Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/01 leq. 4
  • Na ke Tšitiso Boboleling?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ke Tšitiso Boboleling?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Na U Nthata ho Feta Tsee?”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • “Le ’ne le Batle ’Muso Pele”
    Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
  • Bona se Molemo Bakeng sa Mosebetsi oa Hao o Thata
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
  • Na U Tšoarehile Haholo?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
km 9/01 leq. 4

Na ke Tšitiso Boboleling?

1 Batho ba bangata ba phathahane bophelong. Lipaki tsa Jehova li har’a ba phathahaneng ka ho fetisisa—li ithuta Lentsoe la Molimo, li ea libokeng tsa phutheho, le ho ea tšebeletsong ea tšimo. Ho ekelletsa moo, re phathahantsoe ke mosebetsi oa boipheliso, mosebetsi oa ntlo kapa mosebetsi oa sekolo le boikarabelo bo bong bo bongata, ’me lintho tsena kaofela li hloka nako. Lihlooho tsa malapa ke tsona tse imetsoeng ka ho fetisisa.

2 Ka lebaka la mathata a lichelete libakeng tse sa tšoaneng, bao e leng lihlooho tsa malapa ba ka ’na ba tlameha ho sebetsa nako e telele le ka thata e le hore ba ka hlokomela malapa. Ha ho hlokahala hore ba qete boholo ba nako ea bona le matla mesebetsing ea boipheliso, ha ba na nako e lekaneng le matla bakeng sa mosebetsi oa ho bolela. Kaha ba tlameha ho hlokomela malapa a bona nameng, ba bang ba ka ’na ba ba le maikutlo a hore ba ka ba le karolo e fokolang feela tšebeletsong. (1 Tim. 5:8) Ke ’nete hore kajeno ho na le likhatello tse ngata tse amanang le ho fumana lintho tse hlokahalang bophelong. Empa ha ho hlokahale hore mosebetsi oa boipheliso o sitise motho ho bolela litaba tse molemo. (Mar. 13:10) Kahoo, re lokela ho hlahloba boemo ba rōna.

3 Kaha boemo ba lefatše bo fetoha ka linako tsohle, hlooho ea lelapa e ka ’na ea e-ba le tšekamelo ea ho qeta nako e ngata haholo mosebetsing, ka sepheo sa ho boloka chelete haeba ho ka hlaha mathata a sa lebelloang. (1 Bakor. 7:31) Le hoja ho ka ’na ha bonahala eka ho etsa mosebetsi oa boipheliso ka nako e eketsehileng ho eketsa lintho tse bonahalang kapa menyetla ea boikhathollo le boithabiso, na see se tla etsa hore lelapa le thabe le ho khotsofala haholoanyane haeba se etsoa ka nako ea lintho tsa moea le ea liboka? Ka sebele re ka rata ho qoba ntho efe kapa efe e ka behang bomoea ba rōna kotsing. Ho ela hloko keletso ea Jesu ea ho ‘boloka matlotlo leholimong’ le ho “ruela ho Molimo” ke tsela e bohlale.—Mat. 6:19-21; Luka 12:15-21.

4 Batla Lithahasello Tsa ’Muso Pele: Jesu o rutile balateli ba hae ho etelletsa lintho tsa moea ka pele ho ntho e ’ngoe le e ’ngoe. O ile a ba phehella: “Le ka mohla le se ke la tšoenyeha ’me la re, ‘Re tla ja’ng?’ kapa, ‘Re tla noa’ng?’ kapa, ‘Re tla apara’ng?’” Ke hobane’ng ha a ne a rialo? O ile a hlalosa: “Etsoe Ntat’a lōna oa leholimo oa tseba hore le hloka lintho tsena tsohle.” Haeba re kholisehile ka seo e le kannete, ho ke ke ha e-ba le tšitiso e tla re thibela ho etsa seo Jesu a ileng a se bua ka mor’a moo ha a re: “Joale, le ’ne le batle ’muso pele le ho loka ha hae, ’me lintho tsena tse ling tsohle [tse bonahalang tseo le li hlokang] le tla li ekeletsoa.” Molimo o tla etsa hore ho fele ho be joalo! (Mat. 6:31-33) Ka sebele ena hase nako ea ho sitisoa ke ho tšoenyeha ka ho sa hlokahaleng ka ho iphelisa kapa ka ho lakatsa ho iketla tsamaisong ena e tla tloha e feta.—1 Pet. 5:7; 1 Joh. 2:15-17.

5 Morero o ka sehloohong oa mosebetsi oa boipheliso ke hore motho a fumane seo a se hlokang nameng. Empa re hloka se sekae? Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Ha re e-na le lintho tsa ho iphelisa le liaparo le tšireletso, re tla li khotsofalla.” Na re leka ho fumana se fetang seo? Haeba ho joalo, e ka ’na eaba re kotula seo Pauluse a lemositseng ka sona ha a re: “Ba ikemiselitseng ho rua ba oela molekong le lerabeng le litakatsong tse ngata tse se nang kelello le tse kotsi, tse lihelang batho timetsong le tšenyehong.” (1 Tim. 6:8, 9; Mat. 6:24; Luka 14:33) Re ka bona joang hore re sitisoa ke litakatso tse feteletseng?

6 Haeba ka lebaka la ho phehella lintho tsa lefatše re kopanela tšebeletsong ea tšimo nako e fokolang kapa re hlōleha ho bona ho hlokahala hore re itele ka lebaka la litaba tse molemo, joale ho hlokahala hore re fetole lintho tseo re li etelletsang pele. (Baheb. 13:15, 16) Ho phela bophelo bo itekanetseng haholoanyane ho tla thusa haholo ho tlosa sena se re sitisang ho bolela. Lithahasello tsa ’Muso li lokela hore kamehla e be tsona tse tlang pele tabeng ea ho sebelisa nako ea rōna le matla.

7 Mosebetsi oo e Seng oa Lefeela: Mantsoe a Pauluse a re khothalletsa hore kamehla re be “le ho hongata hoo [re] ka ho etsang mosebetsing oa Morena, [re] tseba hore mosebetsi oa [rōna] hase oa lefeela mabapi le Morena.” (1 Bakor. 15:58) ‘Mosebetsi oa Morena’ o ka sehloohong ke ho bolela ka ’Muso le ho etsa barutuoa. (Mat. 24:14; 28:19, 20) Hore re be le karolo e feletseng kamoo re ka khonang, re lokela ho etsa kemiso ea ho ea tšebeletsong ea tšimo beke ka ’ngoe ’me re leke ka matla hore re se ke ra sebelisa nako eo bakeng sa mosebetsi ofe kapa ofe o mong. (Baef. 5:15-17) Joale, mosebetsi oa boipheliso kapa ntho efe kapa efe e ’ngoe e ke ke ea re sitisa tšebeletsong ea rōna.

8 Ha re itella ho bolella ba bang linnete tsa Bibele, re ba le thabo e fetisisang e tlisoang ke ho fana. (Lik. 20:35) Ka ho phehella ho bolela ka ’Muso, re ka lebella bokamoso ka kholiseho, “etsoe Molimo hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa [rōna] le lerato leo [re] ileng [ra] le bontša bakeng sa lebitso la hae.”—Baheb. 6:10.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela