Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 3/00 leq. 8
  • Ho Ithuta Boprofeta ba Daniele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Ithuta Boprofeta ba Daniele
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Buka ea Daniele le Uena
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
  • Jehova o Tšepisa Daniele Moputso o Babatsehang
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
  • Daniele—Buka ea ’Nete ea Boprofeta
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Re Tla Ithuta Buka Ea Thabo Ea Lelapa
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
km 3/00 leq. 8

Ho Ithuta Boprofeta ba Daniele

1 Ho qala bekeng ea la 17 April, re tla ithuta buka ea Ela Hloko Boprofeta ba Daniele! Thutong ea Buka ea Phutheho. Ba bangata ba se ba balile buka ena e hlollang, empa joale re na le monyetla oa ho thabela melemo e tsoaloang ke puisano ea sehlopha ka boitsebiso bona. Bahoeletsi bohle, batho ba thahasellang le bana baa mengoa, e, ba khothalletsoa hore ba be teng beke e ’ngoe le e ’ngoe bakeng sa thuto ena e tebileng ea buka ea Bibele ea Daniele.—Deut. 31:12, 13.

2 Kemiso ea Thuto le Litaelo: Kemiso e feletseng ea thuto bakeng sa buka ea Boprofeta ba Daniele e kentsoe tokollong ena ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Etsa bonnete ba hore u ipolokela kopi ea eona bukeng ea hao ea thuto. Kemiso ena e bontša khaolo le lirapa tsa buka ena hammoho le litemana tsa Daniele tse tlang ho tšohloa kemisong e ’ngoe le e ’ngoe ea beke. Mongolo o botlaaseng ba leqephe o hlalosa hore na bo bong ba boitsebiso bo bukeng ena bo tla hlahlojoa joang hona neng. Qetellong ea thuto ea beke ka ’ngoe, mokhanni o khothalletsoa ho hlahloba le sehlopha litemana tse tobileng tsa Daniele tse thathamisitsoeng kemisong ea beke eo. Ha nako e lumela, litemana tseo li ka baloa ’me tsa hlalosoa. Litemana tse ling li tla fetela bekeng e ’ngoe ka lebaka la tlhahlobo e tsoelang pele ea hore na li sebetsa joang.

3 Lokisetsa Bakeng sa Thuto e Kenelletseng: Ho entsoe boiteko ba hore ho be le nako e lekaneng beke ka ’ngoe bakeng sa hore ho be le puisano e iketlileng ea boitsebiso bo abiloeng. Lithuto tse ’nè li batla li le khutšoanyane. Kahoo, qetellong ea thuto bekeng ea la 5 June, mokhanni a ka ’na a kopanyelletsa le tlhahlobo ea Daniele 2:1-40. Bakeng sa beke ea la 26 June, a ka ’na a hlahloba Daniele 3:1-30. Beke ea la 4 September e lokela ho kopanyelletsa le puisano e kenelletseng ka litšoantšo le mangolo leqepheng la 139. Chate e leqepheng la 188 le 189 e lokela ho tšohloa thutong bekeng ea la 2 October.

4 Lokisetsa thuto hantle beke e ’ngoe le e ’ngoe, ’me u thabele ho kopanela ho eona. Ananela tokelo ea hao ea ho kopanela le mokhatlo o hlophisitsoeng o bonahalang oa Jehova le ho rua molemo temohong le kutloisisong tse fanoeng ke batlotsuoa ba hae ba tšepahalang. (Dan. 12:3, 4) Ka mosa khothalletsa ba bang ho ba teng thutong ea buka kamehla. E se eka kaofela ha rōna re ka ela hloko lentsoe la Molimo la boprofeta joalokaha le senotsoe bukeng ea Daniele e hlollang.—Baheb. 10:23-25; 2 Pet. 1:19.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela