kemiso ea thuto e tla lumella tlhahlobo e feletseng ea serapa ka seng le litemana tsa Bibele tse bukeng.
Bekeng ea pele, ho tla ithutoa khaolo eohle ea pele kaha e na le mangolo a ’maloa a sa qotsoang. Ka lebaka le tšoanang, khaolo ea 15 e tla ithutoa kaofela ka nako e le ’ngoe. Leha ho le joalo, likhaolo tse ling kaofela li tla aroloa likarolo tse peli, ’me ho tla ithutoa hoo e ka bang halofo ea khaolo beke ka ’ngoe. Ka hona, ho tla ba le nako e lekaneng ea ho bala le ho tšohla mangolo ’ohle a bontšitsoeng a sa qotsoang esita le ho hlahloba ka hloko tšebeliso ea mangolo ’ohle a qotsitsoeng serapeng ka seng.
Tšobotsi ea bohlokoa ea thuto ena e tla ba puisano ka boitsebiso bo lebokoseng le rutang qetellong ea khaolo ka ’ngoe. Ka lebaka leo, ho lokela hore ho fanoe ka nako e lekaneng ho tšohla lipotso le mangolo a bontšitsoeng a sa qotsoang lebokoseng.
Bakhanni ba Thuto ea Buka ea Phutheho ba khothalletsoa ho hlokomela ka matla hore na ba lokisetsa thuto ena joang le ho khothalletsa bohle ba leng lihlopheng tsa bona, ho akarelletsa le ba bacha, hore ba lokisetse hantle, hore ba be teng kamehla le hore ba nke karolo.—om-SU 74-6.